-
Pesaleme 30:5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Leha ho ka ba le sello mantsiboea, hoseng ho ba le thabo.+
-
-
Esaia 61:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
61 Moea oa Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o holim’a ka+
Hobane Jehova o nkhethetse* hore ke bolelle ba bonolo+ litaba tse monate.
O nthometse hore ke tlamise lipelo tsa ba utloileng bohloko,
Ke phatlalatse tokoloho ho batšoaruoa
Le ho tutubolla mahlo a batšoaruoa,+
2 Ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa mohau*
Le letsatsi la phetetso la Molimo oa rona,+
Ho tšelisa bohle ba utloileng bohloko,+
3 Ho hlokomela ba utloileng bohloko ka lebaka la Sione,
Ho ba fa tuku ho e-na le molora,
Ho ba fa oli hore ba thabe ho e-na le ho utloa bohloko,
Ho ba fa seaparo hore ba nthorise ho e-na le ho oa moea.
-