Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nehemia 11:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Likhosana tsa sechaba li ne li lula Jerusalema+ empa batho ba bang kaofela ba ile ba lahla lotho+ e le ho khetha a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a lule Jerusalema, motseng o halalelang, ha ba bang ba robong ba sala metseng e meng.

  • Esaia 44:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ke ’na ea reng ka Saeruse,+ ‘Ke molisa oa ka,

      O tla phetha thato ea ka ka botlalo.’+

      Ke ’na ea reng ka Jerusalema, ‘E tla tsosolosoa’

      Le ka tempele, ‘Motheo oa hao o tla raloa.’”+

  • Esaia 62:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 62 Ka lebaka la Sione nke ke ka thola,+

      Ka lebaka la Jerusalema nke ke ka tsitsa

      Ho fihlela ho loka ha hae ho khanya joaloka khanya e bohale+

      Le poloko ea hae e tuka joaloka serumula.+

  • Jeremia 31:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ho tla tla letsatsi leo balebeli lithabeng tsa Efraime ba tla hoeletsa ba re:

      ‘Emang, re nyoloheleng Sione ho Jehova Molimo oa rona.’”+

  • Zakaria 1:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Hoeletsa hape o re, ‘Jehova oa mabotho o re: “Metse ea ka e tla boela e be le lintho tse ngata tse molemo. Jehova o tla tšelisa Sione+ hape a be a khethe Jerusalema hape.”’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela