Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 leq. 31
  • Na Tšelo ea Mali e Hlile ea Hlokahala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tšelo ea Mali e Hlile ea Hlokahala?
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšelo Tsa Mali—Na ke Senotlolo sa Pholoho?
    Tsoha!—1990
  • Ho Sebelisoa ha Mali Phekolong—Na ho Tla Lula ho Sireletsehile?
    Tsoha!—2006
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mpho ea Bophelo Kapa Sesosa sa Lefu?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 9/8 leq. 31

Na Tšelo ea Mali e Hlile ea Hlokahala?

SELEMONG se fetileng ka November potso e ka holimo e ile ea hlaha sehloohong sa koranta e ’ngoe se ngotsoeng ke Dr. Ciril Godec, eo e leng molula-setulo oa lefapha la tšebetso ea ho ntša metsi ’meleng Sepetleleng sa Koleche sa Long Island, Brooklyn, New York. O ile a ngola: “Kajeno mali a ka ’na a se ke a amoheloa e le mokhoa oa phekolo, kaha a sitoa ho finyella litekanyetso tsa tšireletseho tsa Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi. Mali ke setho sa ’mele, ’me tšelo ea mali hase letho haese ho fetisetsa setho sa ’mele ’meleng oa motho e mong.”

Dr. Godec o ile a hlokomela: “Ho fetisetsa setho sa ’mele ’meleng oa motho e mong ke phekolo ea ho qetela eo bakuli ba fuoang monyetla oa hore ba e khethe. Ka lebaka la liphello tse tebileng tse ka ’nang tsa hlaha hamorao, bakuli ba fuoa boitsebiso bo feletseng ka liphekolo tse ling kaofela tse ka ’nang tsa sebelisoa pele ho ka fetisetsoa litho tsa ’mele ea batho ba bang ’meleng ea bona.” Tabeng ea tšelo ea mali, o ile a etsa qeto: “Molemo oa eona ke o belaetsang hoo lingaka tse ngata li sebelisang filosofi ea ‘ho qoba tšelo ea mali’ eseng feela ka mabaka a bongaka empa le ka mabaka a molao.”

Bothata bo boholo ka tšelo ea mali ke hore batho ba likete ba tšoaelitsoe mafu a bolaeang, ho akarelletsa la AIDS. Le hoja mekhoa ea ho hlahloba mali e ntlafetse libakeng tse ngata, Dr. Godec o ile a bontša: “Kotsi e ka ’na ea hlaha maling a fanoeng ke batho ba nang le tšoaetso empa ba e-s’o be le matšoao tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung a ka hlokomeloang ka liteko tsa tlhahlobo.”

Ha a qetella sehlooho sa hae, Dr. Godec o ile a lebisa tlhokomelo potsong e botsitsoeng ka holimo: “Ha lingaka tse tloaelehileng le lingaka tse buoang li ntse li utloisisa hamolemonyana tšebetso ea ’mele e tsamaisang oksijene le ho hlokomela hore ha ho hlokahale hore tekanyo ea lisele tse khubelu tsa mali e be holimo joalokaha ho ne ho nahanoa pele, ho se ho batla ho khoneha hore kamehla ho fumanoe mekhoa e meng ea phekolo ho fapana le tšelo ea mali. Haufinyane tjena selemong se fetileng mekhoa ea tšebetso e boima haholo ea ho buoa ka morero oa ho fetisetsa pelo le sebete ’meleng oa motho e mong e ne e akarelletsa tahlehelo e ngata ea mali hoo ho neng ho nkoa hore kamehla e hloka mali a mangata a tla nkela a lahlehileng sebaka. Hona joale, mekhoa eo ea tšebetso ka bobeli e ’nile ea etsoa kantle ho tšelo ea mali.

“Ho ka ’na ha etsahala hore ebe haufinyane haholo tšelo ea mali e tla felisoa ka ho feletseng. . . . Hase feela hore tšelo ea mali e baka litšenyehelo tse boima ebile e kotsi; ha e le hantle ha e fane ka tlhokomelo ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa eo bakuli ba lokelang ho e fumana.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela