Kaofela re Hloka Metsoalle
“Motsoalle ke motho eo u ka buang le eena ka bolokolohi ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, eo u ka mo letsetsang mohala ka nako leha e le efe ea letsatsi.”—Yaël, Fora.
“Motsoalle o oa utloisisa ha u utloile bohloko ’me o utloa bohloko boo u bo utloang.”—Gaëlle, Fora.
“HO NA le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” (Liproverbia 18:24) Ho tloha ha ho ne ho ngoloa mantsoe ao ka Bibeleng lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, botho ba batho ha bo e-s’o fetohe. Botsoalle e sa ntse e le ba bohlokoa maikutlong a motho joalokaha lijo le metsi e le tsa bohlokoa ’meleng oa motho. Leha ho le joalo, ho ba bangata, ho khotsofatsa tlhokahalo ena ea motheo ea botsoalle ho thata. Bolutu bo hohle. Carin Rubenstein le Phillip Shaver bukeng ea bona ea In Search of Intimacy ba re: “Ha ho hlokahale hore re shebe hōle hore re bone tse ling tsa lisosa.” Ba bolela lintho tse kang “ho falla ho jeleng setsi”—batho ba chenchang libaka tseo ba lulang ho tsona hangata—“metse e meholo eo ho eona ho tletseng tlōlo ea molao le ho hloka botho,” le “ho shebella thelevishene le livideo lapeng ho e-na le ho thabela botsoalle le batho ba bang.”
Bophelo ba kajeno le bona bo fokolitse nako ea rōna le matla a rōna haholo. Letty Pogrebin bukeng ea hae ea Among Friends, o re: “Batho ba lulang metseng e meholo kajeno ba kopana le batho ba bangata ka beke ho feta bao moahi ea phetseng lekholong la bo17 la lilemo a ileng a ba bona ka selemo kapa esita le bophelong ba hae kaofela.” Kaha ho na le batho ba makholo bao motho a ka ’nang a tloaelana le bona, ho ka ’na ha e-ba thata ho tsepamisa mohopolo mothong ka mong nako e telele hoo u ka hlaolelang le ho ba le setsoalle se haufi-ufi le bona.
Esita le libakeng tseo nakoana e fetileng bophelo bo neng bo sa potlaka hakaalo ho tsona, maemo sechabeng a fetoha ka potlako. Ulla, ea phelang Europe Bochabela, o re: “Re ne re ikutloa re le haufi-ufi le metsoalle ea rōna. Empa hona joale ba bangata ba itukubelitse mesebetsing ea bona kapa linthong tsa botho tseo ba li hahamallang. Ka linako tsohle e mong le e mong o phathahane, ’me re hlokomela hore setsoalle sa rōna sa khale se ntse se fokotseha butle-butle.” Bophelong ba kajeno bo maphathaphathe, re ka ’na ra se ke ra ameha haholo ka setsoalle.
Empa hore ebe re hloka metsoalle e ntse e le ntho ea bohlokoa haholo. Tlhoko ena e utluoa ke batho ba bacha ka ho khetheha. Joalokaha Yaël, ea boletsoeng ka holimo, a hlalosa, “ha u le mocha, u hloka ho ikutloa u amoheleha le ho ba le setsoalle se haufi-ufi, le ho ikutloa u le haufi-ufi le motho e mong.” Ebang re batho ba bacha kapa ba baholo, kaofela re hloka setsoalle se thabisang le se nang le morero. ’Me ho sa tsotellehe liphephetso, ho na le ho hongata hoo re ka ho etsang hore re be le metsoalle ea sebele le ho e boloka. Lihlooho tse latelang li tla tšohla sena.