Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl leq. 3
  • Selelekela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Selelekela
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl leq. 3

Selelekela

Buka ena ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla u thusa ho fumana litemana habonolo le mehlala ea batho ba ka Bibeleng e tla u thusa ha u e-na le mathata. E tla boela e u thuse ho fumana mehlala ea Bibele eo u ka e sebelisang ho khothatsa ba bang le ho ba thusa hore ba etse liqeto tse thabisang Jehova. Ha u ntse u sebelisa buka ena, u ka khetha sehlooho seo u se batlang ’me sehloohong ka seng, ho na le lipotso tsa bohlokoa le litlhaloso tse khutšoanyane tsa litlaleho tsa Bibele. (Sheba lebokose la “Kamoo u ka Sebelisang Buka Ena.”) Buka ena e tla u thusa ho fumana likeletso tsa Bibele le litemana tse tla u thusa le ho u tšelisa. U tla fumana le litemana tsa Bibele tseo u ka li sebelisang ho thusa batho ba nyahameng le ba nang le mathata.

Kamoo u ka Sebelisang Buka Ena

Ha u batla sehlooho se itseng, u ka se ngola lebokoseng la ho batla kapa oa se sheba likarolong tsa buka ena. Buka ena ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e arotsoe ka likarolo tsena tse supileng: Boitšoaro, Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi, Kamano ea Rona le Jehova, Lelapa, Liteko, Makhabane le Phutheho. U tla fumana sehlooho seo u se batlang ho tse ling tsa likarolo tsena. E-⁠ea karolong e amanang le sehlooho seo u se batlang ebe u se sheba har’a lihlooho tse hlahang moo. Haeba u sa tsebe hore na sehlooho seo u se batlang u tla se fumana karolong efe, u ka khetha Lihlooho Tsohle ebe u se sheba lihloohong tsohle tse hlahang bukeng ena. Sehlooho se seng le se seng se na le lihloohoana tse ngotsoeng ka mongolo o motenya. Lihloohoana tse ling ke lipotso empa tse ling ha se lipotso. Ha u ntse u bala litemana tse ngotsoeng ka mongolo o motenya tse hlahang tlas’a lihloohoana, nahanisisa ka hore na litemana tseo li amana joang le sehloohoana. Lihlooho tse ling li arotsoe ka likaroloana ho u thusa hore u fumane seo u se batlang kapele. Lihloohong tse ling ho kentsoe litemana tse eketsehileng ’me li hlaha pel’a mantsoe a reng “Sheba le.” Litemana tsena li na le lintlha tse amanang le sehlooho. Lihloohong tse ngata ho na le karolo ea “Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang” ’me tlas’a karolo eo, ho na le lipolelo tse khutšoanyane tse hlalosang lintlha tsa bohlokoa. Lipolelo tseo li tla u thusa hore u bone lintlha tsa bohlokoa litemaneng tseo tse buang ka mehlala ea batho ba ka Bibeleng.

Haeba u khetha sehlooho se itseng, tlas’a sona u tla fumana litemana tse ngata tse tla u thusa empa u ka ’na oa se li fumane kaofela. Haeba u batla litemana tse ling, u ka sebelisa lithulusi tse ling tsa rona tsa ho etsa lipatlisiso. (Pr 2:​1-6) U ka boela oa sebelisa litšupiso le li study note tse hlahang ho Bibele ea Study Bible ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea Senyesemane. Haeba u batla ho fumana lintlha tse ling ka temana e itseng le hore na e ka u thusa joang bophelong, u ka sebelisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova kapa Watch Tower Publications Index. Lithulusi tsena li tla u thusa hore u fumane lingoloa tse buang ka temana eo u e batlang. Lingoloa tsa morao-rao li tla u thusa ho bona hore na hona joale re se re utloisisa temana eo joang.

Re tšepa hore buka ena ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla u thusa ho fumana bohlale, tsebo le kutloisiso e ka har’a Mangolo a Halalelang. Ha u ntse u sebelisa buka ena, u tla kholiseha le ho feta hore ‘Lentsoe la Molimo lea phela ebile le fana ka matla.’—Heb 4:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela