Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Mareka 1:1-16:8
  • Mareka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mareka
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Mareka

KOSEPELE EA MAREKA

1 Litaba tse monate tse buang ka Jesu Kreste Mora oa Molimo li qala tjena: 2 Mantsoe a ngotsoeng ke moprofeta Esaia a re: “(Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao.)+ 3 Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.’”+ 4 Johanne Mokolobetsi o ne a le lefeelleng, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe.+ 5 Baahi bohle ba Judea le Jerusalema ba ea ho eena. Ba ne ba ipolela libe phatlalatsa ebe o ba kolobetsa* Nokeng ea Jordane.+ 6 Johanne o ne a apara liaparo tsa boea ba kamele, a itlama ka lebanta la letlalo thekeng,+ lijo tsa hae e le litsie le mahe a linotši tsa naheng.+ 7 O ne a ruta a re: “Ho na le ea matla ho mpheta ea tlang. Ha ke tšoanelehe ho inama ke fasolla marapo a lieta* tsa hae.+ 8 Ke le kolobelitse ka metsi empa eena o tla le kolobetsa ka moea o halalelang.”+

9 Nakong eo, Jesu a tsoa Nazaretha e Galilea ’me a kolobetsoa Jordane ke Johanne.+ 10 Hang ha a tsoa ka metsing a bona maholimo a buleha eaba moea o halalelang o theohela holim’a hae joaloka leeba.+ 11 Eaba lentsoe le tsoa maholimong le re: “U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.”+

12 Hang-hang moea o halalelang oa mo tataisetsa lefeelleng. 13 Kahoo, a qeta matsatsi a 40 lefeelleng, eare ha a le moo Satane a mo leka.+ Moo ho ne ho e-na le libata empa mangeloi a ne a mo sebeletsa.+

14 Ka mor’a hore Johanne a tšoaroe, Jesu a kena Galilea+ a ntse a bolella batho litaba tse monate tsa Molimo.+ 15 O ne a re: “Nako e behiloeng e fihlile ’me ’Muso oa Molimo o atametse. Bakang+ le be le amohele litaba tse monate tsa Molimo.”

16 Ha a ntse a tsamaea haufi le Leoatle la Galilea a bona Simone le ngoan’abo e leng Andrease+ ba akhela matlooa* a bona ka leoatleng.+ E ne e le batšoasi ba litlhapi.+ 17 Jesu a re ho bona: “Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho.”+ 18 Hang-hang ba tlohela matlooa a bona eaba baa mo latela.+ 19 Eare ha a fetela pele, a bona bara ba Zebedea e leng Jakobo le Johanne ba le ka sekepeng sa bona ba lokisa matlooa a bona+ 20 eaba hang-hang oa ba bitsa. Ba siea ntate oa bona Zebedea le banna ba hiriloeng ka sekepeng, ba mo sala morao. 21 Ba tsamaea ho ea kena Kapernauma.

Ka Sabatha a ea ka tlung ea thapelo* eaba o qala ho ruta.+ 22 Batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka eona hobane ha a ba ruta, ho ne ho utloahala hore o fuoe matla ke Molimo. O ne a sa ba rute joaloka bangoli ba bona.+ 23 Ka tlung ea bona ea thapelo* motho e mong ea neng a e-na le modemona a hoeletsa a re: 24 “U batla’ng ho rona Jesu oa Monazaretha?+ Na u tl’o re felisa? Ke tseba hantle hore na u mang, u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”+ 25 Empa Jesu a khalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, u tsoe ho eena!” 26 Modemona eo a hoeletsa haholo a ba a etsa hore motho eo a thothomele habohloko eaba o tsoa ho eena. 27 Batho bohle ba makala haholo, ba qala ho buisana ba re: “Hoo ke’ng? E tlameha ebe ke mokhoa o mocha oa ho ruta.* O na le matla a ho leleka bademona ebile baa mo mamela.” 28 Kahoo, lintho tseo a li entseng tsa tsebahala kapele libakeng tsohle tse Galilea.

29 Ka nako eo, ba tsoa ka tlung ea thapelo* ’me ba ea lapeng la Simone le Andrease ba e-na le Jakobo le Johanne.+ 30 Mohoehali oa Simone*+ o ne a robetse a tšoeroe ke feberu ’me hang-hang ba bolella Jesu ka eena. 31 Jesu a ea ho eena a mo tšoara ka letsoho a mo phahamisa. Mohoehali oa Simone a fola eaba o ba etsetsa lijo.

32 Mantsiboea ha letsatsi le liketse, batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba nang le bademona+ 33 ’me motse oohle oa bokana hona moo monyako. 34 Kahoo, a phekola ba bangata ba neng ba tšoeroe ke mafu a sa tšoaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa lumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.*

35 A tsoha ka meso ho sa le lefifi, a tsoela ka ntle eaba o ea moo a leng mong, ha a fihla moo a rapela.+ 36 Simone le ba nang le eena ba mo batla hohle. 37 Ha ba mo fumana ba re ho eena: “Batho kaofela ba ntse ba u batla.” 38 Empa a re ho bona: “A re eeng litoropong tse ling tse haufi e le hore nka ruta le moo kaha ke eona ntho eo ke e tletseng.”+ 39 A ea, a ruta ka matlung a bona a thapelo* ho potoloha Galilea eohle a bile a leleka bademona.+

40 Molepera e mong a tla ho eena, a mo kopa a bile a khumame a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+ 41 Jesu a mo hauhela ’me a otlolla letsoho a mo tšoara eaba o re ho eena: “Kea batla, hloeka.”+ 42 Lepera la nyamela hang-hang ’me a hloeka. 43 A mo laea ka thata eaba o re a tsamaee, 44 a re ho eena: “U etse bonnete ba hore ha u re letho ho mang kapa mang empa u ee ho moprista a u bone. U etse linyehelo tseo Moshe a itseng li etsoe+ e le hore u hloeke, hore e be bopaki ho baprista.”+ 45 Empa ha monna eo a tloha, a bolella batho litaba tsena tsohle, hoo Jesu a neng a se a tlameha ho kena metseng a sa bonoe. O ne a lula libakeng tse ka ntle tse hole haholo. Ho ntse ho le joalo, batho ba ’na ba tla ho eena ba hlaha ka mahlakoreng ’ohle.+

2 Ka mor’a matsatsi a itseng, Jesu a boela a ea Kapernauma ’me batho ba utloela hore o teng lapeng.+ 2 Kahoo, ba kena ka tlung ba le bangata hoo ho neng ho se ho se na sebaka esita le monyako. A qala ho ba bolella lentsoe.+ 3 Eaba ba mo tlisetsa motho ea shoeleng litho a kakasitsoe ke banna ba bane.+ 4 Empa ba ne ba sa khone ho mo tlisa ho Jesu hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Kahoo, ba tlosa marulelo eaba ba theola lempara leo motho ea shoeleng litho a neng a robetse ho lona. 5 Ha a bona kamoo ba nang le tumelo kateng,+ a re ho motho ea shoeleng litho: “Ngoan’eso,* u tšoaretsoe libe.”+ 6 Ba bang ba bangoli ba ne ba lutse moo ba ntse ba re ka lipelong:+ 7 “Ke hobane’ng ha monna eo a bua tjee? O tella Molimo. Ke mang ea ka tšoarelang libe haese Molimo?”+ 8 Empa hang-hang Jesu a tseba* hore ba nahana joalo eaba o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse joalo?+ 9 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re ho motho ea shoeleng litho: ‘U tšoaretsoe libe’ kapa ke ho re: ‘Ema u nke lempara la hao u tsamaee’? 10 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho+ o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng . . . ”+ A re ho motho ea shoeleng litho: 11 “Ke re ho uena, ema u nke lempara la hao u ee hae.” 12 A ema eaba hang-hang o nka lempara la hae o tsamaea ba ntse ba mo shebile. Kaofela ba hlolloa ’me ba tlotlisa Molimo ba re: “Ha re e-s’o bone ntho e tjena haesale.”+

13 Jesu a boela a tsoa a ea lebopong la leoatle. Letšoele la tla ho eena ’me a le ruta. 14 Eare ha a ntse a tsamaea a bona Levi mora oa Alfiase a lutse ofising ea lekhetho. A re ho eena: “E-ba molateli oa ka.” A ema a mo latela.+ 15 Ha Jesu a ne a lutse tafoleng ha Levi, babokelli ba lekhetho le baetsalibe ba bangata ba tla ’me ba lula le eena le barutuoa ba hae eaba ba bangata e e-ba balateli ba hae.+ 16 Empa ha bangoli ba Bafarisi ba bona hore o ne a ja le baetsalibe le babokelli ba lekhetho, ba re ho barutuoa ba hae: “Ke hobane’ng ha a ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?” 17 Ha Jesu a utloa hore na ba re’ng a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka. Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.”+

18 Bafarisi le barutuoa ba Johanne ba ne ba tloaetse ho itima lijo. Kahoo, ba tla ’me ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba sa itime lijo empa barutuoa ba Johanne le Bafarisi ba tloaetse ho itima lijo?”+ 19 Eaba Jesu o re ho bona: “Na metsoalle ea monyali+ e na le lebaka la ho itima lijo ha monyali a ntse a e-na le eona? Hafeela monyali a ntse a le teng e ke ke ea itima lijo. 20 Empa ho na le nako eo monyali a tla tlosoa ho metsoalle ea hae,+ joale ke hona e tla itima lijo. 21 Ha ho motho ea ka rokellang lesela le lecha leseleng la khale hobane haeba a ka etsa joalo, lesela le lecha le tla rutla la khale ebe la khale le taboha le ho feta.+ 22 Hape, ha ho motho ea ka tšelang veine e ncha ka makukeng* a khale a veine. Haeba a etsa joalo, veine e tla phatlola makuka ao ebe eona hammoho le makuka lia senyeha. Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha.”

23 Ha a feta har’a masimo a koro* ka Sabatha, barutuoa ba hae ba kha koro.+ 24 Kahoo, Bafarisi ba re ho eena: “Bona, ke hobane’ng ha ba etsa ntho eo ba sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?” 25 Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 26 Tlaleho e buang ka moprista e moholo Abiathare+ e re Davida o ile a kena ka tlung ea Molimo, a ja bohobe bo halalelang* boo ho sa lumelloeng ke molao hore motho leha e le mang a bo je haese baprista.+ A bo fa le banna ba neng ba e-na le eena.” 27 Kahoo, a re ho bona: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho+ eseng hore motho o bile teng ka lebaka la Sabatha. 28 Kahoo, Mor’a motho ke Morena esita le oa eona Sabatha.”+

3 Jesu a boela a kena ka tlung ea thapelo,* a fumana ho e-na le monna ea omeletseng* letsoho.+ 2 Kahoo, Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla folisa monna eo ka Sabatha e le hore ba mo qose. 3 A re ho monna eo ea omeletseng* letsoho: “Phahama u eme bohareng mona.” 4 Eaba o re ho bona: “Na molao o lumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaea?”+ Ba thola. 5 A ba ea ka mahlo a halefile a bile a utloisitsoe bohloko ke hore ba lipelo li thata.+ A re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A le otlolla ’me la fola. 6 Eaba Bafarisi baa tsoa ’me hang-hang ba rera le balateli ba Heroda+ hore na ba ka mo bolaea joang.

7 Empa Jesu le barutuoa ba hae ba tloha ba ea leoatleng. Letšoele le leholo le tsoang Galilea le Judea la mo latela.+ 8 Ha letšoele le leholo le utloa hore na o ne a etsa lintho tse ngata hakae, la tla ho eena le tsoa Jerusalema, Idumea, ho potoloha Tire le Sidone le ka mose ho Jordane. 9 A bolella barutuoa ba hae hore ba lokise seketsoana seo a tla se palama e le hore letšoele le se ke la mo petetsa. 10 Bohle ba neng ba e-na le mafu a bohloko ba ne ba mo bokanela hore feela ba mo thetse hobane o ne a phekotse batho ba bangata.+ 11 Esita le bademona+ ba ne ba oela fatše ka pel’a hae neng kapa neng ha ba mo bona ’me ba hoeletsa ba re: “U Mora oa Molimo.”+ 12 Empa ka makhetlo a mangata a ba laela ka thata hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka eena.+

13 A nyolohela thabeng eaba o bitsa ba bang ba barutuoa ba hae ’me ba ea ho eena.+ 14 A khetha banna ba 12, a ba bitsa baapostola. Ba ne ba tsamaea le eena a bile a ba roma ho ea ruta batho litaba tse monate tsa Molimo. 15 Hape a ba fa matla a ho leleka bademona.+

16 Banna ba 12+ bao a ileng a ba khetha e ne e le Simone eo a ileng a mo reha Petrose,+ 17 Jakobo mora oa Zebedea le Johanne ngoan’abo Jakobo (le bona a ba reha Boanergese, e bolelang “Bara ba Sealuma”),+ 18 Andrease, Filipi, Bartholome, Matheu, Thomase, Jakobo mora oa Alfiase, Thadiase, Simone oa Mokanana* 19 le Judase Iskariota, eo hamorao a ileng a rekisa* Jesu.

Eaba Jesu o kena ka tlung. 20 Batho ba ne ba bokane ba le bangata hoo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba se na le nako ea ho ja. 21 Empa ha beng ka eena ba utloa hore na ho etsahala’ng, ba tsoa ho ea mo tšoara kaha ba ne ba re: “Ha a sa nka hantle.”+ 22 Hape, bangoli ba theohileng Jerusalema ba ne ba re: “O kenoe ke Beelzebube,* o leleka bademona ka ’musi oa bademona.”+ 23 Kahoo, a ba bitsa, a ba etsetsa mohlala a re: “Satane a ka leleka Satane joang? 24 Haeba ’muso o arohana, o ke ke oa ema+ 25 ’me haeba lelapa* le arohana, le ke ke la tšoarella. 26 Hape, haeba Satane a itoantša a bile a arohane, a ke ke a ema empa o tla fela. 27 Ha e le hantle, motho ea kenang ka tlung ea monna ea matla a ke ke a khona ho utsoa thepa ea hae ntle le hore a mo fase pele. Ka mor’a moo ke hona a ka utsoang thepa e ka tlung ea hae. 28 Kannete kea le bolella hore batho ba tla tšoareloa libe tsohle tseo ba li etsang le lintho tsohle tse mpe tseo ba li buang. 29 Leha ho le joalo, mang kapa mang ea nyefolang moea o halalelang a ke ke a tšoareloa ho hang+ hobane o molato oa sebe se ke keng sa tšoareloa.”*+ 30 O ile a cho joalo hobane ba ne ba re: “O na le modemona.”+

31 Joale ’mè oa hae le bana babo+ ba tla ’me ba roma motho hore a mo bitse ba ntse ba eme ka ntle.+ 32 Letšoele le neng le mo pota-potile la re ho eena: “Bona, ’mè oa hao le bana beno ba eme ka ntle baa u bitsa.”+ 33 Empa a re ho bona: “’Mè le bana beso ke bo-mang?” 34 A sheba ba lutseng ba mo pota-potile eaba o re: “’Mè le bana beso ke bana.+ 35 Mang kapa mang ea etsang thato ea Molimo ke eena ngoan’eso, khaitseli ea ka le ’mè oa ka.”+

4 A boela a ruta batho a le pel’a leoatle eaba letšoele le leholo le bokana haufi le eena. Kahoo, a palama sekepe a lula ka har’a sona a le hole le lebopo empa batho kaofela ba ne ba le pel’a leoatle.+ 2 A ba ruta lintho tse ngata ka ho ba etsetsa lipapiso,+ ha a ntse a ba ruta a re:+ 3 “Mamelang, mojali o ile a tsoa ho ea jala.+ 4 Ha a ntse a jala, peo e ’ngoe ea oela haufi le tsela eaba linonyana lia e ja. 5 E ’ngoe ea oela lipakeng tsa majoe moo ho se nang mobu o mongata. Ea mela hang-hang hobane mobu o ne o sa teba.+ 6 Ha letsatsi le chaba ea cha eaba ea omella hobane e ne e se na metso. 7 E ’ngoe ea oela har’a meutloa eaba meutloa ea hola ea e bipetsa, ea se ke ea beha litholoana.+ 8 E ’ngoe eona ea oela mobung o motle, ea hola ea e-ba kholo ’me ea qala ho beha litholoana. Peo e ’ngoe ea beha litholoana tse imenneng ka makhetlo a 30, e ’ngoe ea beha tse imenneng ka makhetlo a 60, e ’ngoe eona ea beha tse imenneng ka makhetlo a 100.”+ 9 A boela a re: “Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+

10 Ka mor’a hore letšoele le tsamaee, baapostola ba 12 hammoho le batho ba neng ba e-na le eena ba mo botsa ka lipapiso tseo.+ 11 Eaba o re ho bona: “Le lumeletsoe ho utloisisa sephiri se halalelang+ sa ’Muso oa Molimo empa ba bang bona ba bolelloa lintho tsohle ka ho etsetsoa lipapiso+ 12 hobane le hoja ba shebile, ha ba bone ’me le hoja ba utloa, ha ba utloisise ebile ha ba khutlele ho Molimo e le hore ba tšoareloe.”+ 13 A boela a re ho bona: “Ha le sa utloisise papiso ee, le tla utloisisa tse ling kaofela joang?

14 Mojali o jala lentsoe.+ 15 Peo e jetsoeng haufi le tsela ke batho ba utloang lentsoe empa hang ka mor’a ho le utloa, Satane oa tla+ ’me o tlosa lentsoe le jetsoeng lipelong tsa bona.+ 16 Peo e jetsoeng lipakeng tsa majoe ke batho ba amohelang lentsoe ka thabo hang ha ba le utloa.+ 17 Empa kaha molaetsa ha oa mela ka metso ka lipelong tsa bona, ba o lumela ka nakoana ebe hang ha ho hlaha matšoenyeho kapa mahloriso ka lebaka la molaetsa oa ’Muso, ba khaotsa ho lumela molaetsa oo. 18 Peo e jetsoeng har’a meutloa ke batho ba utloileng lentsoe+ 19 empa mathata+ a lefatše lena,* tabatabelo ea ho rua*+ le litakatso+ tsa lintho tse ling kaofela, lia hlasela li bipetsa lentsoe ebe ha le behe litholoana. 20 Peo e jetsoeng mobung o motle ke batho ba mamelang lentsoe, baa le amohela ’me ba beha litholoana, ba bang ba beha tse imenneng ka makhetlo a 30, ba bang a 60, ba bang a 100.”+

21 A boela a re ho bona: “Lebone ha le lule tlas’a baskete kapa tlas’a bethe empa le lula holim’a tafole.+ 22 Etsoe lintho tsohle tse patiloeng li tla pepesoa, le lintho tsohle tse patiloeng ka thata li tla hlahella.+ 23 Mang kapa mang ea nang le litsebe a ke a utloe.”+

24 A boela a re ho bona: “Mamelang ka hloko seo le se utloang.+ Le tla lekanyetsoa ka ntho eo le lekanyetsang ba bang ka eona le be le ekeletsoe. 25 Etsoe ea nang le letho o tla ekeletsoa+ empa ea se nang letho o tla amohuoa le hoo a nang le hona.”+

26 Eaba o re: “’Muso oa Molimo o ka tšoantšoa le motho ea ileng a lahlela peo mobung. 27 Oa robala bosiu, a tsohe hoseng ebe peo ea hlaha le limela lia hola li ba kholo, hore na joang ha a tsebe. 28 Litholoana li hlaha butle-butle, ho hlaha lehlaka pele, ho latele hloohoana ebe e e-ba lithollo tse tletseng hloohoaneng. 29 Empa hang ha limela li butsoitse, o li hela ka sekele hobane ke nako ea ho kotula.”

30 A tsoela pele ho re: “Re ka tšoantša ’Muso oa Molimo le eng kapa re ka o hlalosa ka papiso efe? 31 O tšoana le peo ea mosetareta. E jaloa e le nyenyane ho feta lipeo tsohle tse lefatšeng.+ 32 Empa ha e jetsoe, ea hola e ba kholo ho feta meroho e meng kaofela ebe e hlahisa makala a maholo, le linonyana li khona ho fumana bolulo tlas’a moriti oa eona.”

33 Jesu o ne a ba bolella lentsoe ka ho ba etsetsa lipapiso tse ngata+ tsa mofuta oo, ho ea ka hore na ba ne ba khona ho utloisisa eng. 34 O ne a sa bue le bona a sa etse papiso empa o ne a hlalosetsa barutuoa ba hae lintho tsohle moo ba leng bang.+

35 Letsatsing leo, ha shoalane e tšoere, a re ho bona: “A re tšeleleng lebopong le leng.”+ 36 Kahoo, ka mor’a hore ba bolelle letšoele hore le tsamaee, ba isa Jesu ka sekepeng.* Ho ne ho e-na le likepe tse ling pel’a sekepe seo.+ 37 Ho ile ha tsoha sefefo se matla ’me metsi a ’na a otla sekepe hampe le ho kena ka har’a sona hoo se neng se le haufi le ho tlala.+ 38 Empa o ne a le karolong e ka morao ea sekepe a robetse mosamong. Kahoo, ba mo tsosa ba re ho eena: “Mosuoe, na ha u bone hore rea shoa?” 39 Eaba oa tsoha o khalemela sefefo ka matla ’me o re ho leoatle: “Thola! Khutsa!”+ Eaba moea oa kokobela ’me ha thola tu! 40 Kahoo, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšohile* hakaale? Na ha le na tumelo?” 41 Empa ba ikutloa ba tšohile ka tsela e sa tloaelehang ’me ba buisana ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang? Esita le sefefo le leoatle lia mo mamela.”+

5 Ba tla ka lehlakoreng le leng la leoatle naheng ea Bagerasa.+ 2 Hang ha Jesu a tsoa ka sekepeng, monna e mong ea nang le modemona a mo khahlanyetsa a hlaha mabitleng. 3 O ne a lula mabitleng moo. Ho ne ho se na motho ea khonang ho mo tlama ka thata esita le ka ketane. 4 Batho ba ne ba ee ba mo tlame maoto le matsoho ka liketane empa o ne a li khaola. Ho ne ho se na motho ea nang le matla a ho mo tšoara. 5 O ne a itšeha ka majoe a bile a hoeletsa a sa khaotse bosiu le motšehare a le mabitleng le lithabeng. 6 Empa ha a re heli! a bona Jesu a le hojana, a matha ’me a mo khumamela.+ 7 A hoeletsa a re: “Hantle u mpatla’ng Jesu Mor’a Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa? Ikane ka Molimo hore u ke ke oa ntlhokofatsa.”+ 8 Etsoe Jesu o ne a ntse a re ho modemona eo: “Tsoa ho monna eo, uena modemona.”+ 9 Jesu a re: “U mang?” Eaba modemona eo o re ho eena: “Lebitso la ka ke Legione hobane re bangata.” 10 Bademona bao ba kopa Jesu ka makhetlo hore a se ke a ba lelekela ka ntle ho naha.+

11 Ho ne ho e-na le mohlape o moholo oa likolobe+ o ntseng o fula thabeng.+ 12 Kahoo, bademona bao ba mo kopa ba re: “Re romele likolobeng e le hore re ka kena ho tsona.” 13 A ba lumella. Eaba bademona baa tsoa ’me ba kena likolobeng. Li ne li ka ba 2 000 eaba kaofela li mathela selomong li oela ka leoatleng ’me li khangoa ke metsi. 14 Empa balisa ba tsona ba baleha ’me ba tlaleha taba ena motseng le libakeng tse ka thoko. Batho ba tla ho tla bona hore na ho etsahetse’ng.+ 15 Ha ba tla ho Jesu ba fumana monna ea neng a kenoe ke legione a se a hlaphohetsoe kelellong, a apere a bile a lutse eaba baa tšoha. 16 Batho ba boneng hore na ho etsahetse’ng ba ba bolella ka monna eo ea neng a e-na le bademona le ka likolobe. 17 Kahoo, ba kopa Jesu hore a tsamaee.+

18 Eare ha a palama sekepe, monna eo ea neng a e-na le modemona a kopa ho tsamaea le eena.+ 19 Empa Jesu a mo hanela a re ho eena: “E-ea lapeng ho beng ka uena, u ba bolelle lintho tsohle tseo Jehova* a u etselitseng tsona le kamoo a u hauhetseng kateng.” 20 Monna eo a tloha eaba o bolella batho ba Dekapolise* lintho tsohle tseo Jesu a mo etselitseng tsona. Batho bohle ba qala ho makala.

21 Ka mor’a hore Jesu a boele a tšelele lebopong le ka mose oane ka sekepe, letšoele le leholo la mo bokanela. O ne a le ka thoko ho leoatle.+ 22 E mong oa balaoli ba okamelang ntlo ea thapelo* ea bitsoang Jairuse, a fihla. Eitse ha a bona Jesu, a itihela maotong a hae,+ 23 a mo kopa ka makhetlo a re: “Moralinyana oa ka o kula hampe.* Ke kopa u tle u tl’o mo beha matsoho+ e le hore a fole ’me a phele.” 24 Eaba Jesu o tsamaea le eena. Batho ba bangata ba ne ba mo setse morao ba bile ba mo petelitse.

25 Ho ne ho e-na le mosali e mong ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali+ ka lilemo tse 12.+ 26 Lingaka tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo. O ne a sebelisitse chelete ea hae kaofela empa ho e-na le hore a fole, o ne a kula le ho feta. 27 Ka mor’a hore a utloele ka Jesu, a tla ka mor’a hae har’a letšoele ’me a tšoara seaparo sa hae,+ 28 kaha o ne a ntse a re ka pelong: “Haeba feela nka tšoara liaparo tsa hae ke tla fola.”+ 29 Hang-hang mali a hae a khaotsa ho phalla ’me a utloa ’meleng oa hae hore o folile.

30 Kapele-pele Jesu a hlokomela hore matla+ a tsoile ho eena. A qamaka har’a letšoele eaba o re: “Ke mang ea thetsitseng liaparo tsa ka?”+ 31 Barutuoa ba hae ba re ho eena: “Na kannete batho ba u petelitse ba le bangata tjee, u ka re na ke mang ea u thetsitseng?” 32 Empa o ne a ntse a qamaka hore na ke mang ea mo thetsitseng. 33 Kaha mosali eo o ne a hlokometse hore o folile, a tla ’me a khumama ka pel’a hae a tšohile a bile a thothomela eaba o ipuela ’nete feela. 34 Jesu a re ho eena: “Ngoan’eso,* tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso,+ bohloko ba hao bo fole.”+

35 Ha a sa ntse a bua, banna ba bang ba tsoang lapeng la molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo* ba fihla eaba ba re: “Morali oa hao o hlokahetse. U sa tšoenyetsa’ng Mosuoe?”+ 36 Empa Jesu a utloa hore na ba itse’ng eaba o re ho molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo:* “U se ke oa tšoha,* e-ba le tumelo feela.”+ 37 Ha aa ka a lumella mang kapa mang ho mo sala morao haese Petrose, Jakobo le Johanne ngoan’abo Jakobo.+

38 Kahoo, ba tla ntlong ea molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo* ’me Jesu a fumana ho le moferefere, batho ba lla habohloko.+ 39 Ka mor’a hore a kene, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le lla ebile le entse moferefere? Ngoana ha aa shoa, o robetse.”+ 40 Eaba baa mo tšeha. A ba ntšetsa ka ntle kaofela, a lumella feela batsoali ba ngoana eo le barutuoa bao a neng a e-na le bona hore ba ee moo ngoana eo a neng a le teng. 41 A tšoara ngoana eo ka letsoho a re ho eena: “Talitha kumi,” eo ha e fetoleloa e bolelang: “Ngoanana, ke re ho uena, tsoha.”+ 42 Ngoanana eo a tsoha hang-hang ’me a qala ho tsamaea. (O ne a le lilemo li 12.) Batho ba thaba haholo. 43 Empa a ba laela ka makhetlo* hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka taba ena+ ’me a re ngoanana eo a fuoe lijo.

6 A tloha moo a ea ha habo+ ’me barutuoa ba hae ba mo latela. 2 Ka Sabatha a ruta ka tlung ea thapelo.* Boholo ba batho ba mo utloileng ba hlolloa ’me ba re: “Motho eo o tsebelletse lintho tsee kae?+ Motho eo ke mang hoo a bileng a filoeng bohlale le matla a ho etsa mehlolo e tjee?+ 3 Na motho eo ha se ’metli oa mapolanka?+ Na ’mè oa hae ha se Maria+ ’me na bana babo ha se Jakobo,+ Josefa, Judase le Simone?+ Na likhaitseli tsa hae ha li har’a rona moo?” Kahoo, ba hana ho lumela ho eena. 4 Empa Jesu a re ho bona: “Moprofeta o hlomphuoa hohle ntle le ha habo le ka tlung ea hae.”+ 5 Kahoo, ha aa ka a etsa mehlolo moo haese ho phekola ba seng bakae ba kulang le ho ba beha matsoho. 6 O ile a makatsoa ke hore ebe ha ba na tumelo eaba o potoloha le metsana, a ntse a ruta.+

7 A bitsa barutuoa ba hae ba 12, a qala ho ba roma ka bobeli+ ’me a ba fa matla a ho hlola bademona.+ 8 Hape, a ba laela hore ba se ke ba nka chelete* ka lipacheng tsa bona, bohobe kapa mokotla oa lijo, ba nke lere feela.+ 9 A re ba roale lieta* le hore ba se ke ba apara seaparo sa bobeli.* 10 Hape a re ho bona: “Hohle moo le fihlang le lule ntlong ea motho ho fihlela le tloha sebakeng seo.+ 11 Kae kapa kae moo ba sa le amoheleng kapa ba sa le mameleng, le hlohlore lerole maotong a lona ha le tsoa moo e le bopaki ba hore le ba lemositse.”*+ 12 Eaba baa tsamaea ’me ba bolella batho hore ba lokela ho baka.+ 13 Ba ile ba leleka bademona ba bangata,+ ba tlotsa batho ba bangata ba kulang ka oli ’me ba ba phekola.

14 Morena Heroda a utloela ka litaba tsena hobane lebitso la Jesu le ile la tsebahala haholo ’me batho ba ne ba re: “Johanne Mokolobetsi o tsositsoe bafung, ke kahoo a khonang ho etsa mehlolo.”+ 15 Empa ba bang ba ne ba re: “Ke Elia.” Ba bang bona ba ne ba re: “Ekare e mong oa baprofeta ba khale.”+ 16 Empa ha Heroda a utloela ka Jesu a re: “Johanne eo ke mo khaotseng hlooho o tsositsoe.” 17 Heroda o ne a ile a tšoara Johanne, a mo tlama a mo koalla teronkong ka lebaka la Herodiase. Herodiase e ne e le mohats’a Filipi moholoane oa Heroda, empa Heroda a mo nyala.+ 18 Johanne o ne a ee a re ho Heroda: “Molao ha o u lumelle hore u nyale mosali oa moholoane oa hao.”+ 19 Kahoo, Herodiase o ne a jere Johanne ka pelo ’me a batla ho mo bolaea empa o ne a sitoa. 20 Heroda o ne a tšaba Johanne hobane a tseba hore ke monna ea lokileng,+ ea halalelang ’me o ne a mo sirelelitse. Nako le nako ha Johanne a ne a buile le eena, o ne a qakeha a sa tsebe hore na a etse’ng ka eena empa o ne a ntse a rata ho mo mamela.

21 Herodiase a fumana monyetla ha Heroda a lokisetsa lijo tsa mantsiboea ka letsatsi la hae la tsoalo+ bakeng sa liofisiri tsa hae tse kholo, balaoli ba sesole le banna ba tummeng haholo ba Galilea.+ 22 Morali oa Herodiase a fihla a tantša eaba Morena Heroda le ba neng ba ja le eena baa thaba. Morena a re ho eena: “Mpolelle hore na ke’ng eo u e batlang, ke tla u fa eona.” 23 A hla a ikana a re: “Ke tla u fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang leha e ka ba halofo ea ’muso oa ka.” 24 Eaba o ea ho ’mè oa hae o re: “Ke kope’ng?” A re: “Kopa hlooho ea Johanne Mokolobetsi.” 25 Hang-hang a ea ho morena a tatile eaba o re ho eena: “Mphe hlooho ea Johanne Mokolobetsi e behiloe holim’a sejana hona joale.”+ 26 Morena o ile a sareloa haholo ha a utloa taba ena empa o ne a sa batle ho hana kopo ea hae hobane o ne a ikanne ka pel’a baeti ba hae.* 27 Hang-hang morena a roma lesole le katang a le laela hore le tlise hlooho ea Johanne. Kahoo, la tsamaea la mo khaola hlooho a le teronkong 28 ’me la tlisa hlooho ea hae e le holim’a sejana. La e fa moroetsana, eena a e fa ’mè oa hae. 29 Ha barutuoa ba Johanne ba tseba ka taba ena, ba fihla ba nka setopo sa hae ba mo pata.

30 Baapostola ba tla ho Jesu ’me ba mo bolella lintho tsohle tseo ba neng ba li entse le ho li ruta.+ 31 Eaba o re ho bona: “A re eeng moo re leng bang re phomole hanyenyane.”+ Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba tlang le ba tsamaeang ’me Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba se na nako ea ho phomola esita le ea ho ja. 32 Kahoo, ba tsamaea ka sekepe ba ea moo ba leng bang.+ 33 Empa batho ba ba bona ha ba tsamaea ’me ba bangata ba utloa hore baa tsamaea. Kaofela ba matha ba tsoa metseng eohle ’me ba ba fihlela pele. 34 Ha Jesu a tsoa ka sekepeng, a bona batho ba bangata ’me a ba hauhela+ hobane ba ne ba tšoana le linku tse se nang molisa.+ A qala ho ba ruta lintho tse ngata.+

35 Kaha e ne e se e le mantsiboea, barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboea.+ 36 E-re batho bana ba tsamaee e le hore ba ka ea metseng le metsaneng e haufi ba ithekela lijo.”+ 37 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.” Eaba ba re ho eena: “Re tlohe re e’o reka mahobe a lidenari* tse 200 ’me re a fe batho baa hore ba je?”+ 38 A re ho bona: “Tsamaeang le shebe hore na le na le mahobe a makae.” Ha ba khutla ba re: “A mahlano le litlhapi tse peli.”+ 39 A laela batho bohle hore ba lule ka lihlopha holim’a joang.*+ 40 Ba lula ka lihlopha tsa ba 100 le tsa ba 50. 41 Eaba o nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuoa, barutuoa bona ba a fa batho ’me Jesu a arolela bohle litlhapi tseo tse peli. 42 Kahoo, bohle ba ja ba khora 43 ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le litlhapi tse neng li setse.+ 44 Batho ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna ba 5 000.

45 Ntle ho tšenyo ea nako, a re barutuoa ba hae ba palame sekepe ’me ba ee ka lehlakoreng le leng la leoatle, ba feta pel’a Bethsaida, eena a sala a ntse a bolella batho hore ba tsamaee.+ 46 Empa ka mor’a hore a re ba tsamaee hantle, a ea thabeng ho ea rapela.+ 47 Mantsiboea sekepe se ne se le bohareng ba leoatle empa o ne a le mong lebopong.+ 48 O ile a bona hore ba soka ka thata hobane moea o ne o le matla haholo. A tla ho bona hoo e ka bang ka meso,* a tsamaea holim’a leoatle empa a etsa eka oa* ba feta. 49 Ha barutuoa ba mo bona a tsamaea holim’a leoatle, ba hoeletsa ba re: “Ke’ng ntho e tlang le moo?”* 50 Kaofela ba ile ba mo bona eaba baa tšoha. Hang-hang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 51 A kena ka sekepeng ’me moea oa kokobela. Eaba ba makala haholo 52 kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng. Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona.

53 Ba tšelela mose moo ho ommeng, ba kena Genesarete eaba ba emisa sekepe ka ankora haufi le lebopo.+ 54 Empa hang ha ba tsoa ka sekepeng, batho ba bona Jesu. 55 Ba phasa-phasa sebakeng seo kaofela eaba ba tlisa bakuli ka mampara ba ba isa moo ba utloileng hore o hona teng. 56 Hohle moo a neng a fihla metseng le metsaneng, ba ne ba beha bakuli limmarakeng ’me ba mo kopa hore ba mpe ba tšoare litjobo tsa seaparo sa hae.+ Bohle ba ileng ba li tšoara ba fola.

7 Bafarisi le ba bang ba bangoli ba neng ba tsoa Jerusalema ba khobokana pel’a Jesu,+ 2 ba bona ba bang ba barutuoa ba hae ba ja lijo ba sa hlapa matsoho ka tsela ea moetlo oa Sejuda. 3 (Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape matsoho ho fihlela litsoeng. Ba ne ba khomaretse meetlo ea baholo-holo ba bona. 4 Ha ba khutla ’marakeng ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape. Ho na le meetlo e meng e mengata eo ba neng ba e khomaretse e kang ho ina likopi, lijeke le lijana tsa koporo metsing.)+ 5 Kahoo, Bafarisi le bangoli bao ba re: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba sa hlomphe moetlo oa baholo-holo ba rona, ba ja lijo ka matsoho a litšila?”+ 6 A re ho bona: “Esaia o profetile hantle ka lona ha a re: ‘Batho bana ba ntlhompha ka melomo feela empa lipelo tsa bona li suthetse hole le ’na.+ 7 Ha ho na thuso ea hore ebe ba ntse ba nthapela hobane ba ruta litaelo tsa batho joalokaha eka ke lithuto tsa Molimo.’+ 8 Le tlohela taelo ea Molimo le khomarela ea batho.”+

9 A boela a re ho bona: “Ka masene le batla litsela tsa hore le se ke la mamela melao ea Molimo e le hore le tle le boloke meetlo ea lona.+ 10 Mohlala, Moshe o ile a re: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao,’+ a boela a re: ‘Mang kapa mang ea rohakang* ntate oa hae kapa ’mè oa hae o lokela ho bolaoa.’+ 11 Empa lona le re: ‘Haeba motho a re ho ntate oa hae kapa ’mè oa hae: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng nka u thusa ka eona ke korbane (e leng hore ke se ke e file Molimo e le mpho),”’ 12 lona le mo lumella hore a se ke a hlola a thusa ntate oa hae kapa ’mè oa hae.+ 13 Ka tsela eo, le entse lentsoe la Molimo ntho e se nang thuso+ ka lebaka la moetlo oa lona. Le etsa lintho tse ngata tse kang tsena.”+ 14 A boela a bitsetsa letšoele ho eena eaba o re: “’Mameleng kaofela ha lona, le utloisise hore na ke re’ng.+ 15 Motho ha a silafatsoe ke ntho eo a e kenyang ka hanong empa o silafatsoa ke lintho tse tsoang ka ho eena.”+ 16* ——

17 Jesu a tloha letšoeleng a kena ka tlung eaba barutuoa ba hae ba mo botsa ka papiso eo.+ 18 Kahoo, a re ho bona: “Na le lona le tšoana le bona ha le utloisise? Na ha le tsebe hore ha ho na ntho e ka kenang ka ho motho eaba ea mo silafatsa 19 kaha ha e ee pelong empa e ea ka mpeng ebe e fetela sekoting sa likhoere-khoere?” Ka ho cho joalo a bolela hore lijo tsohle li hloekile. 20 Ho feta moo a re: “Lintho tse tsoang pelong ea motho ke tsona tse mo silafatsang+ 21 hobane ka lipelong tsa batho+ ho hlaha menahano e fosahetseng e etsang hore ho be le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* bosholu, lipolao, 22 bofebe, meharo, bokhopo, bolotsana, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe,* mona, lipuo tse mpe, boikhohomoso le ho hloka kelello. 23 Lintho tsena kaofela tse fosahetseng li tsoa pelong ea motho ’me lia mo silafatsa.”

24 A ema a ea libakeng tse haufi le Tire le Sidone.+ A kena ka tlung e ’ngoe a sa batle hore batho ba tsebe hore o fihlile empa ba tseba. 25 Hang-hang mosali eo moralinyana oa hae a neng a kenoe ke modemona a utloela ka eena eaba oa tla o itihela maotong a hae.+ 26 Mosali eo e ne e le Mogerike ea tsoang* Foenisia e Siria. A kopa Jesu ka makhetlo hore a ntše modemona ho morali oa hae. 27 Empa a re ho eena: “Tlohela bana ba khore pele kaha ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana ebe bo akhelloa malinyane a lintja.”+ 28 Mosali eo a re ho eena: “E, mohlomphehi empa le ’ona malinyane a lintja a ka tlas’a tafole a ja makumane a bana.” 29 Eaba Jesu o re ho eena: “Kaha u arabile ka tsela ena, tsamaea, modemona o tsoile ho morali oa hao.”+ 30 Kahoo a tloha a ea hae, ha a fihla a fumana moralinyana a robetse betheng modemona a tsoile.+

31 Ha Jesu a tsoa Tire, a ea Leoatleng la Galilea a tsoa ka tsela ea Sidone le Dekapolise.*+ 32 Ba mo tlisetsa monna ea sa utloeng litsebeng a bile a sa khone ho bua hantle+ eaba ba mo kopa hore a mo behe matsoho. 33 A mo nkela lekunutung, a kenya menoana ka litsebeng tsa hae eaba o tšoela mathe o thetsa leleme la hae.+ 34 A sheba leholimong, a hemela holimo ’me a re ho eena: “Effatha” e bolelang, “Buleha.” 35 Litsebe tsa hae tsa buleha,+ hape a qala ho bua hantle. 36 Eaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka eena+ empa ha a ne a ba thiba ba ne ba bua le ho feta.+ 37 Ba tsota+ ’me ba re: “O entse lintho tsohle hantle. O bile o etsa hore ba sa utloeng litsebeng ba utloe le ba sa khoneng ho bua ba bue.”+

8 Ka nako eo, batho ba bokana moo Jesu a neng a le teng. Ba ne ba se na lijo, kahoo a bitsa barutuoa a re ho bona: 2 “Ke hauhela batho bana+ hobane ba se ba qetile matsatsi a mararo ba lutse le ’na ’me ha ba na letho le jeoang.+ 3 Haeba nka re ba ee hae ba lapile, ba tla felloa ke matla tseleng ebile ba bang ba bona ba tsoa hole.” 4 Empa barutuoa ba hae ba re: “Ha re le hole tjee motho a ka fumana mahobe a lekaneng batho baa hokae?” 5 Eaba Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng.”+ 6 A re batho ba lule fatše. A nka mahobe ao a supileng, a leboha, a a qhetsola a a fa barutuoa ba hae, barutuoa bona ba a fa batho.+ 7 Hape ba ne ba e-na le litlhapi tse nyenyane tse seng kae ’me a li hlohonolofatsa, a ba bolella hore le tsona ba li abe. 8 Kahoo, ba ja ba khora eaba barutuoa ba nka libaskete* tse supileng tse kholo tse tletseng bohobe bo setseng.+ 9 Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 4 000. Ka mor’a moo Jesu a re ba tsamaee.

10 Hang-hang eena le barutuoa ba hae ba palama sekepe ba ea Dalmanutha.+ 11 Bafarisi ba mo etsetsa khang ba batla hore a etse mohlolo o tsoang leholimong e le ho mo leka.+ 12 A utloa bohloko haholo ’me a re: “Ke hobane’ng ha batho ba moloko oo ba batla mohlolo?+ Kannete kea le bolella hore ha ho na mohlolo oo ba tla o bona.”+ 13 Eaba oa ba siea o palama sekepe hape, o ea lebopong le ka mose oane.

14 Empa barutuoa ba lebala ho nka mahobe ’me ba ne ba se na letho ho bona ka sekepeng haese bohobe bo le bong.+ 15 A ba lemosa ka ho hlaka a re: “Lulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ea Bafarisi le ea Heroda.”+ 16 Barutuoa ba qala ho phehisana ka taba ea hore ha ba na mahobe. 17 Ha a elelloa a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le phehisana ka hore ha le na mahobe? Na le ntse le e-s’o hlakeloe hore na ke re’ng? E le hore le ntse le sa utloisise? 18 ‘Le na le mahlo empa ha le bone, le na le litsebe empa ha le utloe.’ Na ha le sa hopola 19 hore na ha ke ne ke qhetsolela banna ba 5 000 mahobe a mahlano,+ le ile la nka libaskete tse kae tse tletseng bohobe bo setseng?” Ba re ho eena: “Tse 12.”+ 20 “Ha ke qhetsolela banna ba 4 000 mahobe a supileng, le ile la nka libaskete* tse kae tse tletseng bohobe bo setseng?” Ba re ho eena: “Tse supileng.”+ 21 Eaba o re ho bona: “Na le ntse le e-s’o utloisise?”

22 Ha ba fihla Bethsaida batho ba mo tlisetsa monna ea sa boneng ’me ba mo kopa hore a mo thetse.+ 23 A tšoara monna eo ea sa boneng ka letsoho, a mo isa ka ntle ho motse. A mo tlotsa* ka mathe mahlong+ eaba o beha matsoho holim’a hae ’me o re ho eena: “U bona’ng?” 24 Monna eo a phahamisa mahlo a re: “Ke bona batho empa ekare ke lifate tse ntseng li tsamaea.” 25 Jesu a boela a beha matsoho mahlong a monna eo. Monna eo a fola eaba o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle. 26 Kahoo, a re a tsamaee empa a re ho eena: “U se ke oa ea motseng.”

27 Jesu le barutuoa ba hae ba tloha ba ea metseng ea Sesarea Filipi. Ha ba le tseleng a re ho barutuoa ba hae: “Batho ba re ke mang?”+ 28 Ba re ho eena: “Ba bang ba re u Johanne Mokolobetsi,+ ba bang ba re u Elia,+ ba bang bona ba re u e mong oa baprofeta.” 29 A re: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “U Kreste.”+ 30 Eaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka eena.+ 31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela le hore o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.+ 32 O ile a ba bolella taba eo ka tsela e hlakileng. Empa Petrose a mo nkela ka thoko ’me a qala ho mo khalemela.+ 33 Jesu a furalla, a sheba barutuoa ba hae ’me a khalemela Petrose ka thata a re: “Tloha* Satane! Hobane u nahana menahano ea batho eseng ea Molimo.”+

34 Jesu a bitsa letšoele le barutuoa ba hae ’me a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso* ’me a ’ne a ntatele.+ 35 Mang kapa mang ea batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla felloa ke bona. Empa mang kapa mang ea shoellang ho ba molateli oa ka le ho amohela molaetsa oa Molimo o tla phela hape.+ 36 Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe ha a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke bophelo ba hae?+ 37 Motho a ka reka bophelo ba hae ka eng?+ 38 Etsoe mang kapa mang ea ntšoabelang le ea soabelang litaba tsa ka molokong ona o sa tšepahaleng* le o nang le sebe, Mor’a motho le eena o tla mo soabela+ ha a tla ka khanya ea Ntate oa hae a e-na le mangeloi a halalelang.”+

9 Jesu a boela a re ho bona: “Kannete ke re ho lona, ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba shoa pele ba bona ’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa ka matla.”+ 2 Matsatsi a tšeletseng hamorao, Jesu a tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne ’me a nyolohela le bona ba le bang thabeng e phahameng. Chebahalo ea hae ea fetoha ba ntse ba mo shebile.+ 3 Liaparo tsa hae tsa khanya haholo tsa e-ba tšoeu. Ha ho na mang kapa mang lefatšeng ea neng a ka hlatsoa liaparo hore li be tšoeu joalo. 4 Hape Moshe le Elia ba hlaha ’me ba ne ba buisana le Jesu. 5 Eaba Petrose o re ho Jesu: “Rabi, ke hantle hore ebe re mona. Joale a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.” 6 Ha e le hantle, o ne a sa tsebe hore na a re’ng kaha ba ne ba tšohile haholo. 7 Ha e-ba le leru le ba koahelang eaba lentsoe+ le hlaha ho lona le re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang.+ Mo mameleng.”+ 8 Eaba baa qamaka, ba bona Jesu a setse a le mong feela.

9 Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella mang kapa mang hore na ba bone’ng+ ho fihlela Mor’a motho a tsohile bafung.+ 10 Ba ile ba mamela taelo eo* empa ba buisana ka hore na ho tsoha bafung hona ho bolela’ng. 11 Ba re ho Jesu: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Elia+ o tla tla pele?”+ 12 A re ho bona: “Ehlile Elia o tla pele ’me o busetsa lintho tsohle malulong.+ Empa ho tla joang hore ebe ho ngotsoe ka Mor’a motho hore o tla hlorisoa hampe+ le ho telloa?+ 13 Empa ke re ho lona, Elia+ o se a tlile ’me ba ile ba mo etsa lintho tseo ba li batlang feela joalokaha ho ngotsoe ka eena.”+

14 Ha ba fihla ho barutuoa ba bang, ba bona letšoelehali le ba bokanetse, le bangoli ba ne ba le teng ba pheha khang le bona.+ 15 Empa hang ha batho kaofela ba bona Jesu, ba makala ’me ba mathela ho eena ho mo lumelisa. 16 Eaba o re: “Le tseka’ng?” 17 E mong har’a letšoele a re: “Mosuoe, ke tlisitse mora oa ka ho uena hobane o na le modemona ea etsang hore a se ke a khona ho bua.+ 18 Neng kapa neng ha modemona eo a mo hlasela, o mo tabanya fatše ebe mora oa ka o ntša makoeba ka hanong, o tsikitlanya meno ebe o felloa ke matla. Ke ile ka kopa barutuoa ba hao hore ba ntše modemona eo empa ha baa ka ba khona.” 19 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Mo tliseng koano.”+ 20 Kahoo, ba tlisa moshanyana eo ho eena. Empa ha modemona a bona Jesu, hang-hang a tsitsipanya ngoana eo. Ka mor’a hore a oele fatše a ’na a pitika, a khethetsa makoeba. 21 Eaba Jesu o botsa ntate oa moshanyana o re: “Ke nako e kae a le tjee?” A re: “Haesale a le tjena ho tloha bongoaneng. 22 Hangata o ne a mo lahlela mollong le ka metsing e le hore a mo bolaee. Empa haeba ho na le ntho eo u ka e etsang, re hauhele ’me u re thuse.” 23 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u re: ‘Haeba’? Lintho tsohle lia khoneha bakeng sa motho ea nang le tumelo.”+ 24 Hang-hang ntate oa ngoana a hoeletsa a re: “Ke na le tumelo! Ke kopa u nthuse moo e haellang.”+

25 Ha Jesu a hlokomela hore letšoele le ne le tla ho bona le potlakile, a khalemela modemona a re ho eena: “Uena modemona ea etsang hore motho a se ke a khona ho bua le ho utloa, ke u laela hore u tsoe ho eena ’me u se ke oa hlola u kena ho eena.”+ 26 Ka mor’a hore modemona eo a mo tsitsipanye hangata, a hoeletsa eaba oa tsoa. Ngoana eo a bonahala eka o shoele hoo boholo ba batho ba neng ba re: “O shoele!” 27 Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho a mo phahamisa, eaba oa ema. 28 Kahoo, ha a se a kene ka tlung barutuoa ba hae ba mo botsa moo ba leng bang ba re: “Ke hobane’ng ha re ile ra sitoa ho o leleka?”+ 29 A re ho bona: “Mofuta ona o ka ntšoa feela ka thapelo.”

30 Ba tloha moo, ba phunyeletsa le Galilea empa o ne a sa batle hore batho ba tsebe hore na o hokae 31 hobane o ne a batla ho ruta barutuoa ba hae. O ile a re ho bona: “Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho. Ba tla mo bolaea+ ebe o tsoha ka mor’a matsatsi a mararo.”+ 32 Ba ne ba sa utloisise hore na o re’ng empa ba ne ba tšaba ho mo botsa.

33 Ba fihla Kapernauma. Ha a le ka tlung a re ho bona: “Le ne le tseka’ng tseleng?”+ 34 Ba thola hobane ha ba le tseleng ba ne ba phehile khang ka hore na ke mang e moholo. 35 Kahoo, a lula fatše ’me a bitsa baapostola ba 12 eaba o re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ba oa pele, e be oa ho qetela ho bohle le mosebeletsi oa bohle.”+ 36 A nka ngoana e monyenyane, a mo emisa ka pel’a bona ’me a beha matsoho mahetleng a hae eaba o re ho bona: 37 “Mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane+ joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka, le ’na oa nkamohela. Mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.”+

38 Johanne a re ho eena: “Mosuoe, re bone motho e mong a leleka bademona ka lebitso la hao ’me ra leka ho mo thiba hobane o ne a sa re latele.”+ 39 Empa Jesu a re: “Le se ke la leka ho mo thiba hobane ha ho na motho ea ka etsang mohlolo ka lebitso la ka ebe hang-hang ka mor’a moo o mpua hampe 40 kaha mang kapa mang ea seng khahlanong le rona o eme le rona.+ 41 Mang kapa mang ea le fang metsi hore le noe hobane le le ba Kreste,+ kannete kea le bolella, joang kapa joang o tla putsoa.+ 42 Empa mang kapa mang ea etsang hore e mong oa ba banyenyane bana ba nang le tumelo a lahle tumelo ea hae,* ho ka ba molemo haholo hore leloala le leholo* le tlamelloe molaleng oa hae ebe o lahleloa ka leoatleng.+

43 Haeba letsoho la hao le etsa hore u etse sebe,* u le khaole. Ho molemo hore u fumane bophelo u holofetse ho e-na le hore u kene Gehena* mollong o ke keng oa tingoa, u e-na le matsoho a mabeli.+ 44* —— 45 Haeba leoto la hao le etsa hore u etse sebe,* u le khaole. Ho molemo hore u fumane bophelo u qhoalile ho e-na le hore u lahleloe Gehena* u e-na le maoto a mabeli.+ 46* —— 47 Haeba leihlo la hao le etsa hore u etse sebe,* u le lahlele hole.+ Ho molemo hore u kene ’Musong oa Molimo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le hore u lahleloe Gehena* u e-na le mahlo a mabeli.+ 48 Moo liboko* ha li shoe le mollo ha o time.+

49 Etsoe e mong le e mong o lokela ho nokoa ka mollo joalokaha letsoai le noka lijo.+ 50 Letsoai le molemo empa haeba le tapa, le ka le noka ka’ng hore le be le tatso hape?+ Le be le letsoai ka ho lona+ ’me le boloke khotso lipakeng tsa lona.”+

10 Jesu a tloha moo a ea meeling ea Judea ka mose ho Jordane. Letšoele la tla ho eena eaba o qala ho le ruta joalokaha a ne a tloaetse.+ 2 Bafarisi ba tla ho eena ba ikemiselitse ho mo leka ’me ba mo botsa hore na molao o lumella monna ho hlala mosali.+ 3 A ba araba a re: “Moshe o itse’ng ho lona?” 4 Ba re: “Moshe o ile a lumella monna ho fa mosali lengolo la tlhalo le ho mo hlala.”+ 5 Jesu a re ho bona: “O ile a le ngolla+ taelo ena hobane le le manganga+ 6 empa qalong ‘Molimo o bopile monna le mosali.+ 7 Ka lebaka lena monna o tla siea ntate oa hae le ’mè oa hae+ 8 ’me bobeli ba bona e tla ba nama e le ’ngoe’+ e leng hore ha ba sa le babeli empa e se e le nama e le ’ngoe. 9 Ka hona, ho se ke ha e-ba le motho ea arolang batho bao Molimo a ba kopantseng.”*+ 10 Ha ba le ka tlung, barutuoa ba qala ho mo botsa ka taba ena. 11 A re ho bona: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae ebe o nyala e mong oa feba+ ebile oa mo siteloa, 12 hape haeba mosali a hlala monna oa hae ebe o nyaloa ke e mong, oa feba.”+

13 Batho ba tlisa bana ba banyenyane ho eena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuoa ba ba khalemela.+ 14 Ha Jesu a ba bona a halefa a re ho bona: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na. Le se ke la leka ho ba thiba hobane ’Muso oa Molimo ke oa ba tšoanang le bona.+ 15 Kannete ke re ho lona, mang kapa mang ea sa amoheleng ’Muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.”+ 16 Eaba o haka bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa ka ho ba beha matsoho.+

17 Eare ha a tsamaea, monna e mong a mo mathela eaba o khumama ka pel’a hae o re: “Mosuoe ea molemo, ke etse’ng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 18 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho na motho ea molemo haese Molimo feela.+ 19 U tseba litaelo tsena: ‘U se ke oa bolaea,+ u se ke oa feba,+ u se ke oa utsoa,+ u se ke oa fana ka bopaki ba bohata+ kapa oa etsa bolotsana.+ U hlomphe ntate oa hao le ’mè oa hao.’”+ 20 Monna eo a re ho eena: “Mosuoe, haesale ke phetha litaelo tsena ho tloha bocheng ba ka.” 21 Ha Jesu a mo sheba a utloa a mo rata eaba o re ho eena: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Tsamaea u rekise lintho tsa hao ebe u fa bafutsana chelete eo, joale u tla ba le letlotlo leholimong. Ka mor’a moo, u tle u be molateli oa ka.”+ 22 Empa mantsoe ao a mo nyahamisa eaba o tloha a saretsoe hobane o ne a ruile haholo.+

23 Ka mor’a hore Jesu a qamake, a re ho barutuoa ba hae: “E tla ba ntho e thata hore barui ba kene ’Musong oa Molimo.”+ 24 Empa barutuoa ba makatsoa ke mantsoe a hae. Eaba Jesu o re ho bona: “Metsoalle,* ke ntho e thata ho kena ’Musong oa Molimo. 25 Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo.”+ 26 Ba makala le ho feta ’me ba re ho eena:* “Ebe ke mang ea ka pholohang?”+ 27 Jesu a ba sheba eaba o re: “Ho batho ho ke ke ha khoneha empa ho Molimo ha ho joalo hobane lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”+ 28 Petrose a re: “Bona, re siile lintho tsohle ’me ra u latela.”+ 29 Jesu a re: “Kannete ke re ho lona, e mong le e mong ea siileng ntlo, bana babo, ’mè, ntate, bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo+ 30 o tla fumana matlo, bana babo, bo-’mè, bana le masimo halekholo hona joale, a boele a fumane mahloriso.+ Lefatšeng le lecha le tlang,* o tla fumana bophelo bo sa feleng. 31 Empa ba bangata ba pele e tla ba ba ho qetela ’me ba ho qetela e be ba pele.”+

32 Joale ha ba le tseleng e nyolohelang Jerusalema, Jesu o ne a tsamaea ka pel’a bona. Ba ile ba makala, athe ba neng ba ba setse morao bona ba tšoha. A boela a nkela barutuoa ba 12 ka thoko ’me a qala ho ba bolella lintho tse neng li le haufi le ho mo etsahalla a re:+ 33 “Re nyolohela Jerusalema ’me ba tla nehelana ka Mor’a motho ho baprista ba baholo le bangoli. Ba tla mo ahlolela lefu, ba nehelane ka eena ho balichaba, 34 ba mo some, ba mo tšoele ka mathe, ba mo shape ba be ba mo bolaee. Empa o tla tsoha ka mor’a matsatsi a mararo.”+

35 Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea,+ ba ea ho eena ’me ba re: “Mosuoe, re kopa u re etsetse eng kapa eng eo re u kopang eona.”+ 36 A re ho bona: “Le batla hore ke le etsetse’ng?” 37 Ba re: “Re lumelle hore re lule le uena ’Musong oa hao,* e mong a lule ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letšehali.”+ 38 Empa Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe hore na le kopa’ng. Na le ka noa ntho eo ke e noang, kapa la kolobetsoa ka kolobetso eo ke kolobetsoang ka eona?”+ 39 Ba re ho eena: “Re ka e noa.” Eaba Jesu o re ho bona: “Ntho eo ke e noang le tla e noa ’me kolobetso eo ke kolobetsoang ka eona le tla kolobetsoa ka eona.+ 40 Empa ha se ’na ea khethang hore na ke mang ea tla lula ka letsohong la ka le letona kapa le letšehali. Ke Ntate ea khethang.”

41 Ha barutuoa ba bang ba leshome ba utloa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.+ 42 Empa Jesu a ba bitsetsa ho eena a re: “Lea tseba hore batho ba nkoang e le babusi ba lichaba ba li tšoara ka thata le banna ba baholo baa li hatella.+ 43 Lona ha lea lokela ho etsa joalo empa ea batlang ho ba moholo har’a lona e lokela ho ba mosebeletsi oa lona.+ 44 Ea batlang ho ba oa pele har’a lona e lokela ho ba mohlanka oa bohle. 45 Etsoe esita le Mor’a motho ha aa ka a tlela ho sebeletsoa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+

46 Eaba Jesu le barutuoa ba hae ba kena Jeriko. Ha ba tsoa Jeriko ba e-na le letšoele le leholo, Bartimiase (mora oa Timiase) e leng monna oa mokopa-kopa ea sa boneng, o ne a lutse pel’a tsela.+ 47 Ha a utloa hore Jesu oa Monazaretha oa feta, a hoeletsa a re: “Jesu, Mora oa Davida,+ nkhauhele!”+ 48 Eaba batho ba bangata baa mo khalemela ba re a thole empa a ’na a hoeletsa le ho feta a re: “Mora oa Davida, nkhauhele!” 49 Kahoo, Jesu a ema ’me a re: “E-reng a tle.” Eaba ba bitsa monna eo ba re ho eena: “E-ba sebete! Ema, oa u bitsa.” 50 A lahla seaparo sa hae, a ema kapele a ea ho Jesu. 51 Jesu a re ho eena: “U batla hore ke u etsetse’ng?” Monna eo a re ho eena: “Rabboni,* e-re ke boele ke bone.” 52 Eaba Jesu o re ho eena: “Tsamaea. Tumelo ea hao e u folisitse.”+ Hang-hang a boela a bona+ ’me a qala ho mo latela.

11 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Thabeng ea Mehloaare moo Bethefage le Bethani+ li leng hona teng eaba Jesu o roma barutuoa ba babeli+ 2 ’me a re ho bona: “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Hang ha le fihla le tla fumana petsana ea tonki e tlanngoeng. Ke petsana e e-s’o palangoe ho hang, le e tlamolle le e tlise koano. 3 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Ke hobane’ng ha le etsa tjee?’ Le re: ‘Morena oa e hloka ’me o tla e khutlisetsa mona hang-hang.’” 4 Kahoo, ba tloha ’me ba fumana petsana ea tonki e tlanngoe monyako oa ntlo e pel’a tsela eaba baa e fasolla.+ 5 Empa batho ba bang ba emeng moo ba re ho bona: “Le etsa’ng ha le fasolla petsana eo?” 6 Ba ba araba joalokaha Jesu a ne a ba laetse ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee.

7 Ba tlisa petsana eo+ ho Jesu, ba beha liaparo tsa bona holim’a eona eaba oa e palama.+ 8 Hape, batho ba bangata ba ala liaparo tsa bona ka tseleng. Ba bang bona ba nka makala ao ba neng ba a pomme masimong eaba ba a ala ka tseleng.+ 9 Ba tsamaeang ka pele le ba tlang ka morao ba ’na ba hoeletsa: “Re rapella hore u mo pholose.+ Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.*+ 10 Ho hlohonolofetse ’Muso o tlang oa ntate oa rona Davida!+ Rea rapela, mo pholose uena ea holimo!” 11 Eaba o fihla Jerusalema, o ea ka tempeleng. A sheba lintho tsohle tse ka tempeleng empa kaha nako e ne e se e ile, a tsoa ho ea Bethani le baapostola ba 12.+

12 Letsatsing le hlahlamang ha ba tloha Bethani, a utloa a lapile.+ 13 Ha a le hojana a bona sefate sa feie* se nang le makhasi eaba o ea ho sona ho bona hore na a ka fumana letho ho sona. Empa ha a fihla ho sona a fumana se sa beha e le makhasi feela kaha e ne e se nako ea lifeie. 14 Kahoo, a re ho sona: “U se ke oa hlola u beha litholoana le ka mohla.”+ Barutuoa ba hae ba ne ba mametse.

15 Ha ba fihla Jerusalema, Jesu a kena ka tempeleng a tebela bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng. A phethola le litafole tsa ba chenchang chelete* le libenche tsa ba rekisang maeba.+ 16 O ne a thibela batho ho paroletsa le tempeleng ba nkile thepa. 17 O ile a ruta batho a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle’+ empa lona le e entse lehaha la masholu.”+ 18 Baprista ba baholo le bangoli ba utloa ka taba ena eaba ba qala ho batla hore na ba ka mo bolaea joang+ hobane ba ne ba mo tšaba kaha letšoele kaofela le ne le tsota thuto ea hae.+

19 Ba tsoa motseng ha e e-ba mantsiboea. 20 Empa ha ba feta moo hoseng haholo, ba bona sefate sa feie se se se omeletse ho tloha metsong ea sona.+ 21 Petrose a se hopola eaba o re ho eena: “Rabi, bona! Sefate sa feie seo u ileng oa se rohaka se omeletse.”+ 22 Jesu a re ho bona: “E-bang le tumelo ho Molimo. 23 Kannete ke re ho lona mang kapa mang ea reng ho thaba ena: ‘Phahama u e’o oela ka leoatleng’ ’me a sa belaele ka pelong ea hae empa a e-na le tumelo ea hore ntho eo a e buang e tla etsahala, e tla fela e etsahale.+ 24 Kahoo, ke re ho lona, lintho tsohle tseo le li rapellang le ho li kopa, le be le tumelo ea hore le se le li fumane ’me le tla ba le tsona.+ 25 Ha le rapela, le tšoarele mang kapa mang ea le sitetsoeng e le hore Ntate oa lona ea leng maholimong le eena a ka le tšoarela litšito tsa lona.”+ 26* ——

27 Ba boela ba tla Jerusalema. Ha a ntse a tsamaea ka tempeleng, baprista ba baholo, bangoli le baholo ba tla ho eena 28 ’me ba re: “Lintho tsee u li etsa ka matla afe? Hona ke mang ea u fileng matla a ho li etsa?”+ 29 Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le ’ngoe. Ha le ka nkaraba, ke tla le bolella hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe. 30 Na ke Molimo* ea fileng Johanne+ matla a ho kolobetsa kapa o a filoe ke batho? Nkarabeng.”+ 31 Eaba baa buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Molimo,’ o tla re ho rona: ‘Joale, ke hobane’ng ha le sa ka la lumela ho eena?’ 32 Empa le teng re ke ke ra re: ‘O a filoe ke batho.’” Ba ne ba tšaba letšoele hobane kaofela le ne le nka hore ehlile Johanne e ne e le moprofeta.+ 33 Kahoo, ba araba Jesu ba re: “Ha re tsebe.” Jesu a re ho bona: “Le ’na nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa lintho tsena hokae.”

12 A ba etsetsa lipapiso a re: “Motho e mong o ne a lemme tšimo ea morara.+ A e kampela eaba o etsa sebaka seo a ka tlhotlelang morara ho sona, a haha le tora.+ A hirisetsa balemi tšimo eo eaba o etela hole.+ 2 Ha nako ea ho kotula e fihla, a roma lekhoba la hae ho balemi ho ea lata morara o mong ho bona. 3 Empa ba le khakhatha eaba ba le khutlisa le se na letho. 4 A roma lekhoba le leng hape, lona ba le otla hloohong ’me ba le rohaka.+ 5 Eaba o roma le leng, lona ba le bolaea. A roma le a mang a mangata, ba khakhatha a mang, a mang ba a bolaea. 6 Qetellong a roma mora oa hae eo a mo ratang+ a nahana hore ba tla hlompha mora oa hae. 7 Empa balemi bao ba buisana ba re: ‘Enoa ke eena mojalefa.+ A re mo bolaeeng ebe re nka lefa la hae.’ 8 Kahoo, ba mo tšoara, ba mo bolaea eaba ba mo lahlela ka ntle ho tšimo.+ 9 Mong’a tšimo eo o tla ba etsa’ng? O tla ba bolaea ebe o hirisetsa balemi ba bang tšimo eo ea morara.+ 10 Na ha le e-s’o bale Lengolo lee le reng: ‘Lejoe leo lihahi li le lahlileng le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.*+ 11 Lejoe lena le tsoa ho Jehova* ’me le letle haholo ho rona’?”+

12 Ba ne ba batla ho mo tšoara empa ba tšaba letšoele hobane ba ne ba tseba hore o bua ka bona ha a etsa papiso eo. Kahoo ba tsamaea.+

13 Ka mor’a moo, ba roma ba bang ba Bafarisi le balateli ba Heroda ho eena hore ba mo tšoare ka lipuo tsa hae.+ 14 Ha ba fihla ba re ho eena: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore ha u reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha u shebe ponahalo ea batho empa u ruta tsela ea Molimo ka ’nete. Na ka molao* motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che? 15 Re lefe kapa re se ke ra lefa?” Ha a lemoha boikaketsi ba bona a re ho bona: “Le ntekela’ng? Ntlisetseng denari* ke e bone.” 16 Ba e tlisa. A re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re ho eena: “Ke tsa Sesare.” 17 Joale Jesu a re: “Le fe Sesare lintho tsa hae+ le Molimo le mo fe tsa hae.”+ Eaba ba qala ho mo tsota.

18 Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 19 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shoa a se na ngoana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 20 Ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Eaba oa pele oa nyala empa a shoa a se na bana. 21 Oa bobeli a mo kenela empa le eena a shoa a se na bana. Oa boraro le eena ka tsela e tšoanang. 22 Banna bao ba supileng kaofela ba ile ba shoa ba se na bana. Qetellong le mosali eo a shoa. 23 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?” 24 Jesu a re ho bona: “Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Molimo o matla hakae.+ 25 Ha batho ba se ba tsositsoe bafung, ba ke ke ba nyala kapa ba nyaloa empa ba tla tšoana le mangeloi leholimong.+ 26 Empa tabeng ea ho tsosoa ha bafu, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe moo ho buuoang ka sehlahla se meutloa, hore Molimo o ile a re ho eena: ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo’?+ 27 Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu. Le fositse haholo.”+

28 E mong oa bangoli o ne a le teng a mametse ha ba ntse ba phehile khang. Kaha o ne a utloile hore Jesu o ba arabile hantle, a re ho eena: “Taelo ea pele* ho tsohle ke efe?”+ 29 Jesu a re: “Ea pele ke ena: ‘Mamelang lona Baiseraele, Jehova* Molimo oa rona ke Jehova* a le mong. 30 U rate Jehova* Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea* oa hao oohle, ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.’+ 31 Ea bobeli ke ena: ‘U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.’+ Ha ho taelo e kholo ho feta tsena.” 32 Mongoli eo a re ho eena: “Ke hantle Mosuoe, u bua ’nete: ‘O Mong ’me ha ho e mong ntle le eena.’+ 33 Hore motho a mo rate ka pelo eohle, ka kelello* eohle le ka matla ’ohle le hore a rate moahisani oa hae joalokaha a ithata, ho bohlokoa haholo ho feta linyehelo tsohle tsa secheso le mahlabelo ’ohle.”+ 34 Ha Jesu a lemoha hore o arabile ka bohlale, a re ho eena: “Ha u hole le ’Muso oa Molimo.” Empa ha ho motho ea ileng a hlola a e-ba le sebete sa ho mo botsa potso e ’ngoe.+

35 Ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng, a re: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 36 Moea o halalelang+ o ile oa susumelletsa Davida hore a re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+ 37 Joale Kreste ke mora oa Davida joang+ empa Davida a mo bitsa Morena?”

Letšoele le leholo le ne le thabetse ho mo mamela. 38 Ha a ntse a ruta, a re: “Le hlokomele hore ho na le bangoli ba ratang ho lumelisoa limmarakeng le ho tsamaea ba apere liaparo tse telele.+ 39 Ba rata ho lula litulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le litulong tsa bahlomphehi meketeng.+ 40 Ba ikhapela matlo* a bahlolohali hape ka boikaketsi ba etsa lithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”

41 Eaba o lula fatše moo a neng a ka bona mabokose* a chelete.+ A bona batho ba ntse ba tšela chelete ka moo, barui ba bangata ba ne ba tšela chelete e ngata ea tšepe.+ 42 Joale ha tla mohlolohali e mong ea futsanehileng. A tšela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.*+ 43 Jesu a bitsa barutuoa ba hae a re ho bona: “Kannete ke re ho lona mohlolohali enoa oa mofutsana o tšetse chelete e fetang ea bohle ka mabokoseng.*+ 44 Etsoe kaofela ba tšetse ho tsoa cheleteng ea bona e setseng empa eena le hoja e le mofutsana, o fane ka sohle seo a nang le sona, sohle seo a neng a ka phela ka sona.”+

13 Eare ha a tsoa ka tempeleng e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: “Mosuoe, bona majoe ana le mehaho ena e metle hakaakang!”+ 2 Empa Jesu a re ho eena: “Oa e bona mehaho ee e meholo? Majoe ’ohle a teng mona a tla heletsoa. Ha ho lejoe le tla sala holim’a le leng.”+

3 Eare ha a lutse Thabeng ea Mehloaare moo a neng a ka bona tempele, Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease ba mo botsa moo ba leng bang, ba re: 4 “Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng? Hona re tla bona ka’ng ha lintho tsee tsohle li tl’o etsahala?”+ 5 Kahoo, Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore ho se ke ha e-ba le motho ea le khelosang.+ 6 Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke ’na Kreste’ ebe ba khelosa ba bangata. 7 Ho feta moo, ha le utloela ka lintoa le litlaleho tsa tsona, le se ke la tšoha. Lintho tsena li tla etsahala empa ha e e-s’o be bofelo.+

8 Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane.+ Ho tla ba le tlala+ le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng. Lintho tsena ke qalo feela ea tlokotsi.+

9 Le itlhokomele. Batho ba tla le isa makhotleng a libaka,+ ba le shapele ka matlung a thapelo*+ ba be ba le ise ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le ba bolelle ka tumelo ea lona.+ 10 Hape, litaba tse monate tsa ’Muso li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.+ 11 Empa ha ba le isa ho ba boholong le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng. Le bue eng kapa eng eo le tla susumetsoa hore le e bue ka nako eo kaha le ke ke la bua ka bolona empa moea o halalelang o tla le thusa ho bua.+ 12 Motho o tla fana ka ngoan’abo hore a bolaoe le ntate a fane ka ngoana oa hae hore a bolaoe. Bana le bona ba tla tsohela batsoali matla ba be ba etse hore ba bolaoe.+ 13 Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka+ empa ea mameletseng ho fihlela qetellong+ ke eena ea tla pholoha.+

14 Leha ho le joalo, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang+ e le moo e sa tšoanelang ho ba teng, (ea balang boprofeta bona a bo utloisise hantle) ba leng Judea ba balehele lithabeng.+ 15 Monna ea ka holim’a ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ea hae ho ea nka ntho leha e le efe. 16 Le monna ea tšimong a se ke a khutla ho ea nka seaparo sa hae. 17 Matsatsing ao baimana le batsoetse ba tla ba malimabe.+ 18 Le ’ne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha 19 kaha matsatsi ao e tla ba a mahlomola.+ A kang ’ona ha a e-s’o be teng ho tloha ha Molimo a theha lefatše ho fihlela joale ebile ha a sa tla ba teng.+ 20 Ha e le hantle, hoja Jehova* ha aa ka a fokotsa matsatsi ao, ha ho motho ea neng a tla pholoha. Empa o a fokolitse ka lebaka la bakhethoa ba hae.+

21 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Bonang, Kreste ke enoa,’ kapa ‘Bonang, ke eane,’ le se ke la mo kholoa.+ 22 Etsoe ho tla hlaha bo-Kreste le baprofeta ba bohata+ ’me ba tla etsa mehlolo e le hore haeba ho khoneha ba khelose bakhethoa. 23 Ke le boleletse lintho tsohle esale pele, joale le falimehe.+

24 Empa ka mor’a mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, khoeli e ke ke ea khanya,+ 25 linaleli li tla oa leholimong le lintho tse maholimong li sisinyehe. 26 Batho ba tla bona Mor’a motho+ a tla ka maru, matla a maholo le khanya.+ 27 O tla romela mangeloi ’me a tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše,* ho tloha pheletsong ea lefatše ho ea pheletsong ea leholimo.+

28 Ithuteng ka mohlala oa sefate sa feie.* Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, lea tseba hore lehlabula le haufi.+ 29 Ka tsela e tšoanang le lona ha le bona lintho tsena li etsahala le tsebe hore o haufi, o eme monyako.+ 30 Kannete kea le bolella hore lintho tsena tsohle li tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 31 Leholimo le lefatše li tla nyamela+ empa mantsoe a ka ’ona a tla ba teng ho ea ho ile.+

32 Ha ho ea tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a maholimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ea le tsebang.+ 33 Le lule le hlaphohetsoe le falimehile+ kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla fihla neng.+ 34 Ho tšoana le ha motho a etela hole ebe o siea ntlo ea hae boliseng ba makhoba a hae.+ O fa lekhoba ka leng mosebetsi oa lona ebe o laela molebeli oa monyako hore a lule a falimehile.+ 35 Kahoo, le lule le falimehile hobane ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng,+ ebang ke mantsiboea, har’a mpa ea bosiu, pele bosiu bo e-sa* kapa hoseng haholo+ 36 e le hore ha a fihla ka tšohanyetso, a se ke a fumana le robetse.+ 37 Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle: Le lule le falimehile.”+

14 Ho ne ho setse matsatsi a mabeli pele+ ho Paseka+ le Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Baprista ba baholo le bangoli ba ne ba ntse ba batla hore na ba ka mo tšoara joang ka bolotsana ebe baa mo bolaea.+ 2 Ba ne ba re: “Re se ke ra mo tšoarela moketeng hobane batho ba ka ’na ba etsa moferefere.”

3 Ha a le Bethani a ntse a ja ha Simone ea neng a kile a tšoaroa ke lepera, mosali e mong a fihla a nkile botlolo ea alabastera e tšetseng oli e turu e nkhang hamonate, e le nareda ea ’nete. A pshatla molomo oa botlolo eo eaba o tšela oli hloohong ea Jesu.+ 4 Balateli ba bang ba Jesu ba ne ba halefile haholo eaba baa botsana ba re: “Oli ee e senyetsoa’ng? 5 E ka be e rekisitsoe ka lidenari* tse ka holimo ho 300 ebe chelete eo e fuoa bafutsana.” Ba ne ba koatetse* mosali eo haholo. 6 Empa Jesu a re: “Mo tloheleng. Ke hobane’ng ha le mo nyahamisa? O nketselitse ntho e ntle.+ 7 Le tla lula le e-na le bafutsana+ ’me le ka ba thusa neng kapa neng ha le batla empa le ke ke la lula le e-na le ’na.+ 8 O entse seo a neng a ka se khona, o tšetse ’mele oa ka ka oli e nkhang hamonate e le ho ntokisetsa lepato esale pele.+ 9 Kannete ke re ho lona, kae kapa kae moo litaba tsena tse monate tsa ’Muso oa Molimo li boleloang teng lefatšeng lohle,+ ntho eo mosali enoa a e entseng le eona e tla boleloa e le hore a hopoloe ka eona.”+

10 E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota a ea ho baprista ba baholo ho ba thusa ho tšoara Jesu.+ 11 Ha ba utloa, ba thaba eaba ba mo tšepisa chelete ea silevera.+ Kahoo, a ’na a batla monyetla oa ho mo rekisa.*

12 Ka letsatsi la pele la Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso,+ ha ba etsa sehlabelo sa Paseka+ joalokaha ba ne ba tloaetse, barutuoa ba hae ba re ho eena: “U batla hore re u lokisetse ho jella Paseka hokae?”+ 13 Eaba o roma barutuoa ba hae ba babeli ’me o re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi. Le mo sale morao+ 14 ebe moo a tla kena teng le re ho mong’a ntlo: ‘Mosuoe o re: “Kamore ea baeti eo nka jellang Paseka ho eona le barutuoa ba ka ke efe?”’ 15 O tla le bontša kamore e kholo e mokatong o ka holimo, e nang le lintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.” 16 Barutuoa ba kena motseng ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ne a ba boleletse eaba ba lokisetsa Paseka.

17 Ka mor’a hore shoalane e tšoare, a tla le barutuoa ba hae ba 12.+ 18 Ha ba ntse ba lutse tafoleng ba ja, Jesu a re: “Kannete kea le joetsa, e mong oa lona ea jang le ’na o tl’o nthekisa.”*+ 19 Ba sareloa eaba e mong le e mong o re: “Na ke ’na?” 20 A re ho bona: “Ke e mong oa lona ba 12 ea kenyang letsoho le ’na ka sekotlolong.+ 21 Mor’a motho o tla shoa feela joalokaha Mangolo a bolela empa ho malimabe motho ea mo rekisang.*+ Ho ka be ho bile molemo ha motho eo a ne a sa tsoaloa.”+

22 Ha ba ntse ba ja, Jesu a nka bohobe, a rapela, a bo qhetsola eaba o ba fa bona ’me o re: “Bo nkeng, bohobe bona bo emela ’mele oa ka.”+ 23 A nka senoelo se tšetseng veine, a leboha Molimo, a ba fa sona eaba kaofela baa noa.+ 24 A re ho bona: “Veine ena e emela mali a ka+ e leng ‘mali a selekane’+ a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata.+ 25 Kannete kea le bolella, nke ke ka hlola ke noa veine ena hape ho fihlela letsatsing leo ka lona ke e noang e le ncha ’Musong oa Molimo.” 26 Ha ba qeta ho binela Molimo lithoriso,* ba tsoa ba ea Thabeng ea Mehloaare.+

27 Eaba Jesu o re ho bona: “Kaofela ha lona le tla ntahla* hobane Mangolo a re: ‘Ke tla otla molisa,+ linku li qhalane.’+ 28 Empa ka mor’a hore ke tsosoe ke tla le etella pele ho kena Galilea.”+ 29 Empa Petrose a re ho eena: “Le haeba ba bang kaofela ba u lahla,* ’na nke ke ka u lahla.”+ 30 Eaba Jesu o re ho eena: “Kannete ke re ho uena, bosiung bona pele mokoko o lla habeli, u tla be u ntatotse hararo.”+ 31 Empa a tiisa a re: “Le haeba nka lokela ho shoa le uena, ho hang nke ke ka u latola.” Ba bang kaofela le bona ba bua ntho e tšoanang.+

32 Kahoo, ba tla sebakeng se bitsoang Gethesemane ’me a re ho barutuoa ba hae: “Lulang mona ha ke ntse ke rapela.”+ 33 A tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne+ eaba o qala ho sareloa le ho khathatseha habohloko. 34 A re ho bona: “Ke saretsoe haholo+ hoo nka ’nang ka shoa. Lulang mona le falimehe.”+ 35 A ea pejana, a itihela fatše eaba o rapella hore haeba ho khoneha, nako eo e boima e mo fete. 36 A re: “Abba,* Ntate,+ lintho tsohle lia khoneha ho uena. Tlosa senoelo sena ho ’na. Empa ho ke ho etsahale thato ea hao eseng ea ka.”+ 37 A khutlela ho barutuoa ba hae eaba o ba fumana ba robetse. A re ho Petrose: “Simone, u robetse? U ne u se na matla a ho lula u falimehile hora e le ’ngoe feela?+ 38 Falimehang ’me le rapele le sa khaotse e le hore le se ke la oela molekong.+ Ho hlakile hore pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.”+ 39 A tloha hape ho ea rapela, a ’na a bua mantsoe a tšoanang.+ 40 A boela a tla, a ba fumana ba robetse hobane ba ne ba imetsoe ke boroko. Eaba ha ba tsebe hore na ba ikarabella ka ho re’ng. 41 A khutlela ho barutuoa ka lekhetlo la boraro eaba o re ho bona: “Ka nako ee le phomotse ebile le robetse? Tsohang. Nako ea hore Mor’a motho a nehelloe baetsalibe e fihlile.+ 42 Emang re tsamaee. Motho ea nthekisitseng o se a le haufi.”+

43 Ha a sa ntse a bua, Judase e leng e mong oa baapostola ba 12, a fihla le letšoele le leholo la batho ba nkileng lisabole le melangoana ba tsoa ho baprista ba baholo, bangoli le baholo.+ 44 Joale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke eena. Le mo tšoare le etse bonnete ba hore ha a balehe.” 45 A ea a tobile ho Jesu a fihla a re ho eena: “Lumela Rabi!” Eaba oa mo suna. 46 Kahoo, ba mo tšoara. 47 E mong oa ba neng ba eme haufi a tsomula sabole ea hae eaba o khaola tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng.+ 48 Empa Jesu a re ho bona: “Na ke lesholu ha e le moo le tla le nkile lisabole le melangoana ho tla ntšoara?+ 49 Ke ne ke lula ke e-na le lona ka tempeleng letsatsi le letsatsi ke ruta+ empa ha lea ka la ntšoara. Leha ho le joalo, tsena tsohle li etsahetse hore Mangolo a phethahale.”+

50 Barutuoa kaofela ba mo siea ba baleha.+ 51 Ho ne ho e-na le mohlankana e mong ea neng a tsamaela haufi, a apere seaparo sa line ea boleng bo botle ’meleng. Ba leka ho tšoara mohlankana eo 52 empa a siea seaparo sa hae a baleha a le feela.*

53 Ba isa Jesu ho moprista ea phahameng+ moo baprista ba baholo, bangoli le baholo kaofela ba neng ba bokane teng.+ 54 Empa Petrose a mo latela a le sebakana ho ea fihla lebaleng la moprista ea phahameng. O ne a lutse le bahlanka ba ntlo a iphuthumalitse mollong.+ 55 Baprista ba baholo le litho tsohle tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda* ba ne ba batla bopaki boo ba ka qosang Jesu ka bona e le hore ba mo bolaee. Empa ha baa ka ba bo fumana.+ 56 Batho ba bangata ba ne ba fana ka bopaki ba bohata+ empa bopaki ba bona bo ne bo sa lumellane. 57 Ba bang ba ne ba ema ’me ba fana ka bopaki ba bohata ba re: 58 “Re utloile a re: ‘Ke tla heletsa tempele ena e hahuoeng ka matsoho ebe ka mor’a matsatsi a mararo ke haha e ’ngoe e sa etsoang ka matsoho.’”+ 59 Empa bopaki ba bona bo ne bo sa lumellane le tabeng ena.

60 Moprista ea phahameng a ema har’a bona a re ho Jesu: “U ikarabella ka ho re’ng? Na oa utloa hore na banna baa ba u qosa ka eng?”+ 61 Empa Jesu a thola tu!+ Moprista ea phahameng a boela a re ho eena: “Na ke uena Kreste Mora oa Molimo ea Halalelang?” 62 Jesu a re: “Ke eena. Lona le tla bona Mor’a motho+ a lutse ka letsohong le letona+ la Molimo ea matla ’me a tla ka maru.”+ 63 Eaba moprista ea phahameng o tabola liaparo tsa hae o re: “Re sa hlokela’ng lipaki tse ling?+ 64 Le ikutloetse ha a rohaka Molimo. Lona le re’ng?” Kaofela ba re a bolaoe.+ 65 Ba bang ba mo tšoela ka mathe,+ ba mo koahela sefahleho, ba mo otla ka litebele eaba ba re ho eena: “Profeta!” Bahlanka ba lekhotla ba mo otla lerameng eaba baa mo nka.+

66 Ha Petrose a ntse a le tlase lebaleng, e mong oa banana ba sebeletsang moprista ea phahameng a tla.+ 67 Ha a bona Petrose a iphuthumalitse mollong, a mo sheba ’me a re: “Le uena u ne u e-na le Jesu enoa oa Monazaretha.” 68 Empa a hana a re: “Ha ke mo tsebe ebile ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.” Eaba Petrose o ea keiting. 69 Ngoanana e mong a mo bona hape. A re ho ba emeng haufi le moo: “E mong oa bona ke enoa.” 70 A boela a itatola. Ka mor’a nakoana, ba emeng haufi le moo ba re ho Petrose: “Kannete u e mong oa bona hobane hantle-ntle u Mogalilea.” 71 Empa a hlapanya a re: “Motho enoa eo le buang ka eena ha ke mo tsebe.” 72 Hang-hang mokoko oa lla lekhetlo la bobeli+ ’me Petrose a hopola hore Jesu o ile a re: “Pele mokoko o lla habeli, u tla be u ntatotse hararo.”+ A sitoa ho ithiba eaba o lla habohloko.

15 Hang ha mafube a hlaha, litho tsohle tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda* e leng baprista ba baholo, bangoli le baholo ba buisana, ba fasa Jesu ba mo khanna eaba ba mo isa ho Pilato.+ 2 Kahoo, Pilato a re ho eena: “Na u Morena oa Bajuda?”+ Jesu a re: “E, ke eena.”*+ 3 Eaba baprista ba baholo ba qala ho qosa Jesu ka lintho tse ngata. 4 Pilato a mo botsa hape a re: “U ikarabella ka ho re’ng?+ Na oa utloa hore na ba u qosa ka lintho tse ngata hakae?”+ 5 Jesu ha aa ka a re letho eaba Pilato oa makala.+

6 Ha e le Paseka, Pilato o ne a tloaetse ho lokollela sechaba motšoaruoa eo se mo batlang.+ 7 Ka nako eo, monna ea bitsoang Barabase o ne a kentsoe teronkong le ba bang ba neng ba fetohetse ’muso ba bile ba bolaile batho. 8 Batho ba fihla ’me ba kopa Pilato hore a ba etsetse kamoo a tloaetseng ho ba etsetsa kateng. 9 Pilato a re: “Le batla ke le lokollele Morena oa Bajuda?”+ 10 Pilato o ne a bona hore baprista ba baholo ba tlisitse Jesu ho eena hobane ba le mona.+ 11 Empa baprista ba baholo ba susumeletsa sechaba ho kopa hore ho lokolloe Barabase eseng Jesu.+ 12 Pilato a re: “Joale ke etse’ng ka enoa eo le reng ke Morena oa Bajuda?”+ 13 Ba hoeletsa ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+ 14 Empa Pilato a re ho bona: “Hobane’ng, o entse’ng e mpe?” Empa ba hoeletsa le ho feta ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+ 15 Kaha Pilato o ne a batla ho ba khotsofatsa, a ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali+ ’me a fana ka eena hore a khokhotheloe palong.*+

16 Masole a mo isa ka lebaleng ha ’musisi ’me a bokella sehlopha sohle sa masole.+ 17 Eaba a mo apesa seaparo se pherese, a loha korone ka meutloa a mo roesa eona. 18 Masole ao a re ho eena: “Lumela, uena Morena oa Bajuda!”+ 19 Hape, a ne a mo otla hloohong ka lehlaka, a mo tšoela ka mathe ebe aa mo khumamela.* 20 Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobolisa seaparo se pherese, a mo apesa liaparo tsa hae ’me a mo etella pele hore a e’o khokhotheloa palong.+ 21 Monna e mong oa Saerene ea bitsoang Simone ea tsoang mahaeng, ntate oa Alexandere le Rufase, o ile a feta eaba masole ao a mo qobella ho jara palo eo Jesu a neng a tl’o khokhotheloa ho eona.*+

22 Masole a tlisa Jesu Golgotha, eo ha e fetoleloa e bolelang Sebaka sa Lehata.+ 23 A leka ho mo fa veine e tsoakiloeng le sethethefatsi sa mira+ empa ha aa ka a e noa. 24 A mo khokhothela palong eaba a aba liaparo tsa hae ka ho lahla lotho.+ 25 Masole ao a mo khokhothela palong hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng.* 26 Boto e ngotsoeng hore na o qoselitsoe eng e ne e re: “Morena oa Bajuda.”+ 27 Hape masole ao a khokhothela masholu a mabeli lipalong pel’a hae, le leng ka ho le letona le leng ka ho le letšehali.+ 28 *—— 29 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya lihlooho+ ba re: “Halala! U itse u tla heletsa tempele u be u e hahe ka matsatsi a mararo.+ 30 Theoha palong eo u khokhothetsoeng ho eona u ipholose.” 31 Baprista ba baholo le bangoli le bona ba mo soma ba re: “O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa.+ 32 Joale haeba ke Kreste Morena oa Iseraele, ha a theohe palong eo a khokhothetsoeng ho eona re bone, re tsebe ho lumela.”+ Esita le ba neng ba khokhothetsoe lipalong pel’a hae ba ile ba mo rohaka joalo.+

33 Ka 12 motšehare* lefifi la aparela naha eohle ka lihora tse tharo.*+ 34 Ka hora ea boraro mantsiboea* Jesu a hoeletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntahletse’ng?”+ 35 Ha batho ba emeng moo ba utloa a cho joalo ba re: “Utloang, o bitsa Elia.” 36 Empa motho e mong a matha, a kenya seponche ka har’a veine e bolila, a se hloma lehlakeng eaba oa mo fa hore a noe+ a re: “Mo tloheleng re bone hore na Elia o tla tla a mo theola.” 37 Empa Jesu a hoeletsa eaba oa shoa.*+ 38 Kharetene ea sehalalelo+ ea taboha ka lehare ho tloha holimo ho ea tlase.+ 39 Ha molaoli oa sesole ea neng a eme haufi le Jesu a bona lintho tse ileng tsa etsahala ha Jesu a shoa a re: “Kannete monna enoa e ne e le Mor’a Molimo.”+

40 Hape ho ne ho e-na le basali ba neng ba shebeletse ba le hojana. Har’a bona ho ne ho e-na le Salome, Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jakobo e Monyenyane le Jose.+ 41 Ha a ne a le Galilea ba ne ba tloaetse ho tsamaea le eena le ho mo sebeletsa.+ Ho ne ho boetse ho e-na le basali ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse Jerusalema le eena.

42 E ne e le motšehare oa mantsiboea, ho itokisetsoa letsatsi le hlahlamang e leng la Sabatha. 43 Ka hona, Josefa oa Arimathea a ba sebete a ea ka pel’a Pilato ’me a kopa setopo sa Jesu.+ E ne e le setho sa Lekhotla se hlomphehang hape a lebeletse ’Muso oa Molimo. 44 Empa Pilato o ne a sa kholoe hore o se a shoele. Kahoo, a bitsa molaoli oa sesole a mo botsa hore na o se a shoele. 45 Kahoo, ha a se a kholisehile hore o shoele, a fa Josefa setopo. 46 Ho feta moo, Josefa a reka lesela la line ea boleng bo botle, a theola setopo sa Jesu palong, a se phuthela ka lesela leo la line eaba o se beha ka lebitleng+ le neng le chekiloe lefikeng. A beha lejoe monyako oa lebitla.+ 47 Empa Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jose ba sala ba shebile lebitla la Jesu.+

16 Ha Sabatha+ e fetile, Salome, Maria Magdalena le Maria+ ’mè oa Jakobo, ba reka lioli tse nkhang hamonate e le hore ba tlotse setopo sa Jesu.+ 2 Ka letsatsi la pele la beke, ba tla lebitleng hoseng haholo ha letsatsi le qeta ho chaba.+ 3 Ba ne ba buisana ba re: “Ebe ke mang ea tla re tlosetsa lejoe monyako oa lebitla?” 4 Empa ha ba sheba lebitla ba bona lejoe leo le tlositsoe le hoja le ne le le leholo haholo.+ 5 Eitse ha ba kena ka lebitleng, ba tšoha haholo hobane ba ile ba bona mohlankana e mong ea apereng liaparo tse telele tse tšoeu a lutse ka lehlakoreng le letona. 6 Mohlankana eo a re ho bona: “Le se ke la tšoha,+ kea tseba hore le batla Jesu oa Monazaretha ea ileng a khokhotheloa palong. O tsositsoe,+ ha a eo mona. Bonang moo a neng a robetse teng.+ 7 E-eang ho Petrose le barutuoa ba bang ba Jesu le re ho bona: ‘O se a ntse a le tseleng e eang Galilea.+ Le tla mo fumana moo feela joalokaha a ile a le bolella.’”+ 8 Kahoo, ba tsoa lebitleng ba matha, ba thothomela ba bile ba maketse. Ha baa ka ba re letho ho mang kapa mang hobane ba ne ba tšohile.*+

Ka Segerike: “ka pel’a sefahleho sa hao.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “ina; tipa.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Ke linete tse tšoasang litlhapi.

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Ka Segerike: “sinagogeng ea bona.”

Kapa: “thuto e ncha.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

E leng ’mè oa mosali oa Simone.

Kapa mohlomong: “hore na ke mang.”

Ka Segerike: “lisinagogeng tsa bona.”

Ka Segerike: “Ngoana.”

Ka Segerike: “moea oa hae oa mo lemosa.”

Mekotla ea letlalo e tšelang metsi.

Ka Segerike: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bohobe ba nyehelo.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Kapa: “shoeleng.”

Kapa: “shoeleng.”

Kapa: “ea chesehang.”

Kapa: “eka.”

Lebitso le leng leo Satane a bitsoang ka lona.

Ka Segerike: “ntlo.”

Ka Segerike: “sebe se sa feleng.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “thetso ea maruo.”

Ka Segerike: “ka sekepeng, feela joalokaha a ne a le ka ho sona.”

Kapa: “le boi.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “metse e leshome.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Kapa: “oa shoa.”

Ka Segerike: “Morali.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Kapa: “Khaotsa ho tšoha.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Kapa: “ka thata.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Ka Segerike: “koporo.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Kapa: “liaparo tse peli.”

Ka Segerike: “hore e be bopaki ho bona.”

Kapa: “ba otlileng ka lehlakore tafoleng.”

Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “mohloeng.”

Ka Segerike: “ka tebelo ea bone ea bosiu,” hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng ho fihlela letsatsi le chaba ka hora ea botšelela hoseng.

Kapa: “a le haufi le ho.”

Kapa: “Ke pono.”

Kapa: “ea ba lakaletsang bomalimabe.”

Sheba Ntlha ea A3.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ea hlahetseng.”

Kapa: “metse e leshome.”

Kapa: “libaskete tsa mofaho.”

Kapa: “libaskete tsa mofaho.”

Ka Segerike: “tšoela.”

Ka Segerike: “Suthela ka mor’a ka.”

Ka Segerike: “a nke palo ea hae ea tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso ea Palo.

Ka Segerike: “o febang.”

Kapa mohlomong: “Ha baa ka ba bolella mang kapa mang ka taba eo.”

Kapa: “ekoa.”

Ka Segerike: “a khoptjoe.”

Kapa: “leloala le sothoang ke tonki.”

Ka Segerike: “khoptjoe.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A3.

Ka Segerike: “khoptjoe.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A3.

Ka Segerike: “khoptjoe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “tšenyane.”

Ka Segerike: “kopantseng hammoho jokong.”

Ka Segerike: “behe matsoho.”

Ka Segerike: “Bana.”

Kapa mohlomong: “ba buisana ba re.”

Kapa: “Mehleng e tlang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “khanyeng ea hao.”

E bolelang “Mosuoe.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “feiga.”

Ke batho ba chenchang lichelete ba batla phaello.

Sheba Ntlha ea A3.

Ka Segerike: “leholimo.”

Kapa: “la bohlokoa.” Ka Segerike: “hlooho ea sekhutlo.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “nepo.”

Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “e bohlokoa haholo.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “kutloisiso.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “tse hlomphehang.”

Ka Segerike: “lisinagogeng.”

Kapa: “thepa.”

Kapa: “matlole a polokelo.”

Ka Segerike: “lileptone tse peli. Li lekana le koaterane.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “ka matloleng a polokelo.”

Ka Segerike: “lisinagogeng.”

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “meeeng e mene.”

Kapa: “feiga.”

Ka Segerike: “ha mokoko o lla.”

Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “omanya.”

Kapa: “oa ho mo eka.”

Kapa: “nkeka.”

Kapa: “ekang.”

Kapa: “lifela; lipesaleme.”

Ka Segerike: “khoptjoa.”

Ka Segerike: “khoptjoa.”

Ke lentsoe la Seheberu kapa la Searame le bolelang “Ntate.” Ke tsela eo ngoana a bitsang ntate oa hae ka eona.

Ka Segerike: “moeki oa hae.”

Kapa: “a apere ha bobebe; a apere seaparo sa ka hare feela.”

Ka Segerike: “Sanhedrine.”

Ka Segerike: “Sanhedrine.”

Ka Segerike: “Ke uena ea chong.” Ke mokhabo-puo o bontšang ho lumela.

Kapa: “bolaeloe palong.”

Kapa: “bolaeloe palong.”

Kapa: “a bolaeloe palong.”

Kapa: “inamela.”

Kapa: “palo eo batho ba hlokofaletsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “hora ea boraro.”

Sheba Ntlha ea A3.

Ka Segerike: “Ka hora ea botšelela.”

Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ea borobong.”

Ka Segerike: “hora ea borobong.”

Kapa: “o nehela moea.”

Ho ea ka libuka tsa khale tse tšeptjoang, Kosepele ea Mareka e fella ka mantsoe a temana ea borobeli. Sheba Ntlha ea A3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela