Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 maq. 22-31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
  • Li Bokelleng ’me le Ithute
  • Batho ba Libakeng Tse Ling
  • Bana Batlang Litšoantšo
  • LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2012
  • Seo Joshua a Ileng a se Hopola
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • O Batla Hore re Atlehe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Buka ea Bibele ea 6—Joshua
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 1/11 maq. 22-31

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?

Balang Johanne 6:5-13. Ke lintho life tse tharo tse sa nepahalang setšoantšong see? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase ’me le qetelle setšoantšo sena ka ho se taka.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba bokelle eng, hona hobane’ng? See se u ruta’ng ka Jesu? U ka etsa’ng hore u qobe ho senya?

SE KA ETSOANG KE LELAPA:

Balang tlaleho ena ea Bibele hammoho. Haeba ho khoneha, e mong a ka bala karolo ea mohlalosi, e mong a bala mantsoe a Jesu, oa boraro a bala mantsoe a Filipi ’me oa bone a bala mantsoe a Andrease.

Li Bokelleng ’me le Ithute

E seheng, le e mene ’me le e boloke

KARETE EA BIBELE 1 JOSHUA

LIPOTSO

A. Joshua le lebotho la hae ba ile ba liha marako a Jeriko joang?

B. Qetella mantsoe ana a Joshua: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, . . . ”

C. Joshua o ne a tsejoa ka lebitso lefe le leng?

[Chate]

4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.

Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela

tsa bo-1500 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa

[’Mapa]

Ha ba tloha Egepeta ba ea Naheng e Tšepisitsoeng

NAHA E TŠEPISITSOENG

EGEPETA

JOSHUA

PALE EA HAE EA BOPHELO

Ke mora oa Nune. E ne e le mosebeletsi oa Moshe ’me hamorao a khethoa hore e be moeta-pele oa Baiseraele. (Exoda 33:11; Deuteronoma 34:9; Joshua 1:1, 2) Ka sebete, Joshua o ile a etella batho ba Molimo pele ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng. O ile a tšepa litšepiso tsa Jehova, a mamela litaelo tsa hae ’me a mo sebeletsa ka botšepehi.

KARABO

A. Ba ile ba mamela Molimo ’me ba pota motse.—Joshua 6:1-27.

B. “. . . re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.

C. Hoshea.—Numere 13:8, 16.

Batho ba Libakeng Tse Ling

4. Lebitso la ka ke Victor. Ke lilemo li 7 ’me ke lula Malawi, Afrika. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Malawi? Na li 750, 7 500, kapa li 75 000?

5. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsa selikalikoe ho lona ebe u etsa letheba ho bontša moo u lulang teng, ’me u bone hore na u haufi hakae le Malawi.

A

B

C

D

Bana Batlang Litšoantšo

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

● Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 30 le la 31 li leqepheng la 22

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31

1. E lokela e be ke moshanyana ea tšoereng lijo, eseng ngoanana.

2. Ho e-na le hore e be ke liapole tse hlano, e lokela e be mahobe a mahlano.

3. E lokela hore e be ke litlhapi tse peli, eseng lipone tse peli.

4. Tse 75 000.

5. C.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela