Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 56:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ha e le balichaba ba ikopanyang le Jehova hore ba mo sebeletse,

      Ba rate lebitso la Jehova,+

      Le hore e be bahlanka ba hae,

      Bohle ba bolokang Sabatha ’me ba sa e silafatse

      Le ba tšoarellang selekaneng sa ka,

       7 Ke tla ba tlisa thabeng ea ka e halalelang,+

      Ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.

      Linyehelo tsa bona tsa secheso le mahlabelo a bona a tla amoheloa aletareng ea ka.

      Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”+

  • Esaia 66:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ba tla tlisa bana ba bo lona kaofela ho tsoa lichabeng tsohle+ e le mpho ho Jehova ba palame lipere, likariki, likoloi, limmoulo le likamele, ho nyolohela thabeng ea ka e halalelang, Jerusalema feela joalokaha batho ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova,” ke Jehova ea chong.

  • Ezekiele 20:40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 40 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Baiseraele bohle ba tla ntšebeletsa thabeng e phahameng ea Iseraele+ e leng thaba ea ka e halalelang. Ke tla le amohela ’me ke batle monehelo ho lona le linyehelo tsa lihlahisoa tsa lona tsa pele e leng lintho tsohle tsa lona tse halalelang.+

  • Joele 3:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona, ea lulang Sione, thabeng ea ka e halalelang.+

      Jerusalema e tla ba sebaka se halalelang,+

      Balichaba ba ke ke ba hlola ba paroletsa le moo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela