Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 10/8 leq. 3
  • Ngoana oa Hao o Kotsing!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ngoana oa Hao o Kotsing!
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba Boholo-holo
  • Bothata bo Potlakileng
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Ho Tlatlaptjoa ha Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1997
  • Ke Tlokotsi ea Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1999
  • Bana ba se Nang Molato ba Hlaseloang ke ho Hleka-hlekoa
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 10/8 leq. 3

Ngoana oa Hao o Kotsing!

Ho betoa ha bana ke ntho e tšabehang e etsahalang lefatšeng lena le kulang. Makasine oa Lear’s o ile oa re: “Ho ama bongata ba rōna ho feta kankere, bongata ba rōna ho feta lefu la pelo, bongata ba rōna ho feta AIDS.” Ka hona Tsoha! e utloa e na le tlamo ea ho leka ho hlokomelisa babali ba eona ka kotsi ena le ka se ka etsoang mabapi le eona.—Bapisa le Ezekiele 3:17-21; Ba-Roma 13:11-13.

LILEMONG tsa morao tjena ho ’nile ha utloahala mohoo lefatšeng ka bophara mabapi le ho betoa ha bana. Empa tlhahlobo ea ba phatlalatso, e tletseng batho ba tummeng ba senotseng phatlalatsa liphihlelo tsa bona tsa ho betoa e sa le bana, li bakile maikutlo a fosahetseng a atileng. Ba bang ba lumela hore puo ena eohle ea ho hlaseloa ha bana ke feela feshene ea morao-rao. Leha ho le joalo, ho bua ’nete, ha ho na se secha ka peto e joalo. E batla e le ea khale joaloka histori ea batho ka boeona.

Bothata ba Boholo-holo

Hoo e ka bang lilemo tse 4 000 tse fetileng, metse ea Sodoma le Gomorrha e ne e tumme ka ho hlepha boitšoarong. Ka ho hlakileng ho beta bana ho ne ho le har’a litloaelo tse ngata tse litšila tsa sebaka seo. Genese 19:4 e hlalosa letšoele le hlantšoang ke tšusumetso ea likamano tsa botona le botšehali la Basodoma e le “bana le ba hōlileng” le neng le batla ho beta baeti ba babeli ba banna ba Lota. Nahana ka hona: Ke hobane’ng ha bashemane ba banyenyane ba ne ba ka chesoa ke takatso ka khopolo ea ho beta batho ba batona? Ka ho hlakileng ba ne ba se ba rutiloe boitšoaro bo bobe ba bosodoma.

Lilemo tse makholo hamorao, sechaba sa Iseraele se ile sa fallela tikolohong ea Kanana. Motse ona o ne o qoetse tebe-tebeng ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali lipakeng tsa batho ba amanang, bosodoma, ho ba le likamano tsa botona le botšehali le liphoofolo, botekatsi, haesita le litšebeletso tsa ho nehela bana ba banyenyane e le mahlabelo ho melimo ea bademona hoo liketso tsena tse tšabehang li ileng tsa lokela ho thibeloa ka ho hlakileng Molaong oa Moshe. (Levitike 18:6, 21-23; 19:29; Jeremia 32:35) Ho sa tsotellehe litemoso tsa bomolimo, Baiseraele ba bafetoheli ho akareletsa le ba bang ba babusi ba bona, ba ile ba nka mekhoa ena e nyonyehang.—Pesaleme ea 106:35-38.

Leha ho le joalo, Greece le Roma tsa boholo-holo li ne li fetelletse ho feta Iseraele tabeng ena. Ho bolaea bana ho ne ho tloaelehile linaheng tseo ka bobeli, ’me Greece e ne e le tloaelo e amoheloang hohle hore banna ba hōlileng ba be le likamano le bashemane ba banyenyane. Libaka tsa matekatsi a bashemane li ne li atile motseng o mong le o mong oa Greece ea boholo-holo. ’Musong oa Roma, botekatsi ba bana bo ne bo le bongata hoo makhetho a khethehileng le matsatsi a phomolo a neng a thehiloe ka ho khetheha bakeng sa tšebetso eo. Mabaleng a Roma a boithabiso, banana ba ne ba betoa ’me ba qobelloa ho ba le likamano le liphoofolo. Liketso tse tšoanang tse sehlōhō li ne li atile lichabeng tse ling tse ngata tsa boholo-holo.

Ho thoe’ng ka mehla ea joale? Na moloko oa batho o tsoetse pele haholo hoo liketso tse tšabehang joalo tsa botona le botšehali li sa atang kajeno? Liithuti tsa Bibele li sitoa ho amohela khopolo ena. Li tseba hantle hore moapostola Pauluse o ile a hlalosa mehla ea rōna e le “linako tse bohloko.” O ile a tlaleha ka ho qaqa ka lerato la boithati le atileng, lerato la menyaka, le ho fela ha lerato la tlhaho la lelapa tse tloaelehileng sechabeng sa kajeno ’me a eketsa: “Batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.” (2 Timothea 3:1-5, 13; Tšenolo 12:7-12) Na ho betoa ha bana, hoo hangata ho etsoang ke “batho ba lonya, ba thetsang,” ho mpefetse le ho feta?

Bothata bo Potlakileng

Ho betoa ha bana hangata ho bolokoa e le sephiri, hoo ho bileng ho bitsoang tlōlo ea molao e sa tlalehoeng ka ho fetisisa. Ho ntse ho le joalo, litlōlo tse joalo tsa molao ka ho hlakileng li eketsehile lilemong tsa morao tjena. United States, phuputso e ’ngoe tabeng ena e ile ea etsoa ke Los Angeles Times. E ile ea fumana hore karolo ea 27 lekholong ea basali le karolo ea 16 lekholong ea banna ba ne ba ile ba betoa ha e sa le bana. Leha ho bonahala lipalo tsena li tšosa, likhakanyo tse ling tse hlokolosi tsa United States tse entsoeng li batla li phaha-phahame.

Malaysia, litlaleho tsa ho betoa ha bana li imenne ka makhetlo a mane lilemong tse leshome tse fetileng. Thailand, karolo ea 75 lekholong ea banna phuputsong e ’ngoe e ile ea lumela hore e sebelisa bana e le matekatsi. Jeremane, ba boholong ba hakanya hore bana ba ka bang 300 000 baa betoa selemo le selemo. Ho latela Cape Times ea Afrika Boroa, palo ea litlaleho tsa ho betoa ho joalo e nyolohile ka karolo ea 175 lekholong nakong ea lilemo tse tharo tse sa tsoa feta. Netherlands le Canada, bafuputsi ba fumane hore hoo e ka bang karolo ea boraro ea basali bohle e ne e ile ea betoa ha e sa le bana. Finland, karolo ea 18 lekholong ea banana ba sehlopha sa borobong (ba lilemo li 15 kapa 16) le karolo ea 7 lekholong ea bashemane ba ile ba tlaleha hore ba ile ba ba le likamano tsa botona le botšehali le batho ba ba fetang bonyane ka lilemo tse hlano.

Linaheng tse fapaneng litlaleho tse sisimosang li se li utolotsoe mabapi le lihlopha tsa bokhelohi tsa bolumeli tse betang bana li sebelisa mekhoa e mebe ka ho fetisisa le tlhokofatso. Hangata, ba tlalehang hore e ne e le bahlaseluoa ba litlōlo tse joalo tsa molao ba tšoaroa hampe, ha ba utloeloe bohloko.

Kahoo ho betoa ha bana hase ntho e ncha e sa tloaelehang; ke bothata boo e leng khale bo le teng boo e leng seoa kajeno. Phello ea hona e kotsi. Baphonyohi ba bangata ba ba le maikutlo a tebileng a ho se be ba bohlokoa le a ho inyatsa. Litsebi tabeng ena li thathamisitse tse ling tsa liphello tsa ho betoa ha banana ke batho ba amanang le bona, tse kang ho baleha lapeng, ho sebelisa hampe lithethefatsi le lino tse tahang, ho tepella maikutlo, ho leka ho ipolaea, botlokotsebe, boitšoaro bo hlephileng, mathata a boroko, le mathata a ho ithuta. Liphello tsa nako e telele li ka akareletsa bohlale bo fokolang ba ho hōlisa bana, ho se be le takatso ea likamano tsa botona le botšehali, ho se tšepe banna, ho nyalana le motho ea betang bana, bosodoma ba basali, botekatsi, le hona ho beta bana.

Hase hore mohlaseluoa a ke ke a qoba liphello tsena; ebile ha ho na motho ea ka lumellang boitšoaro bo bobe feela motheong oa hore o kile a betoa nakong e fetileng. Ho betoa ha ho lekanyetse esale pele hore bahlaseluoa ba hona ba tla qetella ba itšoere hampe kapa e le litlokotsebe; leha e le hore ho felisa boikarabelo bohle ba bona ba botho bakeng sa likhetho tseo ba li etsang hamorao bophelong. Empa liphello tsena tse tloaelehileng ho bahlaseluoa ke likotsi tsa sebele. Li eketsa ho potlaka ha potso ena, Re ka sireletsa bana joang khahlanong le ho betoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela