Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 7/1 maq. 29-31
  • Babishopo—Marena kapa Bahlanka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Babishopo—Marena kapa Bahlanka?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Molebeli oa Mokreste
  • Babishopo ba Bokreste-’motoana—Na Baa Tšoaneleha Moeeng?
  • Balebeli ba Lisang Mohlape
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Bokoenehi—Ho Thiba Tsela e Eang ho Molimo
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Balisa, Etsisang Balisa ba ka Sehloohong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Bokoenehi bo Boholo boa Hlaha
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 7/1 maq. 29-31

Babishopo—Marena kapa Bahlanka?

THOMAS WOLSEY o tsoaletsoe Ipswich, Engelane, ka 1475. Ea e-ba moprista ka 1498 ’me o ne a ratoa ke Morena Henry VIII. A phahamela holimo ka potlako. A khetheloa bobishopo ba Lincoln ka 1514, boareka-bishopo ba York likhoeli tse seng kae hamorao ho moo, bok’handinale ka 1515, le ho ba lenģosa la mopapa lilemo tse tharo feela hamorao. Ho phaella moo, morena a mo etsa hlooho ea lekhotla la matona. Ka hona o hlile a busa Engelane ho tloha ka 1515 ho fihlela ka 1529. Mok’hadinale Wolsey o ne a hlile a tšoana le baruti ba bangata ba sebelisitseng matla e le “marena” a lefatše le a moea.

Lekholong la pele la lilemo C.E, “mobishopo” oa mofuta o mong o ile a sebeletsa. O ne a bitsoa Timothea, e ne e le mora oa monna oa Mogerike, le hoja ’m’ae Eunice le nkhono oa hae Loisa e ne e le Bajode. Ka lerato ba mo hōlisetsa tseleng ea Bokreste. Hoo e ka bang ka selemo sa 50 C.E., e le mohlankana, Timothea a ipha monyetla oa ho tsamaea le moapostola Pauluse moromuoa. Kamorao ho lilemo tsa ho koetlisoa, ea e-ba molebeli oa Mokreste, kapa e·piʹsko·pos (e leng moo ho nkiloeng lentsoe “bishopo”), ’me o ne a ratoa haholo ka baka la boinehelo ba hae bo se nang boikhabi. Pauluse a ngola: ‘O ntšebelelitse Evangeling, joalo ka ngoana ha a sebeletsa ntat’ae.’—Ba-Filippi 2:22.

Ho morena Thomas, le mohlanka Timothea—ke ofe ea beileng mohlala o nepahetseng bakeng sa “babishopo,” kapa balebeli ba ’nete ba Bakreste?

Mohlala oa Molebeli oa Mokreste

Mothei le Hlooho feela ea Bokreste ba ’nete, Jesu Kreste, o theile mohlala oa bohlokoa bakeng sa balebeli, ha a re: “Lea tseba hoba marena a lichaba a li busa, ’me baholo ba tsona ba na le puso e thata holim’a tsona. Ho se ke ha e-ba joalo ho lōna . . . mang le mang ea ratang ho ba oa pele har’a lōna, e be mofo [“mohlanka,” NW] oa lōna; joale ka Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.”—Mattheu 20:25-28.

Petrose, e mong oa balebeli ba pele ba Bakreste, o tiisitse mohlala o kaholimo ka ho laela baholo ba Bakreste hore: ‘Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna; le o lebele, e seng ka ho qophelloa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata; e seng ka ho busa mehlape ea lōna ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.’ (1 Petrose 5:2, 3) Petrose o sebelisitse seo a neng a se bolela. Ha a etetse Kornele, molichaba oa pele ea ileng a fetoha Mokreste, Kornele a “itihela maotong a hae, a mo khumamela. Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le ’na ke motho feela.”—Liketso 10:25, 26.

Ho khahlisang, Petrose o ngotse mantsoe a hae a ho 1 Petrose 5:1 a a ngolla “baholo.” Lentsoe la Segerike leo Petrose a le sebelisitseng bakeng sa “baholo” ke pre·sby·teʹrous, leo ho lona ho tsoang lentsoe “moprista.” Hona joale Bokresteng-’motoana “babishopo” ba nkoa ba phahametse “baprista.” Empa ha moapostola Pauluse “a romela Efese ho ea bitsa baholo [pre·sby·teʹrous] ba kereke,” har’a tse ling a re ho bona: “Hlong le itise, le lise le mohlape kaofela, oo Moea o Halalelang o le beileng balebeli [e·pi·skoʹpous].” (Liketso 20:17, 28) Ka hona, baholo (pre·sby·teʹrous) le balebeli (e·pi·skoʹpous) ba ne ba lekana ka boemo mehleng ea Bibele. Lentsoe “moholo” le totobatsa phihlelo le khōlo ea moea tse hlokahalang ho ba amohelang boikarabelo bona, ha lentsoe, “molebeli” le hlalosa mosebetsi oo ba joalo ba o etsang ho laola le ho hlokomela litho tsa phutheho.

Empa na ho na le motho a le mong ea kileng a ba joalo ka “molebeli,” kapa “moholo,” holim’a phutheho mehleng ea Bibele? E seng ka ho ea ka se boleloang ke Bibele ho Tite 1:5, 7. Mono Tite o ile a bolelloa hore a “bee baholo [pre·sby·teʹrous] metseng eohle.” The Jerusalem Bible e ngola temana ena tjena, “’me u khethe baholo motseng o mong le o mong” ’me botlaseng ba leqephe teng e re: “Mehleng ea pele motse o mong le o mong oa Bokreste o ne o busoa ke sehlopha sa baholo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Timothea le eena o ile a laeloa hore a khethe balebeli liphuthehong tse ngata. Pauluse a mo ngolla, ho ea ka King James Version: “Haeba monna a lakatsa mosebetsi oa bobishopo [e·pi·skoʹpos], o lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Timothea 3:1) The Jerusalem Bible e e ngola tjena: “Ho batla ho ba moholo ea okamelang ke ho batla mosebetsi o khabane.” Botlaseng ba leqephe e phaella ka hore: “Lentsoe ‘episcopos’” le sebelisitsoeng ke Pauluse mona, “ha le e s’o fumane tlhaloso e tšoanang le ea ‘bishopo’.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona, liithuti tsa K’hatholike li lumela hore babishopo ba ikentseng marena ba Bokreste-’motoana ha ba tšoane le balebeli ba baikokobetsi ba Bakreste ba pele. Joalokaha The New Bible Dictionary e bolela: “Ha ho mohlala o fumanehang ka Testamenteng e Ncha oa puso ea mobishopo a le mong.” Elmer T. Merrill, M.A., LL.D, le eena ka ho tšoanang o bolela bukeng ea hae Essays in Early Christian History: “Ka lilemo tsa pele tse lekholo . . . boholo ba seo mobishopo a neng a le sona e ne e le feela molula-setulo ea sa iphahamisang oa koleche [sehlopha se hlophisitsoeng] sa mapresbyteri [baholo] hammoho le eena.”

Babishopo ba Bokreste-’motoana—Na Baa Tšoaneleha Moeeng?

Ha moapostola Pauluse a ngolla Tite, o itse molebeli o tlameha ‘a hloke sekoli.’ (Tite 1:6) Na Mok’hadinale Wolsey ‘o ne a hloka sekoli’? Encyclopædia Britannica e re o ne a “sa hloeka—o ne a e-na le mora le morali ba matšeo.” Hase eena feela ho sena. Ho theosa le makholo a lilemo, baprista le babishopo ba se nang palo ba ’nile ba e-ba molato oona oo.

Joalokaha buka Age of Faith e re: “Hoo e ka bang lekholong la borobong la lilemo, bohloeki ba baruti le hona ho se nyale e ne e le sesomo.” E mong oa bo-papa ba lekholong la bo 11 la lilemo, Gregory VII, o ile a lumela hore: “Ke fumana ho e-na le babishopo ba fokolang ka palo bao ho khethoa ha bona le bao bophelo ba bona bo lumellanang le melao ea Kereke, kapa ba busang batho ba Molimo ka lerato e seng ka meharo ea lefatše.”

Pauluse a boela a ngola hore moholo oa Mokreste ha a lokela ho ‘rata leruo.’ (1 Timothea 3:3) Leha ho le joalo, ka Wolsey Encyclopædia Britannica e re: “O ne a le bolefatše, a le meharo ea leruo” ’me a “sebelisa matla a hae a maholo a lefatše le a boruti ho ipokellela leruo le neng le fetoa ke la Morena feela.” O ne a e-na le matlo a boemo a mabeli, ao e ’ngoe ea oona, York Place, e neng e le majaba-jaba hoo Henry VIII kamor’a ho e hlahloba, a ileng a “khoboheloa ke leruo leo a le fumaneng” ’me a ikhapela eona.

Ka ho tšoanang kajeno, baruti ba sebelisitse litefo tsa litšoanelo tsa kereke, likoleke, karolo ea leshome, le chelete e tsoang linaheng le thepa ho ithuisa. (Tšenolo 18:7) Ka mohlala, mobishopo oa Afrika Boroa, hlooho ea mekha e meng ea bokhelohi e likete-kete ea Maafrika, hase khale haholo ha a reka koloi e theko e boima ea ‘Buick’ ka R37 000. Hona a ho etsa ho sa tsotellehe hore o ne a se a ntse a e-na le makoloi a mane a mabothobotho. Ha a botsoa hore na molato e ne e le ofe ka e ’ngoe ea likoloi tse teng, mohlanka oa kereke a hlalosa: “Ke koloi e ntle, empa mobishopo o hloka sebakanyana se eketsehileng sa ‘Buick’ e khōlō.”

Empa leruo le fumanoeng joalo le ka ikela kapele hakaakang! Thomas Wolsey a hlōleha ho felisa tlamo ea lenyalo eo Henry VIII a neng a e batla ’me kahoo a felloa ke mohau ka 1529. Ho latela histori, eaba joale o “phomola mosebetsing ka lihlong e le hloho ea setereke sa York, eo ho neng ho se mohla a kileng a e etela”—ka lilemo tse 15! (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Leha ho le joalo, Wolsey, o ne a sa hlōloa feela papaling ea lipolotiki. Moo a neng a hlile a hlōlehile e ne e le ka ho hlokomoloha ho latela ‘molisa ea molemo [Jesu] ea beetseng linku bophelo ba hae.’—Johanne 10:11.

Ha ho bapisoa, Timothea ha a ka a itšunyatšunya lipolotiking. Ka baka leo e ne e se ‘karolo ea lefatše.’ (Johanne 15:19) Ho e-na le ho busa ba bang ka thata, e bile mohlanka ea inehetseng oa Bakreste hammoho le eena hoo Pauluse a neng a ka ngola: “Ha ke na e mong eo pelo ea hae e tšoanang le ea ka joale ka eena, . . . ea ka hlokomelang taba tsa lōna ka sebele joale ka eena.”—Ba-Filippi 2:20.

Re ka leboha hakaakang hore kajeno Jehova ka ho tšoanang o hlahisitse balebeli ba khabane ba likete ba ‘hlokomelang ka sebele’ mohlape oa Molimo. Hoo e ka bang balebeli bohle ka liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova ke batho ba sa ruang lintho tse ngata tse bonahalang. Boholo ba bona bo phelisa malapa a bona ka khiro ’me ba phethahatsa litšoanelo tsa bona tsa moea ka nako ea bona kamor’a mosebetsi. Boholo ba nako eo bo nkoa ke ho lokisetsa le ho ba teng libokeng tse hlano ka beke; ho etella pele boboleling ba ntlo le ntlo; ho tsamaisa lithuto tsa Bibele le batho ba khahlehang; ho etela ba kulang, ba hōlileng, le ba fokolang moeeng; le ka ho hlokomela malapa a bona. Bana ke banna ba tšoarehileng haholo, “bahlanka” ba inehetseng, ba sa lefelloeng litšebeletso tsena. Ho fapana le moo, lichelete tsa bona tsa botho, ba li arola ka ho etsa menehelo bakeng sa tlhokomelo ea Holo ea ’Muso ea sebaka ka seng. Ha ba na liaparo tse khethehileng, ha ba na litlotla tse khethehileng, ’me ba khetholloa feela ka tsebo ea bona ea Bibele, khōlo ea bona ea Bokreste, le cheseho ea bona tšebeletsong ea Jehova. Banna ba joalo ba lokeloa ke hlompho e tebileng le tšebelisano e tlohang pelong ha ba ntse ba alosa mohlape ’me ba paka ka tšebeletso ea bona e ikokobelitseng le boinehelo hore ke bahlanka—e seng marena!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela