-
Esaia 2:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona
E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,+
E phahamele maralla.
Lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+
3 Lichaba tse ngata li tla ea ebe li re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,
Ntlong ea Molimo oa Jakobo.+
O tla re ruta litsela tsa hae
Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”+
Molao o tla tsoa Sione
Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+
-
-
Esaia 56:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Ha e le balichaba ba ikopanyang le Jehova hore ba mo sebeletse,
Ba rate lebitso la Jehova,+
Le hore e be bahlanka ba hae,
Bohle ba bolokang Sabatha ’me ba sa e silafatse
Le ba tšoarellang selekaneng sa ka,
Ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.
Linyehelo tsa bona tsa secheso le mahlabelo a bona a tla amoheloa aletareng ea ka.
Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”+
-
-
Mikea 4:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona+
E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,
E phahamele maralla.
Batho ba tla phallela ho eona.+
2 Lichaba tse ngata li tla ea ’me li re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova
Le ntlong ea Molimo oa Jakobo.+
O tla re ruta litsela tsa hae
Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”
Molao* o tla tsoa Sione
Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.
-
-
Zakaria 8:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Batho ba bangata le lichaba tse matla li tla tla Jerusalema li tl’o sebeletsa Jehova oa mabotho+ le ho tla kopa hore Jehova a li hauhele.’
23 Jehova oa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba+ ba tla tšoara seaparo* se selelele sa Mojuda,* ba tla etsa bonnete ba hore baa se tšoara ’me ba re: “Re batla ho tsamaea le lona+ hobane re utloile hore Molimo o na le lona.”’”+
-