Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 6/8 maq. 14-16
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setsoalle se Senyehang Habonolo
  • Lintho Tse Senyang Setsoalle
  • Setsoalle—Na ke ho Amohela Kapa ho Fana?
  • Ha ho Hlaha Mathata
  • Setsoalle se Tšoarellang se ka Thabeloa!
  • Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Lula re le Metsoalle?
    Tsoha!—1989
  • U ka Thabela Setsoalle se Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 6/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?

“’Na le motsoalle oa ka re ne re kopanela lintho tse ngata tse thahasellisang ebile re etsa mesebetsi hammoho; re ne re thabela ho qeta nako hammoho. Empa ka tšohanyetso setsoalle sa rōna se ile sa felloa ke mofuthu butle- butle. Seo se ile sa nketsa hore ke ikutloe ke tepeletse maikutlo e le kannete.”—Maria.

QETELLONG u fumane motsoalle, motho ea u utloisisang le ea sa u ahloleng. Joale, ka tšohanyetso feela, setsoalle sa lōna se qala ho thekesela. U leka ho se khutlisetsa setloaeling, empa ha ho katleho ea letho.

Motsoalle ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng ke oa bohlokoa haholo. (Liproverbia 18:24) ’Me ho lahleheloa ke eena e ka ba phihlelo e bohloko. Bibele e re bolella hore ha Jobo a ne a lahloa kherehloa ke metsoalle ea hae, o ile a lla: “Baheso ba itulela thōko, bao e neng e le metsoalle ea ka ba ntebetse.” (Jobo 19:14) U ka ’na ua utloa tsieleho e tšoanang haeba haufinyane tjena u ile ua senyeheloa ke setsoalle. Joalokaha Patrick e monyenyane a boletse, “ho utloahala eka motho e mong eo u mo ratang o shoele.” Empa ho thoe’ng haeba hoo e batlang e le setsoalle sohle seo u kileng ua ba le sona se felletse ka ho hlōleha?

Setsoalle se Senyehang Habonolo

Buka ea Adolescence e ngotsoeng ke Eastwood Atwater e hlokomela hore setsoalle sa bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 “se atisa ho hloka botsitso, ka liphetoho tsa tšohanyetso, tse tlang ka potlako le maikutlo a bohloko haholo ha metsoalle e arohana.” Ke eng se etsang hore setsoalle sa bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 se senyehe habonolo hakaale? Lebaka le leng ke hore ha u ntse u hōla, maikutlo a hao, lipono, lipakane le lithahasello li qala ho fetoha. (Bapisa le 1 Bakorinthe 13:11.) U ka ’na ua iphumana u le pele—kapa u saletse morao—ho lithaka tsa hao litabeng tse ling.

Kahoo ha metsoalle e hōla, ka linako tse ling setsoalle sa bona se fokotseha butle-butle—e se hobane ba khopisane, empa e le hobane ba hlaolela lipakane, lithahasello le metheo ea bohlokoa e sa tšoaneng. Mohlomong ho ka ba molemo hore setsoalle se fele. Ha u ntse u hōla ’me u qala ho nka lintho tsa moea ka ho tebileng haholoanyane, u ka ’na ua hlokomela hore ba bang bao pele e neng e le metsoalle ea hao ba ne ba se na tšusumetso e ntle. (1 Bakorinthe 15:33) Ua ba tsotella, empa ha u thabele setsoalle sa bona joaloka pele.

Lintho Tse Senyang Setsoalle

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u ntse u tsoela pele ho lahleheloa ke metsoalle—likamano tseo u neng u ka rata ho li boloka? Ka ho hlakileng, ho ka ’na ha bolela hore u na le likoli tse itseng tsa botho tseo u lokelang ho li hlōla. Ka mohlala, mōna, o senya setsoalle. Nka hore u na le motsoalle ea ruileng haholoanyane, ea nang le litalenta tse fetang tsa hao, ea motle haholoanyane, kapa ea tsejoang haholoanyane ho u feta. Na u khopisoa ke tlhokomelo e khōloanyane eo a ka ’nang a e fumana? “Mōna o bolisa masapo.” (Liproverbia 14:30) Keenon e monyenyane oa lumela: “Ka sebele ke ne ke honohela ho tsebahala haholo ha motsoalle oa ka le lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona tseo ke neng ke li hloka, ’me ho ile ha ama setsoalle sa rōna.”

Takatso ea ho laola e mong e ka ba tšobotsi e ’ngoe e senyang. Ho thoe’ng haeba u hlokomela hore motsoalle oa hao o qeta nako e ngata haholoanyane a e-na le ba bang ’me a qeta e fokolang a e-na le uena? Mocha e mong o ile a lumela: “Ke ne ke le mōna esita leha ba bang ba ne ba buisana le metsoalle e meng ea ka.” Mohlomong u ka talima ho tloaelana ha motsoalle oa hao le ba bang e le ketso ea bohlaba-phieo.

Boikutlo ba ho lebella phetheho le bona bo ka nyopisa setsoalle. Ka mohlala, ua hlokomela hore motsoalle o ile a u ja lirethe, mohlomong esita le ho senola makunutu. (Liproverbia 20:19) U bua u halefile u re: “Ho hang ha ke sa tla mo tšepa!”

Setsoalle—Na ke ho Amohela Kapa ho Fana?

Haeba mōna, takatso ea ho laola e mong kapa boikutlo ba ho lebella phetheho ho ba bang ho sentse setsoalle sa hao, ak’u ipotse, ‘Ke eng seo ke se batlang setsoalleng?’ Na u nahana hore setsoalle se akarelletsa ho ba le motho ea itokiselitseng ho mamela litaelo tsa hao, mohlanka oa mofuta o itseng ea u etsetsang ntho leha e le efe eo u e batlang? Na u batla metsoalle bakeng sa botumo, ho tsebahala haholo kapa ho fumana ntho e itseng? Na u lebeletse boinehelo bo khethehileng ho motsoalle, u sa fe ba bang le monyetla oa ho kena kamanong eo? Joale ho hlokahala hore u lokise pono ea hao ka setsoalle.

Lithutong tsa Bibele re ithuta hore likamano tse ntle le ba bang li tsoaloa ke ho fana, e seng ho amohela! Ho Matheu 7:12, Jesu Kreste ka boeena o itse: “Ka hona lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” Ke ntho ea tlhaho ho lebella lintho tse itseng ho metsoalle. Buka ea Understanding Relationships ea lumela: “Kamehla re lebelletse hore motsoalle e be motho ea tšepahalang le ea nang le ’nete, ea bontšang kameho e mofuthu, ea re bolellang makunutu le mathata a hae, ea re fang thuso ha re e hloka, ea re tšepang le eo hape a . . . itokiselitseng ho rarolla liphapang.” Leha ho le joalo, taba ha e felle moo feela. Buka eo ea eketsa: “Tsena ke lintho tseo batho ba lebelletseng hore motsoalle a ba etsetse tsona ’me le bona ba lebelletse ho li etsetsa motsoalle ka ho tšoanang.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Hlokomela tsela eo ka eona Jesu ka boeena a ileng a tšoara ba neng ba le haufi-ufi le eena. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha ke sa le bitsa makhoba, hobane lekhoba ha le tsebe seo mong’a lona a se etsang. Empa ke le bitsitse metsoalle.” Empa na setsoalle sa Jesu le barutuoa ba hae se ne se thehiloe ho seo ba neng ba ka mo etsetsa sona? Ho hang feela. O ile a re: “Ha ho le ea mong ea nang le lerato le leholo ho feta lena, hore motho a nehelane ka soule ea hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13, 15) E, motheo oa sebele bakeng sa setsoalle ke lerato le nang le boitelo! Ha lerato e le motheo, kamano e ka khona ho pholoha liqhoebeshano le mathata.

Ha ho Hlaha Mathata

Ka mohlala, nka hore motsoalle oa hao o na le chelete e ngata, o bohlale haholo, kapa o na le litalenta ho u feta. Lerato le se nang boithati le u thusa hore u thabe le motsoalle oa hao. Etsoe, Bibele e re: “Lerato ha le boulele.”—1 Bakorinthe 13:4.

Kapa nka hore motsoalle oa hao oa bua kapa o etsa ntho e ’ngoe e u utloisang bohloko. Na ho bolela hore setsoalle sa lōna se felile? E seng hakaalo. Moapostola Pauluse o ile a soaba haholo ha motsoalle oa hae Mareka a mo lahla kherehloa leetong la boromuoa. Hoo a ileng a ba a hana ho lumella Mareka ho tsamaea le eena leetong la hae le latelang! Pauluse o bile a buisana ka thata le motsoal’a Mareka, Barnabase, ka taba eo. Leha ho le joalo, lilemo hamorao, Pauluse o ile a bua ka lerato ka Mareka, esita le ho mo memela Roma ho tla mo sebeletsa. Ka ho totobetseng ba ne ba rarolotse liphapang tsa bona.—Liketso 15:37-39; 2 Timothea 4:11.

Ke hobane’ng ha u sa leke ho etsa se tšoanang ha ho hlaha mathata setsoalleng sa lōna? Se ke ua lumella litaba ho mpefala. (Baefese 4:26) Pele u potlakela ho etsa liqeto kapa u etsa liqoso ka khalefo, mamela hore na motsoalle oa hao o re’ng ka taba. (Liproverbia 18:13; 25:8, 9) Mohlomong ho bile le ho se utloisisane ho itseng. Empa ho thoe’ng haeba ka sebele motsoalle oa hao a le molato oa ho bontša ho hloka temoho? Hopola hore motsoalle oa hao le eena ke motho. (Pesaleme ea 51:5; 1 Johanne 1:10) ’Me kaofela ha rōna re molato oa ho bua kapa ho etsa lintho tseo hamorao re ikoahlaelang tsona.—Bapisa le Moeklesia 7:21, 22.

Leha ho le joalo, u ka hlalosa ka bolokolohi kamoo liketso tsa motsoalle oa hao li u utloisitseng bohloko kateng. Seo se ka ’na sa susumetsa motsoalle oa hao hore a kōpe tšoarelo e le kannete. Kaha lerato “ha le boloke tlaleho ea se kotsi,” mohlomong u ka khaotsa ho nahana ka taba eo. (1 Bakorinthe 13:5) Ha a sheba morao setsoalleng se ileng sa senyeha, Keenon e monyenyane oa hlalosa: “Haeba ke ne nka se etsa hape, ne nke ke ka lebella phetheho setsoalleng sa rōna. Nka be ke ile ka mo mamela haholoanyane le ho mo tšehetsa ’me ka se ke ka hōlisa liphoso tsa hae. Hona joale kea utloisisa hore ho atlehisang setsoalle ke ho sebeletsa ho rarolla liteko le liphephetso.”

Empa ho thoe’ng haeba motsoalle oa hao a sa qete nako e ngata a e-na le uena joaloka pele kapa e ngata kamoo u ratang kateng? Na ho ka etsahala hore ebe u se u e-na le takatso e feteletseng ea ho laola nako le tlhokomelo tsa motsoalle oa hao? Sena se ka khina kamano. Batho ba nang le likamano tse atlehileng ba fanana tokoloho. (Bapisa le Liproverbia 25:17.) Ba lumella monyetla o mongata oa ho thabisa batho ba bang! Etsoe, Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba “atolohe” setsoalleng sa bona. (2 Bakorinthe 6:13) Kahoo ha motsoalle a etsa sena, ha ho hlokahale hore u mo talime joaloka ea sa tšepahaleng.

Ha e le hantle, hase khopolo e ntle ho itšetleha ka ho feteletseng ka motho ea itseng ka tsela leha e le efe. (Pesaleme ea 146:3) Ke ntho e bohlale ho hlaolela setsoalle le ba bang bao e seng lithaka tsa hao, ba kang batsoali ba hao, baholo le batho ba bang ba baholo ba tsotellang, ba nang le boikarabelo. Ka mokhoa o tletseng lerato Ana oa hlalosa: “’Mè ke motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Nka khona ho bua le eena ka ntho leha e le efe le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

Setsoalle se Tšoarellang se ka Thabeloa!

Ho 1 Petrose 3:8, Bibele e re: “Qetellong, kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong.” E, bontša mosa, kutloelo-bohloko, ho tšepahala boitšoarong le kameho ea sebele ka ba bang, ’me kamehla u tla ’ne u hohele metsoalle! Ke ’nete hore setsoalle se tšoarellang se hloka boiteko le boikemisetso. Empa meputso e etsa hore boiteko le boikemisetso bo joalo e be tse loketseng.

Ka ho thahasellisang, Bibele e bolela ka Davida le Jonathane. Ba ne ba thabela setsoalle se ikhethang. (1 Samuele 18:1) Ba ile ba khona ho hlōla mōna o fokolang le liphoso tsa botho. Sena se ile sa khoneha hobane Davida le Jonathane ka bobeli ba ne ba beile setsoalle le botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo ho feta ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Etsa se tšoanang, ’me u ke ke ua ba le bothata ba ho boloka metsoalle e tšabang Molimo!

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Hangata setsoalle sea senyeha ha e mong a ikutloa hore ho ba le metsoalle e meng ke ho hloka botšepehi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela