-
Joshua 1:7, 8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 U be sebete ’me u be matla haholo ’me u latele Molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona. U se ke oa u kheloha, oa ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali+ e le hore u ka etsa lintho ka bohlale hohle moo u eang teng.+ 8 Buka ena ea Molao e se ke ea tloha molomong oa hao.+ U e bale ka lentsoe le tlase* bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona.+ Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.+
-
-
Pesaleme 119:100Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
100 Ke etsa lintho ka bohlale ho feta banna ba holileng
Hobane ke mamela litaelo tsa hao.
-
-
2 Timothea 3:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Leha ho le joalo, u se ke oa khaotsa ho lumela lintho tseo u li rutiloeng le tseo u ileng oa kholiseha hore ke ’nete+ kaha oa tseba hore na u ithutile tsona ho bo-mang. 15 Hape oa tseba hore u tsebile lingoloa tse halalelang+ u sa le lesea.+ Lingoloa tseo li khona ho u hlalefisa e le hore u tle u pholosoe ka hore u lumele ho Kreste Jesu.+
-