Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Ke tla etsa hore naha ea lona e se ke ea e-ba le baahi+ ’me lira tsa lona tse tla lula ho eona li tla e makalla.+

  • 2 Likronike 36:20, 21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 A nka batho ba sa kang ba bolaoa ka sabole a ba isa botlamuoeng Babilona,+ ea e-ba basebeletsi ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela ’muso oa Persia o qala ho busa+ 21 hore ho phethahale mantsoe a Jehova a builoeng ke Jeremia,+ ho fihlela naha e patetse lisabatha tsa eona.+ E ne e boloka sabatha ka matsatsi ’ohle ha e ne e se na baahi, ho phethahatsa lilemo tse 70.+

  • Esaia 6:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Eaba ke re: “E tla ba ho fihlela neng Jehova?” A re:

      “Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloke baahi.

      Ho fihlela matlo a hloka batho

      Le naha e senngoa hore e be lithako.+

  • Jeremia 10:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Mamelang tlaleho.

      Morusu o moholo o hlaha naheng ea leboea.+

      O tl’o etsa hore metse ea Juda e se ke ea e-ba le baahi, e be selao sa liphokojoe.*+

  • Ezekiele 33:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ke tla etsa hore naha e se ke ea e-ba le letho ho hang+ le boikhohomoso ba eona bo felisoe. Lithaba tsa Iseraele li tla senyeha,+ ha ho na motho ea tla khona ho feta ho tsona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela