Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 11/8 maq. 8-9
  • Ho Tla Sala bolumeli bo le Bong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tla Sala bolumeli bo le Bong
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohloli oa Sebete se sa Hlōleheng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Molimo o Amohela Malumeli ’Ohle?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Ho Itšoasolla Bolumeling ba Bohata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 11/8 maq. 8-9

Ho Tla Sala bolumeli bo le Bong

NAHANA hore na ho ne ho tla ba joang haeba batho bohle lefatšeng ba ne ba kopane bolumeling bo le bong, borapeling bo le bong bo hloekileng ba Molimo a le mong oa ’nete. Hoo e ne e tla ba mohloli o mokaakang oa bonngoe! Ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le liqabang, qhoebeshano kapa lintoa tsa bolumeli. Na see ke toro feela? Che. Pono ea moapostola Johanne ea timetso ea seotsoa, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e bontša hore ho tla sala mofuta o le mong oa borapeli ka mor’a timetso ea sona. Ke ofe?

Lentsoe leo Johanne a ileng a le utloa le tsoa leholimong le re neha leseli: “Tsoang ho eena, batho ba ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.” (Tšenolo 18:4) Ho totobetse hore mona ke Molimo ka boeena ea buang le batho ba hae. Hlokomela hore ha a laele batho ba hae ho itsoakanya le seotsoa ka sepheo sa ho kopanya malumeli lefatšeng ka bophara e le ho se pholosa ka ho se thusa ho fetola bophelo ba sona hore e be bo hloekileng. Che, ha ho tharollo bakeng sa sona. Ka lebaka leo, o ba laela ho tsoa le ho lula hōle le sona e le hore ba qobe ho silafatsoa ke boetsalibe ba sona bo feteletseng ’me ba qobe ho qetella ba ahlotsoe le ho timetsoa hammoho le sona.

Taelo e tsoang leholimong e reng “tsoang ho eena” e boetse e thusa ba batlang ’nete ka tieo ho khetholla batho ba Molimo. Ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ke batho bafe lefatšeng kajeno ba etseng hloko taelo ena ka ho itokolla bolumeling, mokhatlong kapa sehlopheng leha e le sefe sa barapeli ba amanang le “Babylona e Moholo”? (Tšenolo 18:2) Ke batho bafe lefatšeng kajeno ba itokolotseng lithutong, melaong ea motheo, mekhoeng le lineanong tsohle tsa Babylona?’ Ke bo-mang ba bang haese Lipaki tsa Jehova? Har’a Lipaki tse fetang limilione tse 5,2 linaheng tse ka holimo ho 230, bohle ba kileng ba kopanela le bolumeli bo itseng ba Babylona, ebang ke ka tsoalo kapa ka tšokoloho, ba ile ba itokolla ho bona ntle le ho qea-qea—ka linako tse ling ho sa tsotellehe boipelaetso le khanyetso tse tsoang ho beng ka bona, metsoalle le baeta-pele ba bolumeli.

Mohlala o mong ke oa Henry, monna oa Afrika Boroa, eo e neng e le ramatlotlo kerekeng ea habo ’me a e-na le maqhaama a matla le eona. Empa o ne a batla ’nete, ’me ka letsatsi le leng o ile a amohela thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng ho Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a nakoana, ha a se a entse qeto ea ho ba Paki, o ile a bolella moruti oa hae, eo e neng e boetse e le moahisani ea haufi le eena, hore o batla ho itokolla kerekeng.

Moruti o ile a tšoha haholo ’me hamorao a nka molula-setulo oa kereke le litho tse ling tsa kereke ho etela Henry. Ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a tlohetse kereke ea bona ho ba setho sa bolumeli boo, ho ea ka bona, bo se nang moea o halalelang oa Molimo. Henry o re: “Qalong, ke ne ke tšaba ho ba araba, hobane kamehla ba ne ba bile le tšusumetso e khōlō ho ’na. Empa ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse, ’me o ile a ’nolofalletsa hore ke etse boitšireletso bona: ‘Malumeling ’ohle a machaba, ke bofe bo sebelisang lebitso la Molimo, Jehova, kamehla? Na hase Lipaki tsa Jehova? Na le nahana hore Molimo a ka li lumella ho jara lebitso la hae ’me a se ke a boela a li fa moea oa hae o halalelang?’” Batsamaisi ba kereke ba ile ba sitoa ho shanofatsa mabaka ana, ’me hona joale Henry ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Kahoo ha lentsoe le tsoang leholimong le laela: “Tsoang ho eena,” ho na le moo u ka eang teng. (Tšenolo 18:4) Ho na le batho, barapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova, bao u ka balehelang ho bona. Ba limilione ba balehile. Ba tsejoa e le Lipaki tsa Jehova, ba bōpa mokhatlo oa bara ba motho oa Bokreste oa machaba, ba hlophisitsoe ka liphutheho tse fetang 78 600, ’me hona joale ba bona khōlo e khōlō ka ho fetisisa paleng ea bona. Ba kolobelitse batho ba fetang 1200 000 lilemong tse ’nè tse fetileng! Pele ho kolobetso, bana kaofela ba ne ba qetile thupelo e susumetsang moeeng ea thuto ea Bibele, e ba nolofalelitseng ho etsa qeto ea botho, e nang le motheo bakeng sa ho khaola maqhaama ’ohle ao ba neng ba e-na le ’ona le bolumeli leha e le bofe bo bong.—Sofonia 2:2, 3.

Haeba ha u e-s’o ka u e-ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova ho e ’ngoe ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso, ke hobane’ng ha u sa etse joalo bekeng ee? Mohlomong u ka khahloa ke seo u se bonang le ho se utloa. ’Me haeba u batla ho utloisisa Bibele, ke hobane’ng ha u sa kōpe e mong oa Lipaki tsa Jehova ho ithuta eona le uena, joalokaha ba bang ba limilione ba entse? Haeba thapelo ea hao e le ho ba le kutloisiso ea ’nete ea Lentsoe la Molimo hammoho le ho phela ka tsela e tumellanong le Lentsoe leo, u tla fumana karabo ea thapelo ea hao.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Ba limilione ba retelehela borapeling ba Jehova Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela