Bacha Baa Botsa. . .
Na Mekete ea Tantši ea Bosiu ke Boithabiso Feela bo Seng Kotsi?
“Ha ke tantša ke phahamiselitse matsoho holimo ’me ’mino o chalametsa le ’mele oohle oa ka, ke ikutloa ke matlafatsoa ke ba bang ba tantšang. Ho tšoana le ho nkeha maikutlong.”—Gena.
KE TSELA eo ka eona Gena a hlalosang monyaka oa ho ba moketeng oa tantši ea bosiu (rave, ka Senyesemane). Mekete ena ea tantši, eo hangata e nkang bosiu bohle, qalong e ne e atile Brithani lilemong tsa bo-1980. Hona joale e se e runya likarolong tsohle tsa lefatše, ho akarelletsa le Belgium, Canada, Jeremane, India, New Zealand, Afrika Boroa, le United States.
Mekete ena ea tantši ea bosiu e tšoareloa libakeng tsa li-club, litorong tse seng li sa sebetse tsa thepa e rekisoang, masimong a letseng—kae le kae moo batho ba ka khobokanang teng bakeng sa bosiu bo phetheselang, ho tantša ba sa khaotse. Adam Levin o ile a ngola ho Sunday Times Magazine ea Johannesburg, Afrika Boroa: “Butle-butle mekete ea tantši ea bosiu e nkela li-nightclub sebaka kaha bacha ba se ba khetha eona.” O tsoela pele: “Haeba bana ba hao ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ha ba e-s’o u bolelle ka eona, ho bolela hore le na le bothata ba puisano.”
Nahana ka Lintho Tse Etsoang Meketeng ea Tantši ea Bosiu
Ka linako tse ling mekete ea tantši ea bosiu e tšoaroa ka pinyane, ha ho phatlalatsoe sebaka sa mokete ho fihlela letsatsing la oona. Empa, ha khanya ea mabone a mebala-bala le morethetho oa ’mino oa techno li qala, ho ka ’na ha be ho khobokane bacha ba sehlotšoana ho isa ho ba likete ba apereng ka tsela e makatsang. Katy, eo e leng seithuti se secha kolecheng o re: “Ba tšoana le letšoelehali le kopaneng le tantšang le le hlileng le ikitlaelletsang ho tantšetsa morethetho oo.”
Leha ho le joalo, mokete oa tantši ea bosiu bohle hase oa tantši feela tjee. Hape ke oa mokhoa o fapaneng oa bophelo, kapa ke “oa liketsahalo,” joalokaha ba bang ba eang meketeng e joalo ba o bitsa. Ho nkoa hore lithuto tsa motheo tsa mokete oa tantši oa bosiu ke ho bōpa khotso, lerato, bonngoe le tlhompho—ho sa tsotellehe morabe, bochaba, kapa tšekamelo eo motho a e khethang likamanong tsa botona kapa tsa botšehali. Mong’a lebenkele le leng leo ka ho khetheha le rekisang ’mino oa tantši o re: “Re ’nile ra leka ho kopanya mekhoa e fapaneng ea bophelo meketeng ena.” A phaella: “Sepheo ke ho bōpa bonngoe, ’me ho tantša hammoho ke tsela e ’ngoe e atlehang ka ho fetisisa bakeng sa ho finyella sena.”
Ka mor’a ho nahana ka sepheo sena se bonahalang se rateha, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke’ng e ka bang kotsi ka mekete ea tantši ea bosiu?’ Empa ho na le lehlakore le leng hape la mekete ea tantši ea bosiu le lokelang ho hlokomeloa.
Lehlakore le sa Rateheng la Mekete ea Tantši ea Bosiu
Ba bang ba bolela hore ke ka seoelo joala bo bang teng. Leha ho le joalo, boemo bo fapane ka lithethefatsi. E mong ea tsamaeang mekete ea tantši ea bosiu ea bitsoang Brian oa lumela: “Motho oa ipotsa hore na mekete ea tantši ea bosiu e ka be e sa amoheleha hamolemonyana sechabeng haeba lithethefatsi li ne li sa be teng ka bongata joalokaha li le teng.” A phaella: “Ka ho hlakileng, ba bang ba bangata ba ipotsa hore na mekete ea tantši ea bosiu e ne e ka ba teng joang kantle ho tsona.”
Le hoja matekoane le LSD li bapala bana meketeng e meng ea tantši ea bosiu, sethethefatsi se hlileng se atileng har’a ba tsamaeang mekete ea tantši ea bosiu ho bonahala e le MDMA, e tsejoang e le Ecstasy. Basebelisi ba eona ba bolela hore Ecstasy e batla e se kotsi. Ba bolela hore e mpa e ba matlafatsa hore ba tantše bosiu bohle ’me e eketsa thabo ea bona. Leha ho le joalo, tlas’a sehlooho se reng “Sethethefatsi se Tummeng se ka ’na sa Senya Boko,” The New York Times e hlokomelisa hore Ecstasy “e ka ’na ea e-ba le liphello tsa nako e telele, tse senyang takatso ea motho ea lijo, boroko, boikutlo, ea hlokisa motho botsitso le ho sitisa mesebetsing e meng ea kelello.” ’Me hase phetho. Dr. Howard McKinney o bolela hore: “Ho se ho bile le ba shoeleng ka lebaka la Ecstasy, ’me ho bile le litlaleho tse ’maloa tsa batho ba e sebelisang ka tsela e tloaelehileng ba bileng le ho tsietsana ha pelo, ho se sebetse ha sebete kapa ho qeta nako e telele ba akhehile.” Ke ka ho utloahalang Dr. Sylvain de Miranda a reng: “Batho ba tsamaeang mekete ea tantši ea bosiu ba sebelisang Ecstasy ba tantša ka lefu.”
Esita le litlama—tse kang Herbal Acid, Acceleration, herbal Ecstasy, kapa Rush—li ka ba kotsi. Ka mohlala, ho boleloa hore tlas’a maemo a itseng, setlama sa Acceleration se ka baka ho tsietsana ha pelo esita le lefu.
Ba ntseng ba tsitlella hore lithethefatsi tse sebelisoang meketeng ea tantši ea bosiu ha li kotsi, ba lokela ho hlokomela ntlha e ’ngoe hape. Lefokisi le leng la Canada, Ian Briggs, le bolela hore karolo ea 90 lekholong ea lithethefatsi tse rekisoang ka hore ke Ecstasy hase Ecstasy ka ho feletseng. O re: “Boholo ba tsona ke PCP kapa lithethefatsi tse ling tse kotsi. Batho ba rekisang lithethefatsi tsena ha ba tšepahale. Nakong eo lithethefatsi tsena li qalang ho sebetsa ka eona, ba se ba nyametse.”a
Ke ’nete hore mekete e meng ea tantši ea bosiu e ka ’na ea hloka lithethefatsi. Leha ho le joalo, esita le ba tsamaeang mekete ena ea tantši ea bosiu ba tla lumela hore hangata ho thata ho tseba esale pele hore na ho ba tlang ho ba teng moketeng oo oa tantši ea bosiu ha ho ba itseng ba tla beng ba le tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi tse seng molaong.
Na Mekete ea Tantši ea Bosiu e U Loketse?
Ha ho letho le hlileng le fosahetseng ka ’mino le ho tantša, leha e le hore ha hoa lokela ho batla ho ba le nako e monate. Etsoe, Bibele e bolela hore ho na le “nako ea ho thaba” le “nako ea ho tantša.” (Moeklesia 3:4, Today’s English Version) Hape ea eletsa: “Thabela bocha ba hao.” (Moeklesia 11:9) Kahoo, ’Mōpi o batla hore u thabe! Leha ho le joalo, u tlameha ho hopola hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” e leng Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Kahoo, hase ho makatsang hore ebe mefuta e meng ea boithabiso e tlotlisoang ke lefatše lena ke eo hangata e silafalitsoeng ka mekhoa e litšila.
Ka mohlala, nahana ka ba bang teng meketeng ea tantši ea bosiu. Na ba latela keletso ea Bibele ea ho ‘itlhoekisa tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea’? (2 Bakorinthe 7:1) Ke ’nete hore ba tsamaeang mekete ea tantši ea bosiu ba ka ’na ba khothalletsa khotso, lerato le bonngoe. Empa “bohlale bo theohang holimo” hase feela bo nang le “khotso”; hape “bo hloekile.” (Jakobo 3:15, 17) Ipotse, ‘Na boitšoaro ba ba hanellang meketeng ea tantši ea bosiu bo lumellana le litekanyetso tse fumanoang Lentsoeng la Molimo, Bibele? Na ke batla ho qeta bosiu bohle le batho “ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo”?’—2 Timothea 3:4; 1 Bakorinthe 6:9, 10; bapisa le Esaia 5:11, 12.
Lipotso tsena ke tsa bohlokoa ho nahana ka tsona, kaha Pauluse o ile a ngola hore “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33) Ho etsa botsoalle le ba bontšang ho se hlomphe melao ea Molimo ho tla bolela tlokotsi qetellong, kaha Bibele e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.”—Liproverbia 13:20.
’Nete ke hore, ha e le hantle, mekete e mengata ea tantši ea bosiu ke liphathi tsa lithethefatsi, ’me ba bang teng ho eona ba ka kotula litholoana tse babang. Ka mohlala, mekete e meng ea tantši ea bosiu e hlaseloa le ho koaloa ke mapolesa, hobane e tšoeroe khahlanong le molao kapa hobane ho e-na le lithethefatsi ho eona. Na u ne u tla rata ho balelloa har’a ba sa utloeng molao? (Baroma 13:1, 2) Esita le haeba ho sa etsoe tlōlo ea molao, na u ka ea phathing e joalo ’me ua lula ‘u se na letheba lefatšeng’? (Jakobo 1:27) Kaha mekete e lerata, kapa “liphathi tse hlaha” (Byington), li nyatsoa ke Bibele, na boteng ba hao moketeng oa tantši ea bosiu ho tla u nolofalletsa ho lula ka letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo le batho?—Bagalata 5:21; 2 Bakorinthe 4:1, 2; 1 Timothea 1:18, 19.
Ka sebele, Bakreste ba lokela ho hlokomela likotsi tsa mekete ea tantši ea bosiu. Empa u se ke ua nyahama. U ntse u e-na le boithabiso bo bongata boo u ka bo thabelang. Ka mohlala, malapa a mangata a Lipaki tsa Jehova a lokisetsa ’moka e khathollang.b Ha e hlophisitsoe le ho tataisoa ka hloko, ’moka ena e siea bohle ba bileng ho eona ba khatholohile moeeng le nameng. Habohlokoa ho feta, botsoalle bo hahang bo khahlisa Jehova, “Molimo ea thabileng,” ea batlang hore batho ba hae ba thabe.—1 Timothea 1:11; Moeklesia 8:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a PCP (phencyclidine) ke moriana o thethefatsang oo ka linako tse ling o sebelisoang hampe bakeng sa ho hlahisa lipono tseo e seng tsa sebele kelellong.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Molula-Qhooa oa August 15, 1992, leqepheng la 15-20 le Tsoha! ea June 8, 1997, leqepheng la 22-4.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Techno Ke Eng?
Ka mantsoe a bonolo, techno ke ’mino oa tantši oa liletsa tsa elektronike. O mefuta e mengata. Batho ba bangata ba hlalosa techno e le ’mino oa morethetho, kaha hangata o na le morethetho o otlang ka makhetlo a 115 ho isa ho 160 ka motsotso.
Makasine ea The European e re: “Ho ba sa e tsebeng, techno e ka re ke melumo eo u e utloang ha u lutse setulong sa ngaka ea meno, e kopane le melumo eo u nahanang hore e bile teng bosiung boo Sodoma le Gomora li neng li felisoa ka bona.” Leha ho le joalo, ba bang ba bamameli ba haptjoa ke morethetho o tsitsitseng oa techno. Christine ea lilemo li 18 o re: “’Mino ona o mpha boikutlo ba tokoloho e se nang meeli le ba ho ipusa.” Sonja o ikutloa ka tsela e tšoanang. Oa lumela: “Qalong ke ne ke sa rate ’mino oa techno ho hang. Empa ha u ntse u o mamela, e ba o amohelehang haholoanyane. Haeba u hlile u o letsetsa holimo, u ke ke ua iphapanyetsa morethetho oa oona. Ho sisinyeha hoa itlisa. Haeba u se hlokolosi, morethetho oo o laola ’mele oohle oa hao.” Shirley ea lilemo li 19, o bona ho hong ho tebileng ho feta ka techno. O re: “Hase ’mino feela tjee. Ke mokhoa o feletseng oa bophelo, o bonahalang ka liaparo le puo.”
Bakreste ba lakatsa ho ‘tsoela pele ba nepisisa hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’ (Baefese 5:10) Kahoo, ba lokela ho ba hlokolosi ka techno feela joalokaha ba ne ba tla etsa ka mefuta e meng ea ’mino. Haeba u iphumana u nkehile ke techno, ipotse: ‘’Mino oa mofuta oo o nkama joang? Na o etsa hore ke ikutloe ke thabile, ke e-na le khutso le khotso? Kapa na oa nkoatisa, mohlomong esita le ho nkhalefisa kapa ho ntšusumelletsa ho nahana ka boitšoaro bo litšila? Na ho hapeha ha ka ke ’mino oo ho tla nkhulela mokhoeng oa oona oa bophelo? Na ke tla hoheleha ho ba teng moketeng oa tantši ea bosiu e le hore ke mamele ’mino oa mofuta oo kapa ke o tantšetse?’
Ka sebele, ntlha ea bohlokoa ke ena: Ho sa tsotellehe hore na u khetha ’mino ofe, le ka mohla u se ke ua o lumella ho kena pakeng tsa hao le Ntate oa hao oa leholimo.