Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 72:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 72 Molimo, u fe morena likahlolo tsa hao,

      U rute mora oa morena liketso tsa ho loka.+

  • Pesaleme 72:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 O tla ba le batho bao a ba busang ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng

      Le ho tloha Nokeng* ho ea likarolong tse hole tsa lefatše.+

  • Pesaleme 86:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Lichaba tsohle tseo u li entseng

      Li tla tla ’me li u khumamele Jehova,+

      Li tla tlotlisa lebitso la hao.+

  • Mikea 4:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Matsatsing a ho qetela,*

      Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona+

      E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,

      E phahamele maralla.

      Batho ba tla phallela ho eona.+

       2 Lichaba tse ngata li tla ea ’me li re:

      “Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova

      Le ntlong ea Molimo oa Jakobo.+

      O tla re ruta litsela tsa hae

      Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”

      Molao* o tla tsoa Sione

      Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.

       3 O tla ahlola har’a lichaba tse ngata,+

      A be a lokise litaba lichabeng tse matla tse hole haholo.

      Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,

      Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+

      Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,

      Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+

  • Hagai 2:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ke tla sisinya lichaba tsohle ’me matlotlo* a lichaba tsohle a tla kena ka tlung ena.+ Ke tla etsa hore e hlomphehe, e be le seriti,’+ ke Jehova oa mabotho ea chong.

  • Liketso 10:34, 35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Petrose a re: “Joale ke utloisisa hantle hore Molimo ha a leeme*+ 35 empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela