Setsoalle le Lefatše
Ke mang ea busang lefatše?
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Lu 4:5-8—Satane o ile a re a ka fa Jesu mebuso ea lefatše lena ’me Jesu ha aa ka a hana hore Satane o na le matla holim’a mebuso ea lefatše
Ho ka etsahala’ng ka setsoalle sa rona le Jehova haeba re etsa setsoalle le lefatše?
Sheba le Jak 1:27
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
2Kr 18:1-3; 19:1, 2—Jehova o ile a khalemela Morena Josafate ea neng a lokile hobane a ile a etsa setsoalle le Morena Akabe ea khopo
Ho utloisisa tsela eo Jehova a talimang lefatše ka eona ho ka re thusa joang ha re khetha metsoalle?
Sheba “Metsoalle”
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba le pono e tšoanang le ea lefatše ka chelete le maruo?
Sheba “Maruo”
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba le pono e tšoanang le ea lefatše ka thobalano?
Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho fa batho kapa mekhatlo e itseng thoriso?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Lik 12:21-23—Jehova o ile a bolaea Morena Agripa hobane a ile a lumella batho hore ba mo rapele
Tše 22:8, 9—Lengeloi le matla le ile la hana ha moapostola Johanne a le khumamela, ho e-na le hoo le ile la re ke Jehova feela eo re lokelang ho mo rapela
Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho kenella lipolotiking le linthong tsa bochaba?
Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa sebelisane le malumeli a mang?
Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ba le kutloisiso e fapaneng le ea lefatše ka melao ea Molimo?
Lu 10:16; Kol 2:8; 1Th 4:7, 8; 2Ti 4:3-5
Sheba le Lu 7:30