Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/08 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Thabileng ba Phela Hantle
  • Ho Sebelisa Theknoloji e Tsoetseng Pele ho Lekola Khoeli
  • Na Masea a ka Lemoha se Etsahalang Bophelong?
  • “Ba Nyoreloa Metsi a ka Botlolong”
  • Batsoali—Khethang Lintho tsa ho Bapala tsa Ngoana oa Lōna ka Bohlale
    Tsoha!—1994
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Lintho tsa Kajeno tsa ho Bapala—Li Ruta Bana ba Rōna Eng?
    Tsoha!—1994
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 11/08 leq. 30

Tsa Mona le Mane

◼ Web site ea molao ea Lipaki Tsa Jehova, e leng (www.watchtower.org) hona joale e fana ka boitsebiso ka lipuo tse 314. Selemong se fetileng, e ile ea buloa ka makhetlo a limilione tse 18—e leng karolelano ea makhetlo a 49 249 ka letsatsi.

◼ “Kajeno lefatše le tobane le bothata ba ho fumanela batho bohle metsi a mangata a sireletsehileng. . . . Moo re hlokang metsi teng re atisa ho fumana lithunya.”—BAN KI-MOON, MONGOLI-KAKARETSO OA MACHABA A KOPANENG

Batho ba Thabileng ba Phela Hantle

Ke khale batho ba nka hore batho ba thabileng le ba nang le tšepo bophelong ba batla ba phela hantle ’meleng ho feta batho ba sithabetseng maikutlong, ba bohale, kapa ba se nang tšepo. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng haufinyane tjena, bafuputsi ba fihletse qeto ea hore batho “ba thabileng bophelong” ba na le cortisol e tlaase—e leng homone e bang teng ha motho a sithabetse maikutlong, e ka kulisang motho haeba e lula e le boemong bo phahameng ka nako e telele. Batho bao ba boetse ba fokolloa ke “liprotheine tse peli tse bontšang ha ho e-na le borurusi ’meleng.” Ho ea ka Dr. Andrew Steptoe oa K’holeje ea Univesithi, London, “tsela eo re ikutloang ka eona hase taba ea lefutso feela, empa e itšetlehile ka hore na re sebelisana le batho ba bang joang le hore na re khotsofetse hakae bophelong.”

Ho Sebelisa Theknoloji e Tsoetseng Pele ho Lekola Khoeli

Mamosleme a qetile lilemo tse makholo a lekola sepakapaka e le hore a bone ha khoeli e thoasa, e leng qetellong ea khoeli ea Ramadan le qalong ea Mokete oa ho Khaotsa ho Itima Lijo. Ka tloaelo, libakeng tse ling khoeli e ne e ichebeloa feela ka mahlo, ebe ka mor’a moo moruti o tsebisa balumeli. Empa lilemong tse sa tsoa feta, baruti ba bang ba lumetse hore ho sebelisoe mekhoa e tsoetseng pele ea theknoloji. Litsebi tsa linaleli tsa Iran, li e-na le baruti ba netefatsang seo li se bonang, hona joale li sebelisa libonela-hōle tse tsoetseng pele, thepa e li thusang ho bona bosiu le lifofane tse kentsoeng mechine e matla e li thusang ho bona. Haeba li ka bona khoeli e ncha esale qalong, seo se potlakisa letsatsi la phomolo.

Na Masea a ka Lemoha se Etsahalang Bophelong?

Bafuputsi ba Univesithing ea Yale, U.S.A ba re masea a likhoeli li tšeletseng a khona “ho lemoha tsela eo batho ba itšoarang ka eona le pele a [ka tseba ho] bua.” Masea a likhoeli li tšeletseng ho ea ho tse leshome a ile a shebella popi e ’ngoe e mahlo a maholo e leka ho hloa leralla, ’me e ’ngoe e e thusa, ha e ’ngoe eona e e sutuletsa morao. Koranta ea Houston Chronicle e bontša hore ka mor’a moo, bana bao ba ile ba “fuoa lipopi tseo ho bona hore na ba tla khetha ho bapala le efe. Hoo e ka bang masea ao kaofela a ile a khetha popi e molemo a tlohela e thibaneng litsebe.” Kahoo koranta eo e bontša hore ka tsela e itseng, “esita le masea a khona ho bona phapang pakeng tsa popi e sa utloeng le e molemo, ’me aa tseba hore na a lokela ho khetha efe.”

“Ba Nyoreloa Metsi a ka Botlolong”

Makasine ea U.S.News & World Report, e re: “Ho bonahala batho ba Amerika ba na le lenyora le sa feleng la metsi a ka botlolong, ’me ka selemo ba noa libotlolo tse ka bang limilione tse likete tse 30.” Leha ho le joalo, bareki ba bangata ha ba lemohe hore metsi a ka botlolong a ntse a tšoana le a pompo, kahoo makasine eo e re, “motho ea khethang ho noa metsi a ka botlolong ho e-na le a ’masepala, a nahana hore o a noa ka lebaka la bophelo bo botle, o lahlehile.” Linaheng tse ngata, metsi a pompo a lula a hlahlojoa ho tiisa hore a boemong bo botle. Ha a bapisoa le metsi a ka botlolong a turang haholo, metsi a pompo ’ona ho ka thoe “ha a lefelloe!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela