Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 leq. 32
  • “Ke Boitsebiso bo Molemo Hakaakang!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Boitsebiso bo Molemo Hakaakang!”
  • Tsoha!—1999
Tsoha!—1999
g99 9/8 leq. 32

“Ke Boitsebiso bo Molemo Hakaakang!”

Ke joang bacha ba ka fumanang morero oa bophelo, ba ikutloisisa, kapa ba ithuta ho phelisana hantle le batsoali ba bona? Haufinyane tjena, ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Spain e ile ea amohela lengolo, leo karolo e ’ngoe ea lona e neng e re:

“Lebaka leo ke ngolang ka lona ke ho le babatsa ka tieo ka mosebetsi o motle oo le o etsang ka ho hatisa libuka tsena tse babatsehang, tse kang e reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke boitsebiso bo molemo hakaakang! Ke babatsa bangoli le bahatisi ba eona, ba phethahalitseng litoro tsa bacha ba likete.

“Ke moroetsana ea lilemo li 21 eo nakong e fetileng a ileng a lebisa tlhokomelo Bibeleng ’me a ithuta eona. . . . Ka lehlohonolo, ke ile ka fumana buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka motsoalle e mong oa ka.

“Qalong ke ne ke nahana hore e ke ke ea nthusa ka letho, empa hanyane ka hanyane, thahasello ea ka ea ho e bala e ile ea ’na ea hōla. E entse hore ke nahane ka lintho tse ngata, tse kang hore na ke lokela ho etsa’ng ka bophelo ba ka, ’me butle-butle e ile ea araba lipotso tsa ka. Ke e-na le letlotlo leo, ke ile ka ithuta ho utloisisa batsoali ba ka, ho tšoarela le ho ba mosali le ho itšoara joaloka mosali.”

Haeba u thabela ho rua molemo boitsebisong bo bukeng ea Bacha Baa Botsa, u ka fumana kopi ka ho tlatsa le ho romela setlankana sena se ka tlaase atereseng e bontšitsoeng setlankaneng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.

Bontša hore na ka puo efe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela