Pono ea Bibele
Ke Bo-mang ba Eang Leholimong?
BOMO ea mokoeteli e tsekolla ka lehare sefofane se ntseng se fofa, e bolaea bapalami bohle. Beng ka bahlaseluoa le metsoalle ba bolelloa hore joale baratuoa ba bona ba leholimong, joalokaha eka ke ho ba tšelisa bakeng sa lefu la bona le tlileng pele ho nako le le mabifi.
Sebini sa liletsa se ratoang haholo sea shoa ’me ho thoe ‘se letsa literompeta le mangeloi leholimong.’
Boloetse, tlala ea sekoboto, kapa likotsi li amoha masea bophelo bo tletseng, ’me baruti ba re joale masea a thabela nyakallo e fetisisang ea leholimo, haesita le hore mohlomong e le mangeloi!
Na Molimo o lokisa ho hloka toka ho ba banyenyane le ba baholo ka ho nkela bohle ba joalo ho eena khotsong ea leholimo? Na ho kena leholimong ke hona feela tsela ea Molimo ea ho sireletsa bohle ba lokileng le ba rorisoang molokong oa batho? Pono ea Bibele ke efe tabeng ee?
Ba Seng Leholimong
Tlhaloso ea Bibele e hlakile: “Ana ha le tsebe hoba ba khopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na?” (1 Ba-Korinthe 6:9) Leha ho le joalo, Bibele e boetse e bua ka ba bangata ba lokileng le bahlaseluoa ba ho hloka toka ba ke keng ba ja lefa la ho ea maholimong.
Jesu ka boeena o ile a re ka Johanne Mokolobetsi ea neng a le haufi le ho shoela tumelo: “Ke re ho lona: Ka ’nete, har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Mattheu 11:11) Bashemane bohle ba lilemo li peli le ho ea tlaase Bethlehema le literekeng tsohle tsa eona ba ile ba bolaoa ka ntle le ho hloka mohau ke Morena Heroda ea khopo boitekong ba hae ba ho timetsa ngoana Jesu. (Mattheu 2:16) Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Ho phaella moo, ha ho monna [kapa mosali, kapa ngoana] ea kileng a nyolohela leholimong haese ea theohileng leholimong, Mor’a motho [Jesu].” (Johanne 3:13, NW) Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a re bahlaseluoa baa ba ho hloka toka ba leholimong?
Jesu o Butse Khoro
Jesu o ile a ipitsa “tsela le ’nete le bophelo” ’me moapostola Pauluse o ile a ’molela e le “thakangoaha ea ba robetseng [lefung, NW].” (Johanne 14:6; 1 Ba-Korinthe 15:20) Ka lebaka leo, ha ho ea neng a ka mo raka ho ea leholimong. Empa ha Jesu a nyolohela leholimong matsatsi a ka bang 40 ka mor’a tsoho ea hae, na banna ba hlomphehang ba tumelo ba neng ba se ba shoele ba ile ba mo sala morao ho ea leholimong? Hoo e ka bang matsatsi a leshome hamorao, moapostola Petrose o ile a re mabapi le Morena Davida “o na a shoe, a ba a patoa; ’me lebitla la hae le sa ntse le le teng har’a rōna ho fihlela letsatsi la kajeno. . . . Hobane Davida ha a ka a nyolohela maholimong.”—Liketso 2:29, 34.
Kahoo, ho kena leholimong ho ama ho fetang matšeliso bakeng sa ho hloka toka hoo motho a ileng a hlokofatsoa ke hona kapa haesita le ho putsoa bakeng sa botšepehi ba botho. Ho e-na le hoo, ho fana ka motheo oa ho ba leholimong ha sehlopha sa babusi se entsoeng ka palo ea ba emelang batho tlas’a tataiso ea Kreste, ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang.—Ba-Roma 8:15-17; Tšenolo 14:1-3.
’Muso oa Leholimo
Jesu o ile a supa puso ena, kapa ’muso, e le “’Muso oa maholimo” kapa “’muso oa Molimo.” (Mattheu 5:3, 20; Luka 7:28) Ho ne ho sa lokisetsoa hore matšoele-tšoele a moloko oa batho a kopanyeletsoe sehlopheng sena sa botsamaisi. Kahoo, Jesu o se hlalosa e le “mohlape o monyenyane.” (Luka 12:32, NW) Puong ea pele e sebelisitsoeng karolong ena ea Bibele, lentsoe “monyenyane” (mi·krosʹ) ke lentsoe le fapaneng le boholo (meʹgas), ’me tšebeliso ea lona ho Luka 12:32 e bolela lenane kapa bonyenyane ba palo. Kahoo, ho ba setho “’musong oa maholimo” ha hoa lumella palo e sa lekanyetsoang. Ho etsa mohlala: Haeba u ne u ka kōpuoa hore u tšele metsi a manyenyane ka khalaseng, u ne u tla etsa bonnete ba hore ha a be mangata haholo. Ka ho tšoanang, “mohlape o monyenyane” o ke ke oa etsoa ka manane a mangata haholo a batho. ’Muso oa Molimo o na le lenane le behiloeng (“le lenyenyane”) la ba kopanelang puso le Kreste.
Lenane le tobileng la babusi bana, 144 000, le ile la senoleloa moapostola Johanne. (Tšenolo 14:1, 4) Pejana ho Tšenolo, bona bana ho thoe ba ‘tsoa merabeng le lipuong le bathong le lichabeng tsohle ho ba ’muso le baprista ho Molimo,’ ’me ba lokela ho busa lefatše e le marena ho tsoa leholimong. (Tšenolo 5:9, 10) Sehlopha sena sa botsamaisi se kopaneng le Jesu Kreste ke ’Muso oo a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle. Hape ke kofuto eo ka eona puso e mpe ea lefatše lena e tlang ho felisoa, kahoo ho busetsoe toka le khotso lelapeng la motho, lefatše, haesita le bophelo bo sa feleng baahing ba lona.—Pesaleme ea 37:29; Mattheu 6:9, 10.
Sehlopha se Khethiloeng sa Babusi
Kaha mebuso ea batho eo ’Muso o e nkelang sebaka e tšoasehile haholo tšenyehong, na re ka bona hore na ke hobane’ng ha bao ba kopanyelelitsoeng ’musong oo oa leholimo ba tlameha ho khethoa ka hloko ’me ba be ba hlahlobjoe ke Molimo? Boemo ba hona joale ba moloko oa batho bo ka ’na ba tšoantšoa le ba baeti ba makholo-kholo ba palameng sefofane sa jet se senyehileng boemong bo bobe ba leholimo. Boemong bo hlobaetsang joalo, na u ne u ka rata ho fofisetsoa ke sehlopha sa bafofisi ba bacha lilemong, le ba hlokang phihlelo? Le hanyenyane! Boemo bo ne bo tla hloka sehlopha sa bafofisi ba khethiloeng ka hloko ho latela litšoaneleho tse phahameng ka ho sa belaetseng.
Mabapi le ba tlang ho sebeletsa leholimong le Kreste Jesu, rea imoloha ho tseba hore “Molimo o beile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.” (1 Ba-Korinthe 12:18) Takatso ea botho kapa takatso e matla ea bophahamo bakeng sa boemo ’Musong hase ntlha eo ho lekanyetsoang ka eona. (Mattheu 20:20-23) Molimo o thehile litekanyetso tse khethehileng tsa tumelo le boitšoaro e le hore a ka thibela ba sa tšoaneleheng hore ba ka kena. (Johanne 6:44; Ba-Efese 5:5) Mantsoe a qalang a Thuto ea Jesu ea Thabeng a bontša hore babusi-’moho le Kreste ba tlameha ho ipaka e le ba sekametseng linthong tsa moea, ba nang le maikutlo a bonolo, barati ba ho loka, ba mohau, ba hloekileng pelong, le ba nang le khotso.—Mattheu 5:3-9; hape bona Tšenolo 2:10.
Ka lehlohonolo, boholo ba moloko oa batho le hoja Molimo a sa bo khethela ho ba har’a sehlopha sena sa leholimo sa babusi ba baemeli ha boa tloheloa bo se na tšepo. Ba tla aha lefatšeng lena le letle ’me ba thabele melemo ea puso ea hae ea bomolimo. Bahlaseluoa ba ho hloka toka bao e leng khale ba shoele ba tla khutlisetsoa bophelong ho phela hammoho le ba ileng ba pholoha ’me ba bona ’Muso oa Molimo o ‘e-tla’ ka kutloisiso e feletseng. Ho tla phethahatsoa tšepiso ena: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua.”—Mattheu 6:9, 10; Liproverbia 2:21; Liketso 24:15.
Haeba ka mor’a ho bala makasine ona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona. (Bona leqephe 5.)