4 Ho ile ha lihuoa lebota la motse+ ’me masole ’ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e eang Araba.+
5 Ke tla nehelana ka maruo a motse ona, lihlahisoa tsohle tsa oona, lintho tsohle tsa oona tsa bohlokoa le matlotlo ’ohle a marena a Juda matsohong a lira tsa bona.+ Ba tla li nka ka mahahapa ’me ba li ise Babilona.+