-
2 Marena 23:31-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Joakaze+ o ne a le lilemo li 23 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia ea tsoang Libna. 32 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka baholo-holo ba hae.+ 33 Faro Neko+ a mo isa teronkong Ribla+ naheng ea Hamathe e le ho mo thibela ho busa Jerusalema ’me a patalisa naha silevera le khauta ea boima ba lik’hilokramo tse 3 420.*+ 34 Hape Faro Neko o ile a etsa Eliakime mora oa Josiase morena ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime. A tlisa Joakaze Egepeta+ moo a ileng a shoella teng.+
-