Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 1/8 maq. 8-12
  • ‘Ho Hahlaula Metseng Eohle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Hahlaula Metseng Eohle’
  • Tsoha!—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Motse o Tletse Khatello”
    Tsoha!—1994
  • “A re Ikaheleng Motse”
    Tsoha!—1994
  • Metse e Meholo—Ke Hobane’ng ha e le Maqakabetsing?
    Tsoha!—2001
  • “Metse e Meholo e Hōlang ka Sekhahla”
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 1/8 maq. 8-12

‘Ho Hahlaula Metseng Eohle’

HA A ntse a le lefatšeng Kreste Jesu o ile a “qala ho hahlaula metseng le metsaneng eohle, a ntse a ruta masynagogeng a bona ’me a bolela litaba tse molemo tsa ’muso.” (Mattheu 9:35, NW) Ka ho tšoanang ba lakatsang ho latela mehlaleng ea hae ba ile ba bitsetsoa ho bolela metseng ea lefatše. Moo ba ne ba tla thulana le mathata a tloaelehileng metseng e meholo ’me ba tlamehe ho sebetsana le ’ona.

Ho hahlaula le metse e meholo ea histori ho fana ka setšoantšo sa linako tse monate le tse bohloko tsa ho ba teng ha motho ka lilemo tse likete, thabo le mahlomola a boiteko ba motho ba ho finyella thabo. Ho talima metse e meholo ka botšepehi ho hatisa ho rōna hore moloko oohle oa batho ke lelapa le le leng, le tobaneng le mathata a tšoanang. Kajeno ha hoa lokela ho ba le ho ikhantša ka bochaba kapa lehloeo la morabe.

Ka masoabi, batho ba bangata ha ba tsebe hakaalo ka metse e meholo, esita le moo e leng teng. Bohareng ba bo-1980 ha liithuti tsa univesithi ea United States li ne li kōptjoa hore li supe metse e itseng e meholo, tse ling tsa tsona li ile tsa supa hore Dublin (Ireland) e United States le hore Lima (Peru) e Italy.

Tlhahlobo e ileng ea etsoa lilemong tse ’maloa pejana univesithing e ’ngoe e ile ea senola hore hoo e ka bang halofo ea liithuti e ne e sa khone ho supa London ’mapeng oa lefatše. Tse ling li ile tsa re e Iceland, tse ling tsa re e K’honthinenteng ea Europe. Moprofesa ea neng a tsamaisa tlhahlobo eo o ile a tletleba ka hore karolo ea 42 lekholong ea liithuti e ne e “sitoa” ka ho feletseng ho supa London. Ho soabisang le ho feta, karolo ea 8 lekholong e ne e “sitoa” ho supa motse oa Amerika moo tlhahlobo eo e neng e etsetsoa teng!

Empa ka ho hlakileng hase Maamerika feela a fokolang tsebong ea jeokrafi. Bofelong ba bo-1980, ho hlahlojoa ha liithuti lichabeng tse leshome ho ile ha bontša hore Maswede aa ipabola le hore Maamerika a hlaha botšeleleng. Sekolo sa Lisaense sa moo pele e neng e le Soviet Union se fumane hore karolo ea 13 lekholong ea liithuti tsa Soviet tse ileng tsa botsoa li ne li sitoa ho supa esita le naha ea habo tsona ’mapeng oa lefatše. Ka ho soaba setho sa Sekolo seo Vladimir Andriyenkov se ile sa re: “Liphello lia makatsa.”

Ho thoe’ng ka uena? U na le tsebo e ntle hakae ea jeokrafi ka kakaretso ’me ka ho khethehileng mabapi le metse e meholo? Ke hobane’ng ha u sa itlhahlobe ka lipotso tse leqepheng la 10? U ka ithuta linnete tse itseng tse thahasellisang ka “Ho Hlahlobisisa Metse e Meholo.”

[Lebokose le leqepheng la 10, 11]

Na U ka Khona ho Khetholla Motse?

Bapisa tlhaloso e latelang le motse o loketseng.

1. Motse-moholo o phahameng ka ho fetisisa lefatšeng.

2. Motse o moholo ka ho fetisisa naheng e tummeng haholo lefatšeng.

3. Lebitso la oona la molao le sebelisoang ngope-setšoha le na le litlhaku tse 27, ’me karolo ea lona e qalang e na le moelelo o tšoanang le oa Los Angeles; o fumaneha ka hare ho tikoloho eo ho lengoang reisi ho eona. O na le litempele tse fetang 400 tsa Buddha.

4. O na le sepenya sa baahi seo—ntle le metse e meng e mene—se fetang ka makhetlo a mabeli sa motse leha e le ofe lefatšeng.

5. O ile oa lahleheloa ke baahi ba ka etsang kotara ea milione koluoeng ea 1976.

6. Ke setsi sa tikoloho ea naha ea mesebetsi ea ho etsa liphahlo, motse ona o phethile karolo e khōlō phetohong ea indasteri.

7. Nakong e fetileng o ne o talingoa e le o mong oa metse e litšila ka ho fetisisa Europe, kajeno o tsebahala lefatšeng ka lero le nkhang hamonate leo o reheletsoeng ka lona.

8. Motseng ona oa Asia o lebōpong la leoatle ho buuoa lipuo tse ka bang 60. E ne e le motse-moholo oa naha ea oona ho tloha ka 1833 ho ea ho 1912.

9. Motse-moholo oa litsi tsa thekiso, o ileng oa reroa ka nako e telele, o ile oa fetoha oa sebele ka 1960.

10. O fumaneha qetellong ea kou ea leoatle e bolelele ba lik’hilomithara tse 100, ke o mong oa metse e meholo ka ho fetisisa lefatšeng.

11. O ile oa batla o senngoa ka ho feletseng ke tšisinyeho ea lefatše ka 1755, litšenyehelo tsa teng bakeng sa ho phela li tlaase ho feta tsa motse-moholo leha e le ofe Sechabeng sa Europe.

12. O ile oa thehoa ka molao ka 1873, ha lichaba tse mahlakoreng ka ho fapana ho Nōka ea Danube li ne li kopana tlas’a lebitso le le leng.

13. Lihloela tsa Mapotoketsi ka phoso li ile tsa nahana hore moo kou ea oona e kenang teng ke molomo oa nōka, ka hona ba be ba o reha lebitso leo o ntseng o bitsoa ka lona le hona joale.

14. O thehiloe ka 1788 e le teronko ea kolone, ke o mong oa metse e ka boroa oa boholo ba oona lefatšeng.

15. Ka metso ea oona e matla ea bolumeli, motse ona o ile oa tsebahala haholo ka ketsahalo e sa tloaelehang ea morusu oa lipolotiki.

16. Ka 1850, Morena Kamehameha oa III o ile a o phatlalatsa e le motse-moholo oa ’muso oa hae; lebitso la oona le bolela “Kou e Sirelelitsoeng,” ’me boemo ba teng ba leholimo bo itekanetseng selemo ho pota bo etsa hore bahahlauli ba o thabele.

17. Ka linako tse ling o bitsoa motse oa moea, ka nako e ’ngoe o kile oa batla o felisoa ke mollo; kajeno o ithorisa ka mohaho o motelele ka ho fetisisa lefatšeng.

18. Pele ho 1966, o ne o bitsoa Léopoldville.

19. Motse ona ke oa khale joaloka e mong oa babusi ba Greece ba tummeng ka ho fetisisa, ’me o hopoloa ke liithuti tsa Bibele e le sebaka seo phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu e etselitsoeng teng.

20. Khōlo ea oona e potlakileng e ile ea tlisoa ke ho sibolloa ha khauta haufi le moo, ’me o ikhetha ka hore ke oona feela motse oa boholo ba oona lefatšeng o seng lebōpong la leoatle kapa la letša kapa la nōka.

Alexandria, Egypt

Bangkok, Thailand

Boston, U.S.A.

Brasília, Brazil

Budapest, Hungary

Calcutta, India

Chicago, U.S.A.

Cologne, Germany

Hong Kong

Honolulu, Hawaii,

U.S.A.

Johannesburg, South Africa

Kinshasa, Zaire

La Paz, Bolivia

Lisbon, Portugal

Manchester, England

Oslo, Norway

Rio de Janeiro, Brazil

Shanghai, China

Sydney, Australia

Tangshan, China

[Lebokose le leqepheng la 11, 12]

Likarabo:

1. La Paz, e pakeng tsa limithara tse 3 250 le tse 4 100 ka holim’a bophahamo ba leoatle, e ile ea thehoa ke Maspanishe ka 1548.

2. “Shanghai” e bolela “Leoatleng,” ’me ho phaella ho beng boema-kepe bo boholo ka ho fetisisa ba lefatše, ke setsi sa thuto e phahameng le sa liphuputso tsa saense Chaena.

3. Karolo ea pele ea lebitso la molao la Bangkok ke Krung Thep, le bolelang “Motse oa Mangeloi”; ka Sepanishe, “Los Angeles” e bolela “mangeloi.” Le hoja Bangkok e iketselitse litsela tsa eona tse khōlō, boholo ba liphorotsoana tsa eona tse tsebahalang haholo li ’nile tsa katoa ho etsa mebila.

4. Hong Kong, e nang le batho ba 96-000 square k’hilomithareng ka ’ngoe, e lateloe ke Lagos, Nigeria (55 000); Dacca, Bangladesh (53 000); Djakarta, Indonesia (50 000); le Bombay, India (49-000).

5. Ka 1976, Chaena e ile ea hlaseloa ke tšisinyeho ea lefatše e mpe ka ho fetisisa historing ea kajeno, e lekanyetsoang ho ba 7,8 sekaleng sa Richter. Motse oa Tangshan o ile oa batla o ripitloa kaofela; bonyane ho ile ha shoa batho ba 240 000.

6. Manchester, e lik’hilomithara tse 240 ka leboea ho London, e ile ea fetoha setsi sa indasteri ka potlako hoo lipakeng tsa 1821 le 1831, baahi ba eona ba ileng ba eketseha ka karolo ea 45 lekholong.

7. Qalong ea lekholo la bo19 la lilemo, Cologne e ne e tumme ka ho ba o mong oa metse e meraro e litšila ka ho fetisisa lefatšeng—Calcutta, Constantinople, le Cologne—e leng lebaka leo ka lona masole a Fora a ileng a emisa moo “a ileng a ikoahela lifahleho ka lisakatuku tse innoeng ka Eau de Cologne ho thibela lephoka la moroto le neng le tletse motse oohle.”—Kölner Stadt-Anzeiger.

8. Calcutta ke motse oa boraro o moholo ka ho fetisisa India ’me o ile oa nkeloa sebaka sa ho ba motse-moholo ke New Delhi.

9. Khopolo ea ho ba le motse-moholo ka hare ho Brazil e ileng ea reroa ka 1789 ’me ea kenngoa Molaong oa Motheo oa 1891, ka 1960 e ile ea fetoha ntho ea sebele ka Brasília. Ho hahuoa ha oona ho tloha fatše ho ile ha fana ka monyetla o fokolang oa ho phetha “motse oa moetso o hlophisitsoeng ka botlalo mabapi le moralo, kaho le bolulo ba batho.”—Encyclopædia Britannica.

10. Oslo, motse-moholo oa Norway, o na le sebaka se boholo ba li-square k’hilomithara tse 453, seo boholo ba sona e leng maralla a nang le meru le matša.

11. Likereke li ne li tletse tsoete hoseng ha November 1, 1755, moketeng oa Letsatsi la Bahalaleli Bohle, ha Lisbon e ne e ripitloa ke e ’ngoe ea litšisinyeho tsa lefatše tse matla ka ho fetisisa tse kileng tsa tlalehoa, e ileng ea bolaea batho ba ka bang 30 000.

12. Ka 1873 toropo ea Pest, karolong e ka bochabela ho Nōka ea Danube, le Buda, hammoho le Óbuda le Sehleke-hleke sa Margaret, ka lehlakoreng le ka bophirimela, li ile tsa kopanngoa ka molao hore e be Budapest, o mong oa metse e meholo e khahlehang ea Europe, oo pele o neng o tsejoa e le Mofumahali oa Danube.

13. Mantsoe a Sepotoketsi bakeng sa “river” (nōka) le “January”—lihloela li ile tsa fihla mona ka January 1, 1502—a ile a kopanngoa ho bōpa lebitso Rio de Janeiro.

14. Ka January 1788 ho ile ha fihla batšoaruoa ba tsoang Brithani ba ka bang 750 e le motheo oa teronko ea kolone; kajeno Sydney ke motse oa Australia o moholo le oa khale ka ho fetisisa.

15. Ka lilemo tse ka bang makholo a mararo, metse e seng mekae e ile ea susumetsa bophelo United States ho feta Boston, e thehiloeng ke Mapuritan a neng a balehile Europe ka lebaka la mahloriso a bolumeli. Ka 1773 baahi ba eona ba ile ba susumeletsa Phetoho e Khōlō ea Amerika, ba ikhakantse joalokaha eka ke Maindia, ba ile ba akhela liloutu tsa tee tse tharo tsa sekepe

koung ea Boston ho ipelaetsa khahlanong le ho lefa makhetho ho Brithani ba se na baemeli ’musong.

16. Qalong e ne e le setsi sa bahoebi ba rekisang meqathatso e entsoeng ka lehong le batšoasi ba marua-rua, hamorao oa haptjoa ke Marussia, Mabrithani, le Mafora, Honolulu e ile ea khutlisetsoa ho Morena Kamehameha oa III. Ka 1850 o ile a e phatlalatsa e le motse-moholo oa ’muso oa hae. Hawaii e ile ea oela tlas’a United States ka 1900 ’me ea fumana boipuso ka 1959.

17. Ba bang ba bitsa Chicago motse o tloaelehileng oa United States, o bontšang litšobotsi tse ntle le tse mpe ka ho fetisisa tsa naha. Karolo e bohareng ea motse ona e ile ea senngoa ke mollo ka 1871 ha khomo ea Mofumahali O’Leary e raha lebone le khantšitseng ka molikong. Batho ba ka bang 250 ba ile ba shoa, ’me ba 90 000 ba sala ba se na mahae. Sears Tower, ea Chicago e bophahamo ba limithara tse 443, ke oona mohaho o motelele ka ho fetisisa lefatšeng.

18. Ka 1960, Léopoldville, e ileng ea rehelloa ka morena oa Belgium Leopold oa II, e ile ea fetoha motse-moholo oa Rephabliki ea Congo ka mor’a ho oa ha Congo ea Belgium. Ka 1971 lebitso la naha eo le ile la fetoloa ho ba Zaire; ka 1966 motse-moholo o ile oa rehoa Kinshasa.

19. Alexandria e fumane lebitso la eona ho Alexandere e Moholo, ea ileng a laela hore e hahuoe ka 332 B.C.E. Lilemo tse ka tlaase ho lekholo hamorao, baahi ba Bajode—mohlomong nakong ea puso ea Ptolemy oa II Philadelphus (285-246 B.C.E.)—ba ile ba qala ho fetolela Mangolo a Seheberu ho ea Segerikeng ho hlahisa Septuagint.

20. Johannesburg, e seng lebōpong la leoatle, kapa letša, kapa nōka, e ile ea e-ba motse o moholo ka lebaka la ho sibolloa ha khauta sebakeng seo ka 1886. E ile ea hōla ho tloha ho baahi ba 2 000 ka 1887 ho ea ho ba 120 000 ka 1899 ’me kajeno e na le ba fetang limilione tse 1,7.

[’Mapa o leqepheng la 8, 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Rio de Janeiro, Brazil

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Bangkok, Thailand

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Tourism Authority of Thailand

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ka ho le letšehali: Sydney, Australia

Ka tlaase: La Paz, Bolivia

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Shanghai, China

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Ka ho le letšehali: Honolulu, Hawaii

Ka ho le letona: Hong Kong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela