Teko ea Tumelo
KA MONGOLI OA TSOHA! GREAT BRITAIN
RICHMOND ke toropo e bohehang hantle ka Leboea ho Yorkshire, Engelane. Qhobosheane ea eona, e hahiloeng ka mor’a tlhōlo ea Norman ea 1066, e fana ka sebaka se qhooeng seo ho sona motho a ka bonang ka mose oane ho phula ea nōka ea Swale, e lebang Yorkshire Dales National Park.
Lenaneo la TV le bitsoang The Richmond Sixteen le ile la senola lehlakore le leng la bohlokoa historing ea kajeno ea qhobosheane ena—e leng qetello ea batšoaruoa ba 16 ba hanneng ho kena sesoleng ba ileng ba kenngoa teronkong nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Ho ile ha etsahala eng ka bona?
Ho Ngolisoa Sesoleng ka Khang
Ka mor’a hore Brithani e phatlalatse ntoa ka 1914, moea oa ho rata naha o ile oa aparela banna ba limilione tse 2,5 hore ba kene mabothong a eona a sesole. Leha ho le joalo, rahistori oa ntoa Alan Lloyd o hlalosa hore ka lebaka la masole a mangata a ntseng a shoela ntoeng, le ho lemoha hore ntoa e ne e sa tl’o lala kapele joalokaha bo-ralipolotiki ba ne ba tšepisitse, “ho thaothela sesole ha e-ea ka ea hlola e e-ba taba ea ho kōpa, e ile ea e-ba qobello.” Kahoo, ka lekhetlo la pele historing ea Brithani, ka March 1916, banna ba masoha ba ile ba qobelloa ho kena mabothong a hlometseng.
Ho ile ha thehoa makhotla a likete tse peli ho mamela boipiletso, empa ke ba seng bakae feela haeba ba ile ba e-ba teng ba neng ba hana ka mabaka a letsoalo ba ileng ba lokolloa ka ho feletseng litšebeletsong tsa sesole. Boholo ba ba neng ba hana ho kena bosoleng ka lebaka la letsoalo ba ne ba laeloa ho kena sehlopheng sa masole a sa loaneng, a reretsoeng ho tšehetsa ntoa. Ba neng ba hana ho kena sesoleng seo ba ne ba ntse ba talingoa e le masole a ngolisitsoeng ka khang ’me ba ne ba isoa ka pel’a lekhotla la sesole. Ba ne ba tšoaroa ka sehlōhō le ho kenngoa teronkong, hangata e le maemong a tšabehang le ao ba petetsaneng ho ’ona.
Batšoaruoa ba 16 ba Richmond
Har’a batšoaruoa ba 16 ba Richmond ho ne ho e-na le Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba tse hlano, kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Herbert Senior eo e ileng ea e-ba Seithuti sa Bibele ka 1905 ha a le lilemo li 15, o ile a ngola tjena lilemo tse ka bang 50 hamorao: “Re ne re kentsoe liseleng tse batlileng li tšoana le mekoti. Mohlomong e ne e le khale li qetetse ho sebelisoa, kaha ho ne ho pakellane lithōle tse ka bang lisentimithara tse hlano ho ea ho tse supileng fatše.” Litšoantšo tse ngotsoeng maboteng le mengolo, tseo hona joale li seng li thocholehile ’me libakeng tse ling mongolo o se o sa balehe, tseo batšoaruoa ba neng ba li ngola le ho li penta maboteng a masoeu a lisele, morao tjena li sa tsoa buleloa sechaba. Li na le mabitso, melaetsa, le litšoantšo tsa baratuoa, hammoho le lipolelo tsa tumelo.
Motšoaruoa e mong o ile a ngola tjena leboteng: “Nka mpa ka shoella molao-motheo o itseng ho e-na le ho shoella lelea.” Melaetsa e mengata e akarelletsa e buang ka Jesu Kreste le lithuto tsa hae, hape ho boetse ho na le setšoantšo se entsoeng ka makhethe sa sefapano le moqhaka, se neng se sebelisoa ka nako eo ke Mokhatlo oa Machaba oa Liithuti Tsa Bibele (IBSA). Herbert Senior o boletse hore o ile a ngola leboteng la sele ea hae “Chart of the Ages” e nkiloeng bukeng ea ho ithuta Bibele ea The Divine Plan of the Ages, empa ha e e-s’o fumanoe. E ka ’na eaba e lahlehile le mengolo e meng ea leboteng ka seleng e khōlō kapa kae-kae. Mongolo o mong o baleha tjena: ‘Clarence Hall, Leeds, I.B.S.A. la 29 May, 1916. O romeloa Fora.’
Ho ea Fora le ho Khutla!
Masole a shoelang ntoeng Fora le Belgium a ne a eketseha ka lebelo le tšosang. Letona la ntoa Horatio Herbert Kitchener le molaoli oa mabotho a Brithani Douglas Haig ba ne ba hloka masole a eketsehileng ka mahlo a matšo, ho akarelletsa le banna ba nyetseng, bao ka May 1916 ba ileng ba qobelloa ho kena sesoleng. E le ho tiisa letsoho hore ba kene ntoeng, ba boholong ba ile ba etsa qeto ea ho etsa mohlala ka ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo. Kahoo, batšoaruoa ba 16 ba Richmond ba ile ba kenngoa tereneng ntle ho molao ba supiloe ka lithunya, ba tlanngoe ka lihanaboi, ’me ka lekunutu ba isoa Fora ka tsela e potolohang. Ha ba le lebōpong la Boulogne, makasine ea Heritage e re, “banna bao ba ne ba tlameletsoe lipalong ka terata e hlabang, joalokaha eka ba ne ba thakhisoa sefapanong,” ’me ha etsoa hore ba shebelle ha lesole le balehileng la Brithani le bolaoa ka ho thunngoa. Ba ile ba bolelloa hore haeba ba ne ba sa mamele litaelo, le bona ba ne ba tla hlaheloa ke ntho e tšoanang.
Bohareng ba June ka 1916, batšoaruoa bao ba ile ba tsamaisoa ka pel’a masole a 3 000 ho ea utloa kahlolo ea bona ea lefu, empa ka nako eo Kitchener o ne a se a shoele, ’me tona-khōlō ea Brithani e ne e se e kenelletse. Poskarete e ’ngoe e nang le molaetsa o patehileng e ne e se e fihlile ho ba boholong London, ’me taelo ea sesole e ne e hlakotsoe. Molaoli oa Mabotho Haig o ile a laeloa hore a fetole kahlolo eohle ea lefu hore e be kahlolo ea lilemo tse leshome tsa bohlanka.
Hoba ba khutlele Brithani, ba bang ba ba 16 ba ile ba isoa koaring ea morema-phofu ea Scotland ho ea sebetsa “mosebetsi oa bohlokoa oa sechaba” tlas’a maemo a hlobaetsang, kamoo tlaleho e ’ngoe ea ba boholong e bolelang kateng. Ba bang ba ile ba khutlisetsoa teronkong ea sechaba eseng ea sesole, ’me Herbert Senior o ne a le har’a bona.
Lefa
Ka lebaka la boemo bo tetemang ba marako a sele eo, pontšo e akaretsang Qhobosheaneng ea Richmond, eo hona joale e leng tlas’a tlhokomelo ea Lefa la Manyesemane, e akarelletsa pontšo ea baesekopo e nolofalletsang baeti hore ba hlahlobisise lisele tseo le litšoantšo tsa tsona ka hloko ka ntle le hore ba li senye. Lihlopha tsa liithuti li khothalletsoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ileng ba hana ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo ba ne ba itokiselitse ho utloa bohloko, ho kenngoa teronkong le ho bolaoa haeba ho ne ho etsahala, hobane ba tšepahalla litumelo tsa bona.
Batšoaruoa ba 16 ba Richmond ba ile ba atleha “ho hlokomelisa sechaba ka tseko ea ho hana ho ea sesoleng ka lebaka la letsoalo ’me ba qala ho amoheloa le ho hlomphuoa.” Sena se ile sa lebisa hore ba boholong ba utloisise ha ba sebetsana le ba ngolisang hore ke ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo Ntoeng ea II ea Lefatše.
Selemong sa 2002, serapa se setle mabaleng a qhobosheane eo se ile sa neheloa e le karolo ea sehopotso sa Batšoaruoa ba 16 ba Richmond e le ho ba tlōtla ka lebaka la tumelo ea bona.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona: Tora ea Qhobosheane ea Richmond ea lekholong la bo12 la lilemo, e nang le karolo ea mohaho e nang le lisele tsa teronko
Herbert Senior, e mong oa Batšoaruoa ba 16 ba Richmond
E ’ngoe ea lisele tseo Batšoaruoa ba 16 ba Richmond ba neng ba bolokoa ho tsona
Se hlaheletseng ka morao ke likarolo tsa mengolo e entsoeng leboteng la teronko ka lilemo