Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 12/8 leq. 15
  • “E Mong le e Mong o Tlameha ho Bala Buka Ena”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “E Mong le e Mong o Tlameha ho Bala Buka Ena”
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali, Sireletsang Lefa la Lōna la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Maikutlo a Babali Bukeng ea Bacha Baa Botsa
    Tsoha!—1990
  • Batho ba Limillione ba Thabela Buka e Ncha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Buka e Thusang Bacha Hore ba Hopole ’Mōpi oa Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 12/8 leq. 15

“E Mong le e Mong o Tlameha ho Bala Buka Ena”

KA MONGOLI OA TSOHA! POLAND

Mathoasong a lehlabula la selemo sa 2003, ho ile ha lokolloa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo ka lipuo tse ngata likopanong tse khōlō lefatšeng ka bophara. Joaloka libakeng tse ling, Poland le teng, buka ena e nang le litšoantšo e ntlehali e ile ea amoheloa ka tsela e tsotehang. Le hoja e etselitsoe bana ka ho khetheha, mangolo a tsoang ho bacha le ho batho ba baholo a bontšitse kamoo buka ena e ratoang kateng ke batho ka kakaretso. Tse ling tsa likarolo tse qotsitsoeng ke tsena.

“Lebitso la ka ke Agata, ’me ke lilemo li robeli. Ha ke ne ke fumana buka ena, kapelenyana ke ile ka utloa kamoo Jehova a ntsotellang kateng. Khaolo eo ke e ratang ka ho fetisisa ke ea bosupa, ‘Kutlo ea U Sireletsa.’ Hase kamehla ke neng ke mamela batsoali ba ka, empa hona joale kea tseba hore ke lokela ho fetoha hobane Jehova o rata bana ba mamelang.”

Marlena, ngoanana ea lilemo li 13, o ngotse tjena ka kananelo: “Kea tseba hore buka ena e etselitsoe bana ba banyenyane, empa ke lumela hore e ipiletsa ho bohle. Ho e bala ho matlafatsa tumelo ea ka ho Jehova le ho Jesu. Esita le lintho tse rarahaneng li hlalosoa ka tsela e bonolo. Ke sitoa ho khaohana le eona. ’Me ha e le litšoantšo tsa eona tsona! Lipotso tse tsamaisanang le tsona li tla tsosa thahasello ea bana! Ena ke buka e tsotehang, kahoo ke e bala ka hloko. Ke le leboha haholo.”

Justyna, ngoanana ea lilemo li 15, o bolela kamoo a fumaneng buka ena e hapa maikutlo kateng: “Ke hloletsoe ke likhaolo tseo ke seng ke li balile hoo ke batlang ho le leboha ho tloha botebong ba pelo ea ka bakeng sa mpho ena e ntle le e laeang. Ke nahana hore motho e mong le e mong o lokela ho bala buka ena—esita le batho ba baholo. Mehlala e fanoeng ho eona e bonolo ebile e ka utloisisoa habonolo hoo ho ea ka ’na le ngoana ea nang le selemo a ka e utloisisang. Le litšoantšo tsa eona lia ipuelella. Leha ho le joalo, ho thata ho itlhalosa hore na ke ikutloa joang ha ke bala buka ena.”

Eunika le eena o hlalosa kamoo a ananelang buka ena kateng. Le hoja a le lilemo li 19, o ile a bala buka ena e ncha ka cheseho ’me o bolela hore o e fumane e le e “ntle bakeng sa bacha.” O boetse o oa ngola: “E fupere keletso ea bohlokoa bakeng sa bophelo ba letsatsi le letsatsi—lapeng, sekolong le phuthehong. Kea le leboha ka mpho ena.”

Maria, ’mè ea thabileng oa Oliwia ea nang le selemo, hoba a hlokomele hore na morali oa hae o etsa’ng ha a bona litšoantšo tse mebala, o re: “Ke rata ho le leboha ho tloha botebong ba pelo ea ka ka thuso ena e ikhethang bakeng sa ho ruta bana. Moralinyana oa rōna Oliwia o rata ho lula a e shebile. O lula holim’a rōna ’me o batla hore re mo bolelle hore na khaolo ena kapa eane li fupere eng. Ka ho khetheha o ratile setšoantšo se leqepheng la 83, se bontšang banana ba babeli ba morabe o sa tšoaneng ba hakane. Litšoantšo tse ling li shebahala e le tsa sebele hoo a li amang, a li kopang le ho li bososella.”

Maria o boetse o hatisa bohlokoa ba thuto bo bukeng ena: “E bua ka lintho tse tebileng tse amanang le ho kopanela liphate (leqepheng la 58-60) le tlhekefetso ea bana (leqepheng la 170-1). Ke thuso e ntle ho batsoali ba ratang ho hōlisa bana ba bona ka bohlale lefatšeng lena la kajeno le khopo leo ho lona ho larileng likotsi tse ngata.”

Bahatisi ba buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo ba na le tšepo ea hore e tla boetse e thusa, uena le bana ba hao ho rua molemo lithutong tseo Mosuoe e Moholo, Jesu Kreste, a ileng a li ruta moloko oa batho lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Agata

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Marlena

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Eunika

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Justyna

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Maria le Oliwia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela