U Lumela Eng?
Balumeli ba bangata ba tsitlellang hore Bibele ha e tolokoe, ba lumela hore lilemong tse likete tse ’maloa tse fetileng lefatše le tsohle tse ho lona li ile tsa bōptjoa ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. Ba bang ba ruta batho hore Molimo ha a eo, hore Bibele ke buka ea lipale tse iqapetsoeng le hore lintho tsohle tse phelang li bile teng ka tšohanyetso feela, ho ne ho sa reroa hore li be teng.
Batho ba bangata ba lumela tse ling tsa lintlha tse hlalosoang ke mahlakore ana ka bobeli. E ka ’na eaba le uena u bala bukana ena hobane u le e mong oa bona. Mohlomong ua lumela hore Molimo o teng ebile u hlompha Bibele. Empa ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u lumellana le maikutlo a bo-rasaense ba rutehileng haholo le ba nang le tšusumetso e khōlō, ba sa lumeleng hore lintho tse phelang li bōpiloe. Haeba u motsoali, mohlomong ua ipotsa hore na u ka araba bana ba hao joang ha ba u botsa lipotso tse amanang le khopolo ea ho iphetola ha lintho le thuto ea hore lintho li bōpiloe.
Morero oa Bukana ee ke Ofe?
Morero oa bukana ena hase ho nyatsa maikutlo a batho ba tsitlellang hore Bibele ha e tolokoe kapa a batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Ho e-na le hoo, re tšepa hore bukana ena e tla u susumelletsa hore u hlahlobe bocha hore na tse ling tsa lintho tseo u li lumelang li thehiloe hokae. E tla hlalosa litlaleho tsa Bibele ka pōpo tseo e ka ’nang eaba u ne u e-s’o ka u nahana ka tsona. Hape e tla hatisa taba ea hore na ke hobane’ng ha e hlile e le taba ea bohlokoa hore na u lumela’ng mabapi le hore na bophelo bo bile teng joang.
Na u tla lumela se boleloang ke ba reng ha ho na ’Mōpi ea bohlale le hore Bibele hase buka e ka tšeptjoang? Kapa u tla hlahloba hore na hantle-ntle Bibele e re’ng? Ke eng eo u lokelang ho e tšepa le ho theha tumelo ea hao ho eona: na ebe ke seo Bibele e se rutang kapa seo batho ba lumelang hore lintho li iphetotse ba se rutang? (Baheberu 11:1) Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe litaba bocha e le hore u fumane hore na ’nete ke efe?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover: Beach and reef: © Digital Vision Ltd/age fotostock