Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 7:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ ’me ke tla etsa lipontšo le mehlolo e mengata naheng ea Egepeta.+

  • Exoda 7:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke otlolla letsoho la ka ke otla Egepeta ke bile ke ntša Baiseraele har’a bona.”

  • Exoda 9:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Hona joale nka be ke ile ka phahamisa letsoho la ka hore ke otle uena le batho ba hao ka boloetse bo bolaeang ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. 16 Empa ke u bolokile u phela ka lebaka lena: hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+

  • Deuteronoma 4:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Kapa na Molimo o kile a leka ho inkela sechaba har’a sechaba se seng, a sebelisa likotlo,* lipontšo, mehlolo,+ ntoa,+ letsoho le matla+ le liketso tse tšosang+ e le hore a se nke joalokaha Jehova Molimo oa lona a entse bakeng sa lona Egepeta ka pel’a mahlo a lona?

  • 2 Samuele 7:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ke sechaba sefe lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele?+ Molimo o ile a se lopolla hore e be sechaba sa hae,+ a iketsetsa lebitso+ ka ho se etsetsa lintho tse kholo le tse makatsang.+ U ile oa leleka lichaba tse ling le melimo ea tsona bakeng sa sechaba sa hao, seo u ileng oa itopollela sona Egepeta.

  • Esaia 63:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 O kae Ea neng a tšehelitse Moshe ka letsoho la Hae le matla,*+

      Ea arotseng metsi ka pel’a bona+

      Ho etsa hore lebitso la hae le lule le hopoloa ho ea ho ile?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela