Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 11/15 leq. 9
  • Bohato bo Bocha ba Bohlokoa ba Puso ea Leholimo Korea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohato bo Bocha ba Bohlokoa ba Puso ea Leholimo Korea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 11/15 leq. 9

Bohato bo Bocha ba Bohlokoa ba Puso ea Leholimo Korea

MOSEBETSI oa boboleli oa ’Muso ho la Korea o hatela pele ka keketseho e makatsang ’me o bolokile bohato le keketseho ea lefatše lohle. Lilemo tse tharo feela kamor’a hore mohaho oa lekala Kongdo, Korea, o khakoloe, ha eketsoa o mocha o nehetsoeng ka la 11 Motšeanong, 1985.a Ebile bohato bo bong ba bohlokoa historing ea puso ea leholimo ea Lipaki tsa Jehova Korea.

Joalokaha u bona setšoantšong, mohaho o mocha o ekelelitsoeng ke mekato e meraro ea ofisi (karolong e ka letsohong le letona la setšoantšo), mekato e meng e ’meli ea feketheri (karolo e hare), mekato e meraro ea lelapa la Bethele (karolo eohle e ka letsohong le letšehali). Mehaho e leng kamorao ke e neng e ntse e le teng ea lehae la Bethele.

Empa ke hobane’ng ha ho ekelelitsoe kapele tjena? Ka 1982, ha feketheri e ncha e qala ho sebetsa, e ne e hatisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse 380 000 ka khoeli. Hona joale palo eo e iphetile habeli ho fihla ho 760 000 ka khoeli. Sebaka se ekelitsoeng sa feketheri se tla sebelisoa haholo. Ho na le litho tse 86 tse sebeletsang ntlo-khōlō ea lekala bakeng sa ho hlokomela khatiso eo e eketsehileng ea lingoloa. Lehaeng le lecha ho na le matlo a eketsehileng; a lulisang litho tse 120.

A. D. Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York, a fana ka lenaneo la khakolo le nehelo. Litho tsa Komiti ea Lekala tsa Korea tsa fana ka peho ea tšebeletso tšimong le makolopetso a amang mohaho. Batho bohle ba 2 199 ba neng ba le teng ba leboha haholo Jehova ka hlohonolofatso ea hae e enneng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa ho neheloa ha mohaho ka la 8 Motšeanong, 1982, re kōpa hore u bone Molula-Qhooa oa la 1 Hlakubele, 1983, maqephe 22-5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela