Maikutlo a Babali Bukeng ea Bacha Baa Botsa
BA BANG ba ile ba nahana hore ba kene khathatsong. “Ke ile ka nahana hore ba ne ba batla ho re neha keletso ka boitšoaro ba rōna,” ho boletse ngoanana ea lilemo li 15 ea bitsoang Shereda. Ba bang ba ne ba tšohile. Moshanyana e mong oa Brithane ea lilemo li leshome ea bitsoang Timothy oa hopola: “Ha ke utloa hore ke lokela ho lula thōko ho ’mè le ntate, ke ne ke sa batle ho ea.”
Ke eng se ileng sa baka pelaelo eo? Ke tsebiso e ileng ea etsoa ka Labohlano hoseng Likopanong tsa Setereke tsa 1989 tsa “Boinehelo ba Bomolimo” tsa Lipaki tsa Jehovaa hore bacha ba mahareng a lilemo li 10 le 19 ba lule karolong e behetsoeng bona. Tšabo leha e le efe e ile ea fela ha buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e ne e lokolloa le ho fanoa mahala ho bacha bohle ba neng ba le teng. Karabelo e bile efe?
“Ke ne ke haelloa ke mantsoe; likhapha li ile tsa keleketla sefahlehong sa ka.”—Mike.
“Ke ile ka seka meokho ha ke bona boitsebiso bo babatsehang hakaana bukeng ena. ’Nete ea hore buka ena ke mpho e tsoang ho Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ho bacha ebile mohlala oa kamoo ba re tsotellang ka teng.”—Margie ea lilemo li 18.
Mocha e mong ea lilemo li leshome ea bitsoang Naomi, eo ntat’ae a sa tsoa hlokahala, ka ho khethehileng o ile a ananela ho amohela buka ena. O sa hopola:
“Ena ebile kopano ea pele e khōlō eo lelapa la habo rōna le ileng ho eona ka ntle ho ntate. Letsatsing la pele ke ne ke soabile haholo. Empa ho ile ha thabisa ho tseba hore baena ba rōna le Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, ba tla re hlokomela ho fihlela ntate oa rōna a tsosoa lefatšeng le lecha.”
Ka mokhoa oa pokello, buka ena e akaretsa hoo e ka bang halofo ea lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa. . .” tse ileng tsa hlaha makasineng oa Tsoha! ho tloha ka 1982 ho fihlela ka 1989. E na le likhaolo tse 39, ’me li hlophisitsoe ka lihlopha tsa tse leshome. (Bona lebokose leqepheng le latelang.) Molemo oa ho ba le boitsebiso bona bohle bukeng e le ’ngoe ke ofe? Mocha e mong oa hlalosa: “Hangata ke ne ke tseba hore ke lokela ho batla lihlooho tse fetileng tsa ‘Bacha Baa Botsa . . .’ ho nthusa ka bothata bo itseng, empa ho ne ho bonahala ho se moo ke bo fumanang teng. Joale ho na le buka eo nka e sebelisang neng kapa neng e le tataiso.”
Buka ea Bacha Baa Botsa e boetse e na le boipiletso bo matla. Heather ea lilemo li 11 oa bolela: “Ke rata litšoantšo tse mebala.” Lifoto li bontša bacha ho tsoa likarolong tsohle tsa lefatše. Mocha e mong oa Canada o itse: “Litšoantšo tsa eona ke tse khahlisang haholo ’me li hlalosa maikutlo a rōna a sebele ha re tali-mane le bothata.” Joale, ha ho makatse ha bacha ba bangata ba ile ba qala ho e bala hang-hang.
‘Ke ne ke sa Khaotse ho e Bala’
Ngoanana e mong ea lilemo li 17 o ile a ngola pampiring ea hotele:
“Re ne re le sebakeng se bohareng ho tloha kopanong ea rōna ’me re sa ntse re tla tsamaea lihora tse ’nè. Ke se ke balile likhaolo tse leshome.”
Ba bang ba ile ba hapuoa ke lethathamo le bontšang lihlooho tse ka har’a buka:
“Ha ke bala lethathamo la lihlooho tse ka har’a buka, ho ne ho tšoana le ho hlahloba bophelo ba ka. Lipotso tse ngata ebile tseo ke ’nileng ka ipotsa tsona ka nako e ’ngoe.”—Kathy ea lilemo li 16.
Esita le batho ba bang bao e neng “e se babali” ba ile ba hapuoa:
“Ha ke motho ea ratang ho bala haholo, empa buka ena e molemo hoo ha ke qala ho e bala, ke ne ke sa e behe fatše. Ke ile ka bala buka eohle ka matsatsi a mararo.”—Jennifer ea lilemo li 15.
“Ha ke sebali se setle kahoo ha ke bale haholo. Ha ke fihla hae ho tsoa kopanong, ke ne ke khathetse haholo hoo ke neng ke sa tsebe ho bula mahlo. Empa ke ile ka nyarela ka bukeng ena, ka qala ho e bala, ’me ka bala khaolo eohle! Ho tloha nakong eo, ke ile ka bala khaolo e le ’ngoe ka letsatsi, ho fihlela mantsiboeeng ana—ke ile ka bala likhaolo tse peli!”—Tiffany ea lilemo li 17.
Ba bang ba ne ba batla ba na le maikutlo a mabe:
“Ke ne ke nahana hore ke se ke tsofetse haholo hore nka bala likarolo tse ling tsa buka ena. Kahoo ke ile ka qala ho bala Karolo 6, ‘Likamano Tsa Botona le Botšehali le Boitšoaro.’ Karolo ena e ile ea nthusa haholo ho etsa liqeto tse khōlō. Ha ho motho ea hōlileng haholo bakeng sa buka ena!”—Sabrina ea lilemo li 19.
Ha e le hantle, kamor’a ho qeta ho e bala, ba bangata ba ikutloa hore ho e bala hanngoe feela ha hoa lekana:
“Ke kolobelitsoe selemong se fetileng, empa lintho li ile tsa nyolosetsa, ’me ke ile ka tepella maikutlong. Ka nako e ’ngoe nkile ka ba ka baleha lapeng! Kahoo ha ke fumana buka ena e ncha, ke ile ka ikutloa hore Jehova o tseba seo ke hlileng ke se hlokang. Ke ntho e ntle haholo! Ke se ke e balile habeli.”—J. S.
“Ke ngola lengolo le leng le le leng lentsoe ka lentsoe ka har’a buka hore ke nolofalloe ho e bala lekhetlo la bobeli. Ha ke fetelletse lintho: Buka ena e nkentse motho ea molemonyana.”—Aida ea lilemo li 18.
‘Ha u Ikutloe Hore u Bolelloa Seo u Lokelang ho se Etsa’
Ho se ho fetile likhoeli haesale ho lokolloa buka ena ea Bacha Baa Botsa, leha ho le joalo, mantsoe a kananelo a ntse a tsoela pele ho amoheloa. Ntle ho pelaelo lebaka le leng la ho atleha ha eona ke hobane le hoja e lebisitsoe ho bacha, buka ena hase ea bongoana; kapa hona ho ngoloa ka tsela e etsang hore babali ba eona ba ikutloe hore baa rutoa. Bacha ba bang ba beha taba ka mokhoa ona:
“Buka ena e na le boikutlo ba ho itšepa. E tšehelitsoe ke Lentsoe la Molimo, Bibele, e molemo ho feta makasine leha e le ofe oa bacha.”
“Ha u ikutloe hore u bolelloa seo u lokelang ho se etsa; ho fapana le hoo, u hlokomelisoa ka likotsi tse ngata le liphello tsa tsona. Ka mehla pono ea Jehova e bontšoa ka ho hlakileng ’me e tšehetsoa ke Mangolo.”
Ba bangata ba ile ba ananela mokhoa oo e ngotsoeng ka oona le temoho eo e e bontšang maikutlong a bona.
“Ha ho mohla ntate a kileng a mpontša lerato, empa keletso e leng bukeng ena ho bonahala e tsoa ho ntate ea lerato ea re laeang molemong oa rōna.”—Stefano, Italy.
“Boikutlo boo ke neng ke e-na le bona e ne e le ba ho buisana le motho ea ntsebang hantle ho e-na le ho bala se ngotsoeng bukeng.”—Myriam, Italy.
“Mehlala e mengata e sebelisitsoeng mona ke ea sebele. Nka e bolela ka ho felletseng.”—Mocha oa ngoanana.
“Kea tseba hore ha ho bacha Sehlopheng se Busang. Leha ho le joalo, sohle seo le se ngolang ka bacha ke se nepahetseng; ekare Jehova ka boeena o buisana le ’na ka ho tobileng.”—Aubree ea lilemo li 15.
Hase ea Bacha Feela
Likhaolo tse ngata li fana ka temoho mathateng ao Bakreste ba hōlileng ba thulanang le ’ona, mathata a kang ho ba lihlong, ho tepella maikutlong, bolutu, le ho se hiroe. Kahoo, ha ho makatse ha batho ba baholo le bona ba ile ba bontša kananelo bakeng sa buka ena. Mosali oa mosebeletsi e mong ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova o itse:
“’Na le monna oa ka ha re na bana bao e leng ba rōna. Leha ho le joalo, ke fumane tsela eo boitsebiso bo hlalositsoeng ka eona bo le molemo le ho rōna. Mohlomong hoja buka ena e ile ea bitsoa feela ‘Lipotso Batho Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang!’”
Batho ba bang ba baholo ba lumela ka mofuthu:
“Ho na le lipolelo tse ling, lipoleloana, le melao-motheo tse bileng molemo ho ’na bophelong ba bocha ba ka ba lilemo tse 41.”
“U ne u ke ke ua nahana hore buka e ngolletsoeng bacha e ka thusa mosali ea lilemo li 61. Empa e nthusitse ho nahana hamolemo ka nako e fetileng le ho lebala sekhopi seo ke neng ke e-na le sona le batsoali ba ka.”
“Ke fumane hore le ‘batho ba hōlileng baa botsa.’ Ha ho letho lilemong tsa ka tse telele joaloka Mokreste le kileng la nthusa ho ikutloisisa haholoanyane. Ka bomalimabe, ke mocha ea lilemo li 74.”
Ho boetse ho amohetsoe mangolo a mangata a tsoang ho batsoali ba Bakreste:
“Ke na le bana ba bararo, ’me buka ena ebile karabelo ea lithapelo tsa ka. Re le leboha ha le le teng molemong oa rōna. Satane o leka ka litsela tsohle ho hapa bana ba ka. Empa joale ke hlomelletsoe hamolemo ho etsa sohle se matleng a ka ka tsebo, ke leboha buka ena e fihlileng ka nako e loketseng.”
“Tsamaiso ena e re sithabetsa ka matšoenyeho letsatsi le letsatsi. Ngoana oa ka oa ho fela o na le lilemo tse 12, ’me thahasello ea hae linthong tsa moea e ile ea ntlafala haholo selemong se fetileng. Ke hloka molomo ho le bolella kamoo ho leng hotle ka teng ho bona ha a sebeletsa ho ea kolobetsong ka lebaka la kopano le buka ena e ncha.”
“Ke ile ka seka meokho ha bana ba ka ba amohela likopi tsa bona. Ha ho mekhatlo e meng ea bolumeli e tsotellang bacha ba eona joalo!”
“Ke motsoali ea mong, ke ikutloa ke tšohile ’me ka linako tse ling ke ikutloa ke sa tšoanelehe joaloka motsoali. Mor’a ka e moholo o lilemo li 11 ’me o na le tichere e ’ngoe e sa mo rateng. Ke ho khothatsang hakaakang ho fumana khaolo e sebetsanang le boemo bo joalo bukeng ea Bacha Baa Botsa!
Ba bangata ba tiisitse phello e molemo ea karolo e bitsoang “Lipotso tsa Puisano” e hlahang bofelong ba khaolo e ’ngoe le e ’ngoe:
“Re bala buka ena hammoho joaloka karolo ea thuto ea rōna ea ka mehla ea Bibele. Kaofela ha rōna e re atamelitse haufinyane. Ke hlokomela hore bana ba arabela lipotso tsena habonolo, ’me ehlile e bontša maikutlo ao ho neng ho se bonolo ho a bua.”
Lipotso Tse Hlileng li Sebetsang!
Ha e le hantle, bohlokoa ba buka ena hase botumo ba eona empa ho sebetsa ha eona. Ka mantsoe a mang, na likarabo tsa eona li hlile lia sebetsa? Bacha ba bangata ba tiisa hore ehlile lia sebetsa:
“Pele ke bala buka ena, ke ne ke mpa ke ea Holong ea ’Muso le ’mè le likhaitseli hobane ke ne ke sa batle ho sala ke le mong hae. Ke ne ke phela bophelo bo habeli. Joale seo sohle se fetohile ’me ke phela bophelo bo molemo.”
“U ka lahla ’nete, empa ’nete e ke ke ea u lahla. Ha ke le lilemo li 27, ke ile ka leka ho khutlela Holong ea ’Muso—ke le mong feela, ke tšohile ’me ebile ke bakile. Ke ne ke na le mekhoa e mebe ka ho tebileng ’me ke ne ke ikutloa hore Jehova a ke ke a ntšoarela le ka mohla. Empa khaitseli e mong ea hōlileng o ile a mpha buka e ncha ea Bacha Baa Botsa. Ke ile ka fumana hore ehlile e tšohla mathata a ka kaofela le kamoo nka sebetsanang le ’ona ka teng. Ke ile ka lla. Ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa kananelo ea ka bakeng sa buka ena. Likarabo tse sebetsang—li sebetsa hakaakang!!!”
“Buka ena e ile ea etsa hore ke nahane ka ho tebileng. Pele ke ne ke hlile ke sa inke ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke na le kharebe. Ke ne ke tsamaea le batho ba lefatše. Ke ne ke bile ke atisa ho utsoa. Empa ka mor’a hore ke bale buka, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke etsa ntho e fosahetseng bophelong ba ka. Ke ile ka rapela Jehova hore a ntšoarele ’me ka mo leboha ha a mphile buka ena e ncha e babatsehang.”
Ena e mpa e le mehlala ea mangolo a makholo a amohetsoeng. Likarabo tsa lōna bacha li re khothalitse le ho re susumetsa ka ho tebileng. Ka ho hlakileng, le batla ho etsa se nepahetseng, ’me le ananela tataiso e lerato eo Jehova ka lerato a fanang ka eona ka Lentsoeng la hae. Ho boetse ho hlakile hore likarabo tse tsoang Lentsoeng la Molimo ka ’nete lia sebetsa!
Ka hona le tla thabela ho tseba hore letoto la lihlooho “Bacha Baa Botsa. . .” ho Tsoha! le tla tsoela pele ho fana ka keletso e molemo, e theiloeng Bibeleng lihloohong tse le amang. Le se fetoe ke sehlooho leha se le seng! Haeba le e-s’o etse joalo, balang hape buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.b E abelaneng le bao le kenang sekolo le bona. Balang mangolo a qotsitsoeng. Buisanang le batsoali ba lōna ka likhaolo tsa eona. Sebelisang keletso ea eona. Ntle ho pelaelo le tla lumellana le Kent ea lilemo tse 16, ea itseng: “Ho tšoana le ho ba le buka e nthusang ho feta linakong tse thata ka ho fetisisa tsa bophelo ba ka.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li ne li tšoeroe lefatšeng ka bophara ho qala ka June 1989.
b E fumaneha ka ho ngolla bahatisi ba makasine ona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
Tse ka Hare
Karolo 1
Karolo ea Lapeng:
Ho Sebelisana le Litho tsa Lelapa
Khaolo Leqephe
1 Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ‘Hlompha Ntate le ’Mè’? 11
2 Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Nkutloisise? 18
3 Nka Etsa Joang Hore Batsoali ba ka ba Mphe Tokoloho
e Eketsehileng? 26
4 Ke Hobane’ng ha Ntate le ’Mè ba Ile ba Arohana? 34
5 Nka Sebetsana Joang le Lenyalo la Bobeli la Motsoali
oa ka? 42
6 Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakana ho Phelisana le
Banab’eso? 50
7 Na ke Lokela ho Tloha Lapeng? 56
Karolo 2
Uena le Lithaka tsa Hao
8 Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele? 65
9 Nka Hlōla Khatello ea Lithaka Joang? 73
Karolo 3
Ho Hlahloba Kamoo U Shebahalang Kateng
10 Chebahalo e Bohlokoa Hakae? 82
11 Na Liaparo Tsa ka li Senola Seo ke Hlileng ke Leng Sona? 90
Karolo 4
Ke Hobane’ng ha ke Ikutloa ka Tsela Ee?
12 Ke Hobane’ng ha ke sa Ithate? 98
13 Ke Hobane’ng ha ke Tepella Maikutlong Hakana? 104
14 Nka Leleka Bolutu ba ka Joang? 115
15 Ke Hobane’ng ha ke le Lihlong Hakana? 121
16 Na ke Tlhaho ho Utloa Bohloko ba ho Shoeloa ka Tsela 127
eo ke Etsang ka Eona?
Karolo 5
Sekolo le Mosebetsi
17 Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo? 134
18 Nka Ntlafatsa Lintlha tsa ka tsa Lithuto tsa Sekolo
Joang? 140
19 Ke Hobane’ng ha Bana ba Bang ba sa Ntlohele? 150
20 Nka Sebelisana Joang le Tichere ea ka? 158
21 Nka Fumana Mosebetsi Joang (le ho o Boloka!)? 166
22 Ke Lokela ho Khetha Mosebetsi Ofe? 174
Karolo 6
Likamano Tsa Botona le Botšehali le Boitšoaro
23 Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele 181
ho Lenyalo?
24 Nka Hana Joang Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele 192
ho Lenyalo?
25 Ho Pholla Litho tsa Botona Kapa Botšehali ho li 198
Khotsofatsa—Ho Kotsi Hakae?
26 Ho Pholla Litho tsa Botona Kapa Botšehali ho li 205
Khotsofatsa—Nka Loantša Tšusumetso Ena Joang?
27 Botšepehi—Na e Hlile ke Mokhoa o Molemohali? 212
Karolo 7
Ho Laetsana, Lerato, le ba Batona kapa ba Batšehali
28 Nka Hlōla ho Nkeha Maikutlong a Lerato Joang? 219
29 Na ke se ke Loketse ho Laetsana? 225
30 Na ke se ke Loketse Lenyalo? 236
31 Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele? 242
32 Nka Ntšetsa Pele Joang Lefereho le Atlehileng? 252
Karolo 8
Leraba la Lithethefatsi le Tahi
33 Ho Noa—Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela? 262
34 Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Hana Lithethefatsi? 272
Karolo 9
Nako ea Bolokolohi
35 Na Hoa Tsotelleha Hore na ke Bala Eng? 283
36 Nka Laola Tloaelo ea ka ea ho Shebella TV Joang? 289
37 Ke Hobane’ng ha ke sa be le Nako e Monate Hang ka 296
Mor’a Nako e Itseng?
Karolo 10
Bokamoso ba Hao
38 Bokamoso bo Ntšoaretse Eng? 305
39 Nka Atamela Haufi le Molimo Joang? 311
[Lebokose le leqepheng la 12]
‘Karolo eo ke e Ratang Haholo Bukeng Ena ke . . .’
Bacha ba bangata ba buile ka lihlooho tse leshome (tse thathamisitsoeng mona ka tlaase) tsa buka Bacha Baa Botsa tse ba thusitseng ka ho khethehileng:
Karolo ea Lapeng: “Ka mehla ’na le khaitseli ea ka re ne re loana. Empa buka ena e nthusitse ho ba mosa ho khaitseli ea ka. Haeba re loana, re ee re bolele hore re masoabi haholo ka seo ’me re ne re sa ikemisetsa ho etsa seo re se boletseng.”
“Ke ne ke nahana hore khaitseli ea ka e fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e e batlang, empa ke hlokomela hore ke ne ke le mōna. Hape ke hlokomela hore batsoali ba ka ha ba leeme empa ba ne ba leka sohle se matleng a bona ho atolosa lerato la bona.”
“E nthusitse ho tseba hore ’mè le ntate ha baa arohana ka lebaka la ka.”
Uena le Lithaka tsa Hao: “E nthusitse ho utloisisa hore haeba ke batla motsoalle, ke lokela ho ba motsoalle ka bonna. Hape, ke ithutile ho se tsamaee le bana bao e leng metsoalle e mebe.”
Ho Hlahloba Kamoo U Shebahalang Kateng: “Ke ile ka nahana hore ke boima bo fetelletseng, ’me ke ne ke sa je letho ka matsatsi a mangata. Empa ke ne ke ja haholo letsatsing le latelang ’me ke bone boima ba ka ba pele bo khutlile. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke motho e mobe ea sa khahleheng. Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo o ile a mpolella hore ke bale karolo ea ‘kamoo u shebahalang kateng.’ Ke ile ka seka meokho ha ke bala sehlooho sena. Joale ke hlophisitse lintho tse tlang pele ’me ke amehile ka tšebeletso ea ka ho Molimo—eseng ka ponahalo ea ka.”
Ke Hobane’ng ha ke Ikutloa ka Tsela Ee?: “Ke ne ke tepelletse maikutlong haboima ho isa moo ke neng ke nahana ho ipolaea. Joale ke qalile ho tobana le tšabo ea ka le ho fumana thuso ea litsebi. Ke ile ka ikutloa hamolemo ha ke bala hore ho tla ba le pheko ‘tšabong ena e sa khaotseng.’”
Sekolo le Mosebetsi: “Ke bile le khathatso ka lithuto tsa ka tsa sekolo le ho sonngoa sekolong. Ke ile ka rera ho sebelisa keletso eo sekolong.”
Likamano tsa Botona le Botšehali le Boitšoaro: “Ho na le likhatello tse ngata hore bacha ba etse lintho tse fosahetseng, empa ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, ke tseba ho hanela lithaka tsa ka.”
“Ke na le bothata ba ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa, ’me sena se nyahamisa haholo. Empa ke tla etsa boiteko ba sebele ho sebelisa keletso ena le ho leka ho ba mocha ea molemo haholo kamoo nka khonang ho Ntate oa ka oa leholimo.”
Ho Laetsana, Lerato, le ba Batona kapa ba Batšehali: “E se e le nako e telele joale ke nkehile maikutlong ka ngoanana e mong. Ha ke etse lintho tse tlontlollang kapa tse soabisang ha a le teng. Ho ntse ho le joalo, ke na le boikutlo boo le bo hlalositseng. Buka ena e nthusitse ho hlokomela hore sena e ne e mpa e le ho nkeha maikutlong feela le hore ke ne ke sa le monyenyane hore nka laetsana.”
Leraba la Lithethefatsi le Tahi: “Ke ne ke le mofihli sekolong se phahameng, ’me bana ba bang ba ne ba se ba ile ba mpha lithethefatsi. Buka ena e ile ea nthusa ho hana.”
Nako ea Bolokolohi: “Ke ne ke atisa ho shebella TV ho tloha ka ’Mantaha ho fihlela ka Labohlano. Buka e nthusitse ho fokotsa ho shebella TV—ke e shebella ka Sontaha le ka Labohlano feela!”
Bokamoso ba Hao: “Ke ne ke atisa ho nahana hore Bibele ea tena—empa ha ho sa le joalo! Ke leka ho e bala metsotso e 15 letsatsi le letsatsi!”
“E nthusitse haholo lithapelong tsa ka. Joale ke tseba ho buisana le Jehova joaloka motsoalle ea haufi.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Sehlopha sa bacha ba Fora se romelletse foto ena (ka ho le letona) e le pontšo ea ‘tšireletso e lerato le tšehetso’ tsa Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng bakeng sa ho nehelana ka buka ea Bacha Baa Botsa