-
Esaia 59:7, 8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Ba* mathela ho etsa bokhopo.
Ba potlakela ho tšolla mali a batho ba se nang molato.+
Menahano ea bona ke menahano e kotsi,
Baa senyetsana, ba bakelana masisa-pelo.+
8 Ha ba tsebe tsela ea ho ba le khotso le batho ba bang.
Litseleng tsa bona ha ho na toka.+
Ba sotha litsela tsa bona.
Ha ho ea hatang ho tsona ea tla tseba khotso.+
-
-
Jeremia 35:15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ka le romela bahlanka bohle ba ka ba baprofeta, ke ba romela ka makhetlo-khetlo*+ ke re: ‘Ke kopa e mong le e mong oa lona a furalle litsela tsa hae tse mpe+ ’me a etse lintho tse nepahetseng. Le se ke la latela melimo e meng kapa la e sebeletsa. Ha le ka ’mamela le tla ’ne le lule naheng eo ke e fileng lona le baholo-holo ba lona.’+ Empa ha lea ka la ’mamela kapa la ntšekehela tsebe.
-