-
2 Likronike 36:20, 21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 A nka batho ba sa kang ba bolaoa ka sabole a ba isa botlamuoeng Babilona,+ ea e-ba basebeletsi ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela ’muso oa Persia o qala ho busa+ 21 hore ho phethahale mantsoe a Jehova a builoeng ke Jeremia,+ ho fihlela naha e patetse lisabatha tsa eona.+ E ne e boloka sabatha ka matsatsi ’ohle ha e ne e se na baahi, ho phethahatsa lilemo tse 70.+
-
-
Esdrase 1:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
1 Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ oa Persia, Jehova a susumetsa pelo ea Morena Saeruse oa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ea hae e le hore mantsoe a Jehova a ileng a buuoa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re:
2 “Morena Saeruse oa Persia o re, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše+ ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema+ e Juda. 3 Mang kapa mang eo e leng oa sechaba sa hae ea har’a lona, Molimo oa hae a be le eena ’me a ke a ee Jerusalema e Juda, a hahe ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele bocha e leng eena Molimo oa ’nete eo ntlo ea hae e neng e le Jerusalema.*
-