Ke Hobane’ng Ha Molimo A Re Bopile?
HANGATA ha re bala kapa re mametse litaba, hohle mona ho buuoa ka lintho tse bohloko tse etsahalang tse kang tlolo ea molao, lintoa le botlokotsebe. Mohlomong hona joale u utloisoa bohloko ke hore oa kula kapa hore motho eo u mo ratang o hlokahetse.
Leka ho nahana ka lipotso tsena:
Na Molimo o batla hore ’na le batho bao ke ba ratang re phele tjee?
Ke’ng e ka nthusang ho rarolla mathata ao ke nang le oona?
Na ho tla ke ho be le khotso?
Bibele e na le likarabelo tsa lipotso tsena.
BIBELE E RUTA HORE MOLIMO O TLA ETSA HORE BOPHELO BO BE MONATE LEFATŠENG.
Ha re sa tla hlola re utloa bohloko, re tsofala kapa re shoa.—Tšenolo 21:4
“Ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.”—Esaia 35:6
“Mahlo a lifofu a tla tutuboloha.”—Esaia 35:5
Bafu ba tla tsoha.—Johanne 5:28, 29
Ha re sa tla kula.—Esaia 33:24
Ha re sa tla bolaoa ke tlala.—Pesaleme ea 72:16
MOLAETSA OA BIBELE O KA U TSOELA MOLEMO
U ka ’na oa utloa eka litaba tse buuoang bukeng mona ke toro feela. Empa Molimo o tšepisa hore lintho tseo li tla phethahala, ebile Bibele ea hlalosa hore na li tla phethahala joang.
Ha e felle moo. E tsoela pele ho re hlalosetsa hore na re ka etsa’ng hore re thabe. Hona joale re hlaheloa ke lintho tse ngata tse bohloko tse kang ho hloka chelete, mathata a lelapa, ho kula le ho shoeloa. Empa Bibele e ka re thusa le mathateng ana. E ka ba ea boela ea re tšelisa ka ho hlalosa hore na:
Ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata?
Re ka rarolla mathata joang?
Re ka etsa’ng hore malapa a rona a thabe?
Ha re shoa re ea hokae?
Na batho bao re ba ratang ba hlokahetseng ba tla tsoha?
Re ka kholisoa ke’ng hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tseo a li entseng?
Kaha joale u se u ikemiselitse ho ithuta seo Bibele e se rutang, buka ena e tla u thusa haholo. Serapa se seng le se seng se na le lipotso tse tla u thusa ho utloisisa Bibele. Batho ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Re lakatsa eka le uena u ka thabela ho ithuta. Ebile re tšepa hore Molimo o tla u hlohonolofatsa ha u ntse u tsoela pele ho hlokomela hore na Bibele e ruta’ng.