Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 18:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha Morena Ezekiase a e-na le lilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena oa Asiria+ a hlasela metse eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka thata ’me a e hapa.+

  • 2 Likronike 32:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Ka mor’a lintho tsena tseo Ezekiase a ileng a li etsa ka botšepehi,+ Morena Sankeribe oa Asiria a hlasela Juda. A lika-liketsa metse e sirelelitsoeng ka marako hobane o ne a batla ho thuha marako a eona le ho e hapa.+

  • Esaia 8:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova o tla tlisa

      Metsi a matla le a mangata a Noka* holim’a bona

      E leng morena oa Asiria+ le matla ’ohle a hae.

      O tla tlala likotopo tsohle tsa hae,

      A koahele mabopo ’ohle a hae

       8 A fetele pele Juda.

      O tla phalla, a fete a be a fihle molaleng.+

      Mapheo a hae a phukalalitsoeng a tla koahela naha ea hao ka bophara,

      Uena Emanuele.”*+

  • Esaia 10:28-32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ba futuhetse Ajathe,+

      Ba fetetse pele Migrone,

      Ba beha thoto ea bona Mikmashe.+

      29 Ba fetile lelibohong,

      Ba robala Geba,+

      Rama ea thothomela, Gibea+ ea Saule e balehile.+

      30 Bokolla ’me u hoeletse, morali oa Galime.

      Hlokomela, uena Laisha.

      Uena Anathothe,+ u otla pelo.

      31 Madmena o balehile.

      Baahi ba Gebime ba balehetse moo ho sireletsehileng.

      32 Ka letsatsi lona lena, o tla ema Nobe.+

      O tsokela baahi ba thaba ea Sione setebele

      E leng leralla la Jerusalema.

  • Esaia 33:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Litsela tse kholo li tlohetsoe feela,

      Ha ho na motho ea tsamaeang litseleng.

      O* tlotse selekane,

      O hlompholotse metse,

      Ha a tsotelle batho.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela