Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Ha mantsoe ana ’ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomalimabe tseo ke li behileng ka pel’a lona+ ’me le ikhopotsa*+ ’ona le le har’a lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 ’me le khutlela ho Jehova Molimo oa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+

  • Pesaleme 106:47
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 47 Re pholose, Jehova Molimo oa rona.+

      U re phuthe lichabeng+

      E le hore re ka rorisa lebitso la hao le halalelang

      Re be re u rorise re thabile.+

  • Esaia 66:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ba tla tlisa bana ba bo lona kaofela ho tsoa lichabeng tsohle+ e le mpho ho Jehova ba palame lipere, likariki, likoloi, limmoulo le likamele, ho nyolohela thabeng ea ka e halalelang, Jerusalema feela joalokaha batho ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova,” ke Jehova ea chong.

  • Ezekiele 36:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ke tla le ntša lichabeng ke be ke le phuthe linaheng tsohle, ke le khutlisetse naheng ea lona.+

  • Mikea 2:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ke tla le bokella kaofela, lona litloholo tsa Jakobo.

      Ke tla bokella ba setseng ba Iseraele.+

      Ke ba bokelle joaloka linku lesakeng

      Le joaloka mohlape o fulang hammoho.+

      Ho tla tlala lerata la batho.’+

  • Zakaria 8:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 “Jehova oa mabotho o re, ‘Ke pholosa batho ba ka linaheng tse ka bochabela le tse ka bophirimela.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela