26 U tšepahalla motho ea tšepahalang.+
Ea se nang molato, u mo tšoara ka toka.+
27 Ha motho a le molemo u tla mo etsetsa se molemo+
Empa u sebetsana le ea bolotsana ka bohlale.+
28 U pholosa ba ikokobelitseng+
Empa ha u rate ba ikhohomosang ’me oa ba kokobetsa.+
29 Jehova, u lebone la ka.+
Ke Jehova ea nkhantšetsang lefifing.+
30 Ka thuso ea hao nka hlola lebotho la masole,
Ka matla a Molimo nka hloa lerako.+
31 Lintho tsohle tseo Molimo oa ’nete a li etsang li phethahetse.+
Polelo ea Jehova e hloekile.+
Ke thebe ho bohle ba balehelang ho eena.+