Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 116-118
  • Sebe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebe
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 116-118

Sebe

Sebe ke’ng, hona ke hobane’ng ha se re ama kaofela?

Ps 51:5; Bar 3:23; 5:12; 6:23; 1Jo 3:4; 5:17

Bibele e bontša joang hore re ka khona ho hlola litakatso tsa rona tse fosahetseng?

Bar 6:​12-14

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Sa 11:​2-5, 14, 15, 26, 27; 12:​1-13—Morena Davida o ile a etsa libe tse tebileng, a fuoa kotlo empa qetellong o ile a baka

    • Bar 7:​15-24—Moapostola Pauluse o ne a inehetse ho Jehova a bile a beha mohlala o motle empa o ne a ntse a lokela ho loana ka thata hore a laole lintho tseo a li nahanang le tsela eo a neng a ikutloa ka eona

Ke hobane’ng ha batho ba etsa sebe?

Lik 3:17; 17:​29, 30; 1Ti 1:13; 1Pe 1:14

Sheba le Nu 15:​27-29

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tsoela pele ho etsa ntho eo re tsebang hore e fosahetse?

Heb 10:​26, 27; 1Jo 3:​4, 8, 9

Sheba le Nu 15:30; Bar 1:​28-32; 1Ti 5:20

Satane a ka sebelisa eng ho etsa hore re qetelle re entse sebe?

Pr 1:​10, 11, 15; Mat 5:28; Jak 1:​14, 15

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 3:​1-6—Satane o ile a sebelisa noha ho etsa hore Eva a nahane ka lintho tseo a ipatlelang tsona ho e-na le ho tšepa Jehova

    • Pr 7:​6-10, 21-23—Morena Solomone o ile a etsa mohlala ka mohlankana ea se nang kelello ea ileng a khelosoa ke mosali oa letekatse

Re ka thusoa ke’ng hore re hlole liteko tsa Satane?

Ef 4:27; 6:​10-18; Jak 4:​7, 8

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Pr 5:​1-14—Jehova o ile a sebelisa Morena Solomone hore a fane ka keletso e re thusang ho bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le hore na re ka bo qoba joang

    • Mat 4:​1-11—Jesu o re behetse mohlala o motle ka hore a sebelise Lentsoe la Molimo ha Satane a ne a mo leka

Bakreste ba lokela ho qoba ho etsa lintho life tse fosahetseng?

Sheba “Liketso Tse Fosahetseng”

Re lokela ho bua ha re entse libe

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho pata libe tseo re li entseng?

Pr 28:13; Bar 14:12; 1Ti 5:24; Heb 4:13

Ke mang eo re lokelang ho mo bolella libe tsohle tseo re li entseng?

Ps 32:5; Mat 6:​9-14

Ke mang eo e leng “mothusi” ea re buellang ho Jehova?

1Jo 2:1; Bar 5:​1, 2; 8:34; Ef 2:​13, 18; 5:​1, 2; Heb 7:25

Motho ea entseng sebe a ka bontša joang hore o soabetse phoso ea hae?

Lik 26:20; Jak 4:​8-10

Sheba le “Ho Baka”

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ex 22:​1-12—Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele a sebelisa Moshe, o ne o bontša hore lesholu le ne le lokela ho patala ntho eo le e utsoitseng

    • Lu 19:​8, 9—Zakiase eo e neng e le ’mokelli e moholo oa lekhetho o ile a fetoha ’me a khutlisa lintho tsa batho tseo a neng a ba nketse tsona ka bolotsana

Ke hobane’ng ha re na le tšepo ea hore Jehova o tla re tšoarela?

Sheba “Ho Tšoarela”

Ke bo mang bao Jehova a ba fileng boikarabelo ba ho thusa motho ea entseng sebe le hore ba sireletse phutheho?

Jak 5:​14, 15

Sheba le Lik 20:28; Gal 6:1

Sebe se tebileng seo motho a se etsang se ka ama ba lelapa labo le phutheho joang?

Heb 12:​15, 16

Sheba le De 29:18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Jos 7:​1-13, 20-26—Akane o ile a tlisetsa Baiseraele tlokotsi e kholo ka ho etsa sebe le ho leka ho se pata

    • Jon 1:​1-16—Jonase o ne a sa batle ho mamela Jehova ’me ho etsa joalo ho ile ha beha bophelo ba batho bao a neng a tsamaea le bona ka sekepe kotsing

    • 1Ko 5:​1-7—Moapostola Pauluse o ile a bua ka monna ea neng a etsa sebe se neng se silafatsa phutheho eohle ea Korinthe

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho qoba ho ea ho baholo hobane re tšaba ho khalemeloa?

Pr 3:​11, 12; Heb 12:​5-7, 11; Jak 5:​14, 15

Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela hore Molimo o re tšoaretse ho e-na le ho lula re ikutloa re le molato ka liphoso tsa rona?

Sheba “Ho Tšoarela”

Haeba re tseba hore motho e mong o entse sebe, ke hobane’ng ha re lokela ho etsa bonnete ba hore o tsebisa baholo?

Le 5:1

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • De 13:​6-9; 21:​18-20—Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele a sebelisa Moshe, o ne o bontša hore motho o tlameha ho tlaleha sebe sa motho e mong le haeba motho eo e le e mong oa lelapa kapa motsoalle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela