Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Ha mantsoe ana ’ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomalimabe tseo ke li behileng ka pel’a lona+ ’me le ikhopotsa*+ ’ona le le har’a lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 ’me le khutlela ho Jehova Molimo oa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+

  • Jeremia 3:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 “Matsatsing ao ba tla tsamaea hammoho, ba ntlo ea Juda ba tla tsamaea le ba ntlo ea Iseraele+ ’me ba tle ba tsoa naheng ea leboea ba kene naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lona e le lefa.+

  • Jeremia 24:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ke tla ba beha leihlo e le hore ke ba etse hantle ’me ke ba khutlisetse naheng ena.+ Ke tla ba haha, nke ke ka ba liha. Ke tla ba hloma, nke ke ka ba fothola.+

  • Jeremia 30:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla lata batho ba ka ba hapuoeng e leng Iseraele le Juda,”+ ke Jehova ea chong. “Ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona ’me e be ea bona hape,”’ ke Jehova ea chong.”+

  • Jeremia 32:37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 ‘Ke tla ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke ba hasanyelitseng ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka.+ Ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena, ke ba lumelle hore ba lule ba sireletsehile.+

  • Amose 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla lata sechaba sa ka sa Iseraele se neng se hapuoe,+

      Ba tla nchafatsa metse ea bona ’me ba lule ho eona,+

      Ba tla lema masimo a morara ebe ba noa veine ea oona,+

      Ba be ba je lintho tseo ba li lemmeng masimong a bona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela