Hobane’ng ha re Rapella ’Muso oa Molimo?
“NTAT’A RŌNA ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.
Ka lilemo tse ka bang 2 000, Bakreste ba tšepahalang ba sebelisitse mantsoe ana e le mohlala oa lithapelo tsa bona ho Molimo. Jesu Kreste ke oa pele ho bua mantsoe ao, a tsejoa e le Thapelo ea Morena, kapa Ntat’a Rōna.
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba khaolitse ho rapela Thapelo ea Morena. Ho e-na le ho lebella ’Muso oa Molimo ho tlisa tšepo ea nako e tlang, ba beile tšepo ea bona mebusong ea batho, litsamaisong tsa moruo, mahlaleng, kapa Machabeng a Kopaneng. Na le uena u etsa joalo? Na u bohlale ha u etsa joalo?
Mathata
Batho ba bang ba talima tsamaiso ea kajeno e le e atlehileng haholo historing. Empa e boemong bo kotsi haholo. Lintho tse ngata li sokela bokamoso ba tsamaiso ena, esita le bophelo ba kamoso holim’a lefatše lena. Ak’u hlokomele lintho li se kae tse sokelang.
Lihlomo tsa “Nuclear”
Matla a timetsang a lihlomo tse joalo a se a feta litone tse tharo tsa seqhomane se matla sa motsoako oa TNT bakeng sa monna a le mong, mosali, le ngoana lefatšeng. Sehloohong “Bomo—Na e ka Nģane ho Taolo?” David Lancashire motlalehi oa litaba oa Canada O hlokometse hore “libetsa tsa morao-rao li eketsa ntoa e ka hlahang ka kotsi ka baka la phoso ea computer.” ’Me a qotsa tlhahlobo ea Machaba a Kopaneng: “Histori e bontša hore hang feela ha sebetsa sa mofuta o itseng se entsoe ’me se hlahlobiloe, se ea sebelisoa. Empa lihlomo tsa nuclear ha lia sebelisoa, ha e se feela liketsahalong tse peli [Hiroshima le Nagasaki], empa ha ho tiiso ea hore lintho II tla Iula li le joalo.”
Bofuma ba Lefatše
Le hoja kajeno lichaba tse ngata li thabela maemo a phahameng a bophelo, tse ling li na le bofutsana ba bojalikata. Mongoli makasineng New Scientist o boletse hore haeba boemo bona bo sa tšoaneng bo tsoela pele, bo tIa baka “khohlano e ke keng ea qojoa.” Empa esita le haeba bo sa ise khohlanong, ho se tšoane hona ho ka tlisa kotsi. Joang?
Linaha tse futsanehileng haholo li na le melato e phahameng. Ka 1981 mongoli John Madeley o hlalositse: “Boemo bona bo entse hore tsamaiso ea lefatše ea banka le moruo e be lintšing tsa ho oa ho feta kamoo banka ea lefatše e neng e lebelletse kateng. Ntle le haeba tsamaiso ea moruo ea lefatše e ka etsa liphetoho tse potlakileng le ho nea linaha tse hōlang moruong sebaka sa ho etsa chelete e eketsehileng, li tla hlōleha ho lefa melato ea tsona, ’me ho tla senya lintho tse ngata.” (World Press Review) Linaheng tse ngata, tsamaiso ea chelete e boemong bo lesitsi haholo.
Tšilafalo ea Moea
Ka nako e telele batho ba ’nile ba silafatsa moea ba sa natse. Hona joale, ho ea ka Chicago Tribune, “bahlalefi ba bangata ba tšoha hore, joaloka balunu e butsoetsoeng haholo hoo e seng e tla phatloha, sebaka sa Lefatše sa moea se silafalitsoe haholo hoo se leng kotsi. . . . Likotsi tse ling li se li le holim’a rōna ’me tse ling li tla re oela holimo re sa lebella.”
Metsi a Silafalitsoeng
Motho o silafalitse metsi a lefatše libakeng tse ngata. Ka mohlala, United States e behile hore: “Koung ea Biscayne, lihlapi Ii shoa ka bongata. New Orleans, moo ho fumanoeng lik’hemikale tse sa tšoaneng tse 112 metsing a nooang, batho ba bolaoang ke kankere ba bangata haholo. Ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng, batho le liphoofolo ba bolaoa ke tšilafalo e sa khaotseng ea metsi a rōna a hloekileng, metsi a rōna a leoatle, le metsi a rōna a pompo.”—New Times.
Ana ke mathata a seng makae a sokelang bokamoso ba rōna. A mang a akarelletsa ho sebelisoa haholo ha mehloli ea matla, sepenya sa baahi ba lefatše, ho senngoa ha meru, ho eketseha ha mahoatata, le ho haella ha metsi a hloekileng. Ho ka ’na ha etsahala hore litšokelo tse ling li fetelelitsoe. Empa na ka botšepehi u lumela hore litlaleho tsohle li fetelelitsoe? Ha u talima mathata ’ohle, na u nahana hore motho a ka a rarolla? ’Me ha a sa rarolloe, moloko oa motho o na le bokamoso bofe? ’Me ke hobane’ng ha re hlasetsoe ke mathata a mangata a bonahalang a ke ke a rarolloa?
Hobane’ng ho na le Mathata?
Mathata ana a totobatsa ’nete ea motheo: Motho a ke ke a ipusa ka katleho. Ha ho na ’musi oa motho ea nang le bohlale, lerato le se nang boithati, kapa matla a ho busa e mong le e mong ka tsela e molemohali. Bibele e-ea re bolella: “Hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Motho o ne a sa etsetsoa ho ipusa.
Ho na le lebaka le leng, leo ho leng thata hore ba bangata ba le amohele mehleng ena ea maruo. Bobusi ba motho ha bo ame batho feela. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, sebopuoa se phahametseng motho, Satane, se ne se batla ho mo nea mebuso eohle ea lefatše. ’Me hamorao Pauluse eo e bileng molateli oa Jesu a bitsa Satane “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Korinthe 4:4; Mattheu 4:8, 9) Ho tla joang hore Satane e be ’musi oa lefatše lena, ha ba bangata ba se ba sa lumele ho eena? Lebaka ke hore bongata—esita le haeba bo sa tsebe—ha bo amohele borena ba Molimo ’me ka hona bo ntšetsa maqiti a Satane pele.—Mattheu 12:30.
Boikutlo ba Satane bo senyehile haholo ho tloha mehleng ea Jesu. Bibele e re bolella hore kajeno Satane o “halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le e kae.” (Tšenolo 12:12) Joalokaha Hitler a ne a halefile hampe qetellong ea ntoa ea lefatše. Satane o ikemiselitse ho “busa kapa ho senya.” Kaha puso ea Satane Diabolose e ipakile e hlōlehile, hona joale o ikemiselitse ho senya moloko oa motho. Na hase ho tšelisang ho tseba hore matla a joalo a khopo a teng? ’Me ho joalo haholo ha re nahana kamoo lihlomo tsohle tse bokeletsoeng tsa nuclear li bonahalang li le “ka nģane ho taolo [ea motho]”! Empa taba ena eohle e amana le ’Muso oa Molimo joang?
Re Hloka ’Muso
Kaha sesosa sa mathata a rōna ke hobane motho a se na matla a ho ipusa, le ka baka la tšusumetso e mpe ea sebopuoa se phahametseng motho, ka baka leo tharollo mathateng ana e ka nģane ho matla a motho. Ke ka baka leo re hlokang ’Muso oa Molimo ka ho khethehileng. Ke ’Muso oa sebele. Empa o phahametse motho, ke oa leholimo, ’me o na le matla a ho hlōla Satane. Kaha ke ’Muso oa Molimo, o na le bohlale, lerato le se nang boithati, le matla a ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho busa ka katleho.
Rea thaba ha Bibele e re: “Mehleng ea marena ao [a busang kajeno], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Jesu Kreste ke Morena oa ’Muso oo ’me boprofeta bo boletse sena ka eena: “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 72:7, 8.
E, ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata a batho. Ka hona hlahloba Bibele ho fumana hore na ’Muso ona ke eng le hore na u ka ba mofo oa oona joang. Uena, le batho ba bang bohle, le hloka ’Muso ona ka sebele. Lipaki tsa Jehova li itokiselitse ho u thusa ho ithuta ka oona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Polokelo ea Sechaba US
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Foto ea Mokhatlo oa Bophelo oa Lefatše