Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 8/8 maq. 20-21
  • “Ha re Jarise Molimo Molato”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ha re Jarise Molimo Molato”
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boena ba Lefatše Lohle
  • Na ka Sebele Batho ba Batla Hore Molimo o Emise ho Lumella Bokhopo?
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jobo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • “Jehova a ke ke a Lahla Batho ba Hae”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 8/8 maq. 20-21

“Ha re Jarise Molimo Molato”

HA KA Tšitoe ngoahola sefofane sa 103 sa Pan American se jereng bapalami ba 259 se phatloloa ke bomo ea batšosi, mobishopo oa Roma e K’hatholike oa Galloway, Maurice Taylor, o buile mantsoe a bohloko ka Molimo:

“Ntate, haeba U Molimo oa lerato, ke ka baka la’ng U lumelletse sena ho etsahala? Ke ka baka la’ng U lumelletse ho timetsoa ha batho ba se nang molato ba makholo? Ba 10 e ne e le baahi ba Lockerbie? Ho na le ba bangata ba e-s’o kang ba utloa ka Lockerbie, empa bophelo ba bona bo felile ka ho tšosang litseleng le mabaleng a karolo ena ea Scotland? Ke hobane’ng ha U lumella batho ba bangata hakaale ho hlokofatsoa ke kotsi e sehlōhō ea ho sareloa ka baka la lefu?”

Liithuti tse ngata ho tsoa Univesithing ea Syracuse ea United States li ne li le har’a ba ileng ba shoa kotsing eo. Mildred Sachuck, ’mè oa lelapa eo e leng setho sa mokhatlo o mong a liithuti, o boletse tjena ka batšosi ba ileng ba cheha bomo eo: ‘Re lokela ho ba lahlela liheleng.’ Tlaleho e ’ngoe ea koranta e itse: “Mohlokomeli oa sefofane Paul Garrett, 41, o ne a lokiselitse ho bula lebenkele le lenyenyane Paris ka mor’a ho sebeletsa mokhatlong ona oa lifofane ka lilemo tse 15. ‘Kotsi e bohloko ke hore leo ebile leeto la hae la ho qetela,’ ho boletse Jan MacMichael, motsoalle ea lulang Millbrae, Calif[ornia].”

Boitšoaro ba batsoali ba Paul, Ernest le Nadine Garrett, Lipaki tsa Jehova tse lulang Millbrae, ebile bo fapaneng haholo le boitšoaro ba mobishopo oa Galloway le ba mofumahali oa Syracuse. Boitšoaro ba batsoali ba Paul bo bonahatsoa ke lengolo leo ba le rometseng ha ba arabela melaetsa ea matšeliso e tsoang ho Paki hammoho le bona ea Motse oa New York:

Boena ba Lefatše Lohle

“Karl, u bile mosa hakaakang ho ipha nako kemisong ea hao e maphathe-phathe ho re romella lengolo la matšeliso. Lena le bile har’a a mangata ao re a amohetseng. Re amohetse a tsoang ho Lipaki tse Norway, Italy, Fora, Engelane, le Cameroon—likarate tse ka bang 600, lithelegramo, le mangolo, le melaetsa ea thelefono e fetang 250 ho potoloha lefatše. Paul o ne a tseba batho ba bangata, kaha o ile a sebeletsa e le mohlokomeli oa lifofane ka lilemo tse ngata mokhatlong oa lifofane oa Pan American. Litšebeletso tsa sehopotso li ile tsa tšoareloa Paris, San Francisco, le Jacksonville, Florida, ka kakaretso ea ba bileng teng ba 1 385.

“Lipaki tsa phutheho ea heso le liphutheho tse ahisaneng le rōna li ile tsa hlokomela ntlo ea rōna le ho re rekela lijo, ho re phehela le ho re lokisetsa tsona, tsa hloekisa ntlo, tsa fapanyetsana ho robala ha rōna, ha re e-s’o ka re e-ba bang le ka motsotso o le mong nakong ea libeke tse peli ho tiisa hore re phetse hantle. Ka sebele, Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle ‘lia ratana.’—Johanne 13:35.

“Moemeli oa mokhatlo oa Pan Ameriean ea ileng a romeloa lelapeng la rōna ho tlisa matšeliso o ile a hlalosa: ‘Ke ne ke tlile mona ho tla le tšelisa, empa ke lōna ba ntšelisitseng. Empa ho na le ho hong ho fapaneng ka lōna, ke bile liketsahalong tse tšoanang le ena.’ Ha a botsoa hore a hlalose seo a hlileng a se bolelang, o itse: ‘Batho bana ka sebele baa hlokomelana.’

“Rea thaba hore re utloisisa Bibele le ho tseba hore ‘nako le liketsahalo tse sa lebelloang’ li na li sebaka sa tsona. (Moeklesia 9:11, NW) Karl, ka ho utloisisa sena, le ka mohla re ke ke ra nyatsa kapa ra nyefola Molimo ka tsela e se nang toka bakeng sa kotsi ena, joalokaha ho entse mobishopo oa K’hatholike oa Galloway. Che, ha re jarise Molimo molato ka lefu la mora oa rōna. Bonneteng mobishopo o bolela hore Jehova hase Molimo o lerato.—1 Johanne 4:8.

“Kapa leha e le hore re batla ho iphetetsa ho batšosi bao, joalokaha ho boletse mofumahali oa mokhatlo oa liithuti oa Syracuse eo setho sa bona se ileng sa shoa kotsing eo ea sefofane, ea itseng: ‘Re lokela ho ba lahlela liheleng.’ Litaba tsena re li tlohella Molimo, o itseng, ‘Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa.’—Ba-Roma 12:19.

“’Me ntlha ea ho qetela, eo le eona e leng bohlokoa, ke tšepo e hlollang ea tsoho e tla re tšehetsa letsatsi le leng le le leng ho flhlela re bona hape mora oa rōna ea ratoang. ‘Haeba motho a e-shoa, na o tla phela hape?’ eo ebile potso ea Jobo lilemo tse ngata tse fetileng. Bibele e arabile potso eo ho Esaia 26:19: ‘Bafu ba hao ba ke ba boele ba utloe . . . [ba] tsosoe.’ Re tšelisoa ke hore mora oa rōna o shoele e le e mong oa Lipaki tsa Jehova tse tšepahetseng, a e-na le lebitso le letle le Molimo, lebitso leo O tla le hopola nakong ea tsoho. (Moeklesia 7:1, mongolo o botlaaseng ba leqephe [NW Ref. Bi]; Johanne 5:28) Re utloile bohloko ka ho lahleheloa ke mora oa rōna, empa ka ho ba le tšepo ea tsoho, ‘ha re hlomohe joaloka ba se nang tšepo.’”−1 Ba-Thessalonika 4:13.

Paul o tlohetse mofumahali oa hae, Dominique. O lula Paris, Fora, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me o ikutloa ka tsela e tšoanang le ea batsoali ba Paul. Le eena ha a jarise Molimo molato ka tahlehelo ena e kotsi le bokamoso boo a lokelang ho talimana le bona ka sebete le ka tšepo.

Na ka Sebele Batho ba Batla Hore Molimo o Emise ho Lumella Bokhopo?

Mehleng ea khale monna ea bitsoang Jobo o ile a oeloa ke mahlomola empa e se ka baka la thato ea Jehova, a nyatsa Jehova ka potso ena: “Na u ka thaba ka ho nketsa hampe?” Jehova a mo araba ka potso e ’ngoe: “U rata ho ntsoa hore u itokafatse?” (Jobo 10:3; 40:8) Molimo oa ruta Jobo ka hore o mo hopotse mesebetsi ea oona e mengata ea pōpo maholimong le lefatšeng e bonahatsang litšoaneleho tsa oona tsa toka, bohlale, matla, le lerato. (Jobo, likhaolo 38-41) Jobo a elelloa phoso ea hae le ho ikhopola ha hae, ’me a re: “Ke fela ke inyatsa, ’me ke iteta sefuba ke le lerōleng le moloreng.”—Jobo 42:6.

Batho ka ho etsa sebe ba itliselitse bomalimabe le ho tlisetsa ba bang. Ba bua ka ho lumella ha Molimo bokhopo ha bona ba bo lumella le ho bo etsa. (Bapisa Ba-Roma 2:1, 21-24.) Bokhopo ba bona bo ka mekhoa e mengata—ho bua leshano, ho qhekella, ho utsoa, ho hatella, ho feba, ho etsa bohlola, ho etsa bosodoma, ho bolaea, ho etsa libetsa le libomo, ho ea ntoeng, ho etsa liphetohelo tsa ’muso, tsohle tsena li etsoa ka boitokafatso, boikaketsi, le bonyefoli. Bahlalefi ba bang ba tsa kahisano ba boletse hore mekhatlo e meng, ka baka la leeme le ho hatella lihlopha tse ling tsa batho, e iketselitse mobu o nonneng bakeng sa lipeō tsa borabele, ’me batho ba hatelletsoeng ba itokafatsa ka ho fetoha batšosi, le ho bolaea ba se nang molato. (Bapisa Exoda 1:13, 14; 1 Marena 12:12-14, 16, 19; Mikea 7:3, 4; Mattheu 7:12.) Ka sebele Moeklesia 8:9 (NW) e nepile ha e re: “Motho o busa motho e mong ho mo ntša kotsi.”

Haeba Molimo o ne o sa lumelle bokhopo ba bona, haeba o ne o kenella ka matla ho bo emisa, mohoo oa bona oa ho belaella litokoloho tsa bona o ne o tla fihla maholimong a phahameng! Ha e le hantle ba batla hore Molimo o ba lumelle ho etsa bokhopo ba bona, empa ba batla ho jala bokhopo ntle le hore ba kotule litholoana tsa bona.—Ba-Galata 6:7, 8.

Ba joalo ba haelloa ke botšepehi le boikokobetso bo tšoanang le ba Jobo, ea ileng a baka ha a utloisisa hore Jehova e ne e se mohloli oa matšoenyeho a hae. Mokhatlo oa kajeno ha o tsamaee le Molimo ’me kahoo o kotula mahlomola a tsela ea oona, hobane “motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Lilemo tse likete tsa histori ea motho li paka bonnete ba sena.

Empa sena se tla fetoha pele moloko ona o fela, ha ’Muso oa Kreste o nka sebaka sa tsamaiso ea hona joale ea bosatane ea lintho. (Daniele 2:44; Mattheu 24:34; 2 BaKorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) ’Me nakong eo, ‘masoabi a ke ke a e-ba teng, leha e le ho bokolla, leha e le bohloko, leha e le lefu,’ hobane Jehova Molimo o itse: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”−Tšenolo 21:1, 4, 5; 2 Petrose 3:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Mohlokomeli oa lifofane Paul Garrett

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela