Ho Ntšetsa Metsi Likobong
Ho Thusa Ngoana oa Hao ho ho Hlōla
Haeba bothata bona bo ama uena kapa moratuoa oa hao, u tla tšeliseha ho tseba hore ha u mong le hore bo ka phekoloa
“HO SENTSE bocha ba ka!” ‘Ho hlatsuoa ho sa feleng ha likobo le liaparo tsa ho robala!’ Ke “lebitso le lebe” le “mahlabisa-lihlong!”
Lillo tsena tse utloisang bohloko li hlaha ho batsoali le bana ba nang le bothata bo tepelletsang ba ho ntšetsa metsi likobong bosiu. Ke bohloko bo tsietsang kahobane, ba anngoeng ke bona, ha ba fumane ho le bonolo ho bua ka bona.
Leha ho le joalo, ho ntšetsa metsi likobong bosiu ho tloaelehile. Ho ama bana ba ka bang limillione tse hlano United States feela, ka hoo ke taba e hlokang tlhokomelo e khōlō le patlisiso. Ho bakoa ke eng?
Lebitso leo lingaka li le sebelisang bakeng sa lefu lena la ho ntšetsa metsi likobong bosiu ke “nocturnal enuresis.” Lentsoe lena le bolela ho itsoela ha metsi bosiu lilemong tseo ka tsona, ka tloaelo ho lebeletsoeng hore motho a tsebe ho laola metsi a hae bosiu. Ke lilemong life tseo bana ba bangata ba tsebang ho laola sena? Ba fapana ho ea ka tlhaho ea bona, empa ngoana a le mong ho ba 5 o ntšetsa metsi likobong ka lekhetlo le fetang le le leng ka beke ha a le lilemo li 3, a le mong ho ba 10 ha a le lilemo li 5, empa a le mong ho ba 35 ha a le lilemo li 14.
Lipalo tsena li bontša hore bothata ba ho ntšetsa metsi likobong bosiu bo qetella bo hlōtsoe kamor’a nako e itseng. Ha e le hantle, mofuputsi e mong o fumane hore karolo ea 75 lekholong ea bana ba neng ba khathatsoa ke lefu lena e ile ea phekoloa ka lilemo tse fetang tse hlano. Bashemane ke bona ba amehang haholo ho feta banana, ’me ho bonahala hore lefu lena le kenella ka lelapeng, ’me le ama motsoali, moena kapa khaitseli.
Lisosa tse Nahaneloang
Ka linako tse ling, le hoja e le seoelo, ho ntšetsa metsi likobong bosiu ho bakoa ke lefu le kang bohloko lithong tse ntšang metsi, lefu la tsoekere, ho kulisoa ke lijo tse itseng, kapa lefu le itseng la senya, liphio, kapa tsamaiso ea methapo ea hlooho. Motho o tlamehile hore a be a e-na le lefu le itseng haeba a hlōleha ho itšoara le motšehare. Ha ngoana a tsoela pele ho ntšetsa metsi likobong kamor’a lilemo tse hlano kapa tse tšeleletseng, ho hlokahala hore ho bonoe ngaka ho hlahloba haeba ho na le lefu le itseng, le haeba ho etsahala motšehare le ho ipheta kamor’a ho khaotsa ka nako e telele.
Le hoja nakong e fetileng ba bang ba ne ba talima ho ntšetsa metsi likobong e le pontšo ea lefu la methapo ea hlooho, hona joale lingaka li lumela hore motho ha a etse sena ka boomo ’me ha se pontšo ea bothata ba kelello. Sesosa sa bothata bona ha se tsejoe, le hoja ho hlahisitsoe likhopolo tse ngata, tse kang ho ba le senya se senyenyane, taolo ea senya e liehang ho hōla, lefutso, le ho se robale hantle. Maemo a fetang ana a kaholimo a ka ’na a ba teng ngoaneng.
Haeba ngoana a tsebile ho laola metsi a hae ka likhoeli tse tšeletseng kapa ho feta ’me hamorao a qala ho a ntšetsa likobong, ho ka ’na ha etsahala hore sesosa sa hoo ke lefu la ’mele kapa ho ferekana ha maikutlo. Lintho tse kang ho hlaha ha lesea, motsoali oa bobeli, ho fallela tlung e ncha, kapa tšitiso e ’ngoe ea lelapa li ka ’na tsa tsosa hape mokhoa oa ho ntšetsa metsi likobong. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata litšitiso tsa maikutlo tse kang maikutlo a molato, ho inyatsa, ho felloa ke seriti, le lipelaelo li hlaha ka baka la ho ntšetsa metsi likobong.
Tsela ea ho Hlōla Bothata Bona
Lorraine, ea neng a ntšetsa metsi likobong ho fihlela a le lilemo li 19 o re, “Ntho e mpe ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke ha u ba tšosa. Bothata bo phehella haholo ha ba tšosoa; ha bo kokobele.” “Ha ho hlokahale hore u halefele ngoana,” ho hlalosa ’mè eo mora oa hae Julien, ea lemo li robeli a amehileng.
Kotlo, ho iphapanyetsa bothata ba ngoana, le ho mo nyatsa ke liphekolo tse sa sebetseng kahobane ngoana ha a tsebe ho laola mokhoa ona oa ho ntšetsa metsi likobong. Ho itšoara ka tsela ena ho mpa ho eketsa maikutlo a molato le lihlong ’me ha ho thuse ka letho. Ho e-na le hoo batsoali ba lokela ho leka ho thusa ngoana ho se amehe haholo ka sena. Lorraine oa lemosa: “Leka ho fokotsa lihlong e-ba ea utloisisang, u se leke ho kopanyelletsa tlhaloso leha e le efe e mpe ka bothata bona—ngoana o se a ntse a ikutloa molato.”
Ho na le mekhoa e mengata ea phekolo, empa ho ke ke ha profetoa hore na ke ofe o ka thusang ngoana. Ka baka leo, lelapa le ka talimana le taba ea ho leka mekhoa e sa tšoaneng ka tatellano. Lilemo tsa ngoana ea amehang le tsona li ka fana ka leseli la phekolo e ka sebelisoang. Kaha mokhoa oa ho ntšetsa metsi likobong o atisa ho khaotsa ka potlako, batsoali ba bang ba bona ho loketse ho leta. Haeba ngoana a se na bothata leha e le bofe ’meleng kapa maikutlong, ho ka ba molemo ho leta. ’Nete ke hore, ngoana a ka ’na a tepeletsoa ke liteko le mekhoa ea phekolo.
Leha ho le joalo, ho ntšetsa metsi likobong, ho bakela mosebetsi o mongata, khatello maikutlong, le lihlong ho bohle ba amehang. Hona ho ka khina ho robaletsa ha metsoalle le beng ka lona. Lorraine o boletse, “Ho hlaha mathata a mangata a tulisano lapeng, ’me seo se baka letheba bothong ba hao.”
Ka baka leo, ha ho bohlale ho tlohela phekolo ho hang. Lorraine oa khothatsa: “Se ke ua e tlohela. Khabareng, e ka u bakela khatello ea maikutlo. Ikemisetse.” ’Mè oa Julien o re, “Phekolo e fetoha tloaelo.”
Se ka Thusang
Pele u qalisa ka mofuta oa phekolo, u lokela ho tiisa hore ha o bake kotsi e eketsehileng ho feta bothata ka bobona. Lingaka tse ling li bolela hore phekolo ha ea lokela ho qalisoa ho fihlela ha ngoana a le lilemo tse tšeletseng ho ea ho tse robeli. Ka tloaelo, ho ntšetsa metsi likobong ha ho tepelletse ngoana maikutlong pele a fihla lilemong tsena. Ntle ho moo, bana ba seng ba hōlile ba arabela hamolemo phekolong.
Mekhoa e meng ea ho thusa motsoali ho sebetsana le bothata bona e kopanyelletsa ho sebelisa materase a koahetsoeng ka polasitiki kapa masela a monyang metsi ho sireletsa materase le ho etsa hore ngoana a thuse ho hloekisa. Ho apara liaparo tse ngata tsa ka hare ho kopanyelletsa le tsa ho robala ho tla thibela metsi a mangata ho se fihle lilakaneng. Bana ba seng ba hōlile ba ka bea alamo ho ba tsosa hore ba ee ntloaneng pele ba qala ho ntšetsa metsi likobong. Keletso le tiisetso ka botsona li ka thusa ho ntlafatsa. Ho thusa ngoana ho utloisisa bothata le ho mo kopanyeletsa phekolong ho ka ’na ha tlisa katleho.
Mekhoa e bonolo e kang ho thibela lino kamor’a lijo tsa mantsiboea (haholo-holo lino tse nang le caffeine le tse nang le asiti), le ho tiisa hore ngoana o ea ntloaneng pele a robala, le ho mo tsosa bosiu ho ea ntša metsi, le ho mo babatsa ha a sa ka a ntšetsa metsi likobong, lintho tsena li ka fokotsa mokhoa oa ho ntšetsa metsi likobong bosiu. Haeba ngoana a nka nako e telele a sa ntšetse metsi likobong, sena e tla ba khothatso ’me ho ka mo thusa ho ntlafatsa. Hape, ho ruta ngoana ho se ee ntloaneng khafetsa motšehare ho ile ha thusa.
Mokhoa o tsoetsoeng pele haholo ke oa ho sebelisa alamo e llang hang feela a ntša metsi ha a robetse. Marotholi a seng makae a metsi holim’a lesela le khethehileng le nang le likhoele tse hokeletsoeng mochining oa alamo leo ngoana a robalang ho lona bosiu le ka letsa alamo e tla tsosa ngoana hang ha le rotheloa metsi. Katleho e fumanoeng ea ho felisa ho ntšetsa metsi likobong bosiu ka mokhoa ona ho tlalehoa hore e phahame ho tloha ho karolo ea 60 ho ea ho 90 lekholong, le hoja ho qalisa ha bothata bona hape ho batho ba phekotsoeng ho etsahala ka karolo ea 10 ho ea ho 45 lekholong.
Ho qalisa mokhoa ’ona oa phekolo hape ho ka thusa.
Ho leka mekhoa ena eohle, e bitsoang “Thupelo ea ho Thibela ho Ntšetsa Metsi Likobong,” ho entse hore hoo e ka bang bana bohle ba phekotsoeng ba khaotse ho ntšetsa metsi likobong. Ka masoabi, bana ba ka bang 20 ho ea ho 30 lekholong ba khutlela bothateng bona hang feela ha phekolo e emisoa, empa haeba bana bana ba phekoloa khafetsa sena se ka tlisa phekolo e feletseng.
Moriana o bitsoang imipramine ho bontšitsoe hore o fokotsa ho ntšetsa metsi likobong bosiu, empa ho tloaelehile hore e hlahise kotsi e itseng ’me tekano ea ho khutla ha bothata bona e phahame haholo. Ho tlalehiloe ka lefu le likotsi tsa ho noa moriana ona oa imipramine ho tlōlisa ka baka leo ho eletsoa hore motho a be hlokolosi ha a sebelisa phekolo ena. Ho buelloa hore haeba motho a sebelisa sethethefatsi sena o lokela ho batla tlhokomelo e tsoelang pele ea ngaka.
Ba bang ba sebelisitse mefuta e meng ea phekolo. ’Mè oa Julien o boletse: “Ke etsa tlhahiso ea hore ho bonanoe le ngaka e sililang. Ke hlokomela kamoo boemo bo ntlafetseng kateng ho mora oa ka nako e etsang likhoeli tse peli le halofo feela.” Lipatlisiso tsa ho phekola bothata ka ho sebelisa nalete ea acupuncture li bontša hore phekolo ena e atleha ka karolo ea 40 lekholong. Ngaka e phekolang ka litlama e ka buella litlama tseo ho tšeptjoang hore li tla emisa bothata ba ho ntšetsa metsi likobong. Libakeng tse ling, ho na le likliniki tse sebetsanang le bothata bona ka ho khethehileng.
Mabakeng a mangata, bothata bo atisa ho nyamela feela, kapa bo fole kamor’a phekolo. Joaloka ha Lorraine a hlokomela: “Batho ba ikutloa ba tšelisehile haholo ha ba utloa hore ho na le motho e mong ea fetileng bothateng bo tšoanang.” Tiisetso ena hammoho le liphekolo tse ling tse leng teng e ka ’na ea ba senotlolo sa ho thusa ngoana oa hao ho hlōla bothata ba ho ntšetsa metsi likobong.—Se neetsoe ke ngaka ea meriana.