Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 1:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 1 Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ oa Persia, Jehova a susumetsa pelo ea Morena Saeruse oa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ea hae e le hore mantsoe a Jehova a ileng a buuoa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re:

  • Esdrase 1:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Mang kapa mang eo e leng oa sechaba sa hae ea har’a lona, Molimo oa hae a be le eena ’me a ke a ee Jerusalema e Juda, a hahe ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele bocha e leng eena Molimo oa ’nete eo ntlo ea hae e neng e le Jerusalema.*

  • Esaia 11:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+

  • Esaia 49:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

      “Ke tla phahamisetsa lichaba letsoho la ka

      ’Me ke tla phahamisetsa batho letšoao* la ka.+

      Ba tla tlisa bara ba hao ba ba sikile,*

      Ba jare barali ba hao mahetleng a bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela