Ho Nyarela ka Litabeng
Kereke ea Argentina e Itse Tu
“Matheba a mali a qhaphaletsa kereke ea Argentina,” e bile sehlooho sa National Catholic Reporter ea la 12 ’Mesa, 1985. Baahi ba ka etsang 10 000 ho ea ho 30 000 ba ile ba koeteloa kapa ba bolaoa ntle ho kahlolo ea lekhotla pusong ea nako e fetileng ea bosole Argentina. Empa leha ho le joalo bahlokomeli ba bolela hore bophelo bo se nang molato ba batho ba likete bo ka be bo sirelelitsoe haeba Kereke e Katholike e ne e entse boipelaetso. Ho e-na le hoo, tlaleho e bontša hore “kereke ea Argentina—e ne e itse tu ka lilemo tse supileng tsa tšoso,” tse ileng tsa fela ha puso ea sechaba e nka taolo ka 1983. Taba e mpe le ho fetisa ke hore litho tse ling tsa kereke li ne li sebelisana le ’muso oa bosole.
Ke hobane’ng ha kereke e ne e thotse? Ho bonahala hore e ne e tšaba boiphetetso ba ’muso. Empa koranta e qotsa lebaka le leng: “Kereke e ne e khomaretse sesole e le mohloli oa matla.” E ne e neuoe litokelo tse ngata. Tlaleho e phetha ka hore: “Phihlelo Argentina e bontšitse ho tšoana ho atamelaneng ha boitšoaro ba kereke e Katholike Jeremane ea Bonazi, ’me ha hlahisa pelaelo ea hore na e be matla a puso kerekeng a bohlokoa ho feta ho pakela ’nete ho laeloang Evangeling.”
Hona ho bontša bothoto ba bolumeli ba ho batla kamohelo ea lipolotiki. Hona ho ka etsa hore e sekisetse metheo e lokileng. Ka ho khahlisang buka ea Tšenolo e nyatsa pepenene selekane sa Kereke le ’Muso ha e hlalosa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e le seotsoa “seo marena a lefatše a febileng le sona.” (Tšenolo 17:2) Ha ho makatse ha Jesu a itse balateli ba hae ‘hase ba lefatše.’—Johanne 15:19.
“Ho Hlōleha ho Iphepa”
“Ho ke ke ha etsahala hore u etele Afrika kajeno empa u sa tsote sesole se moo,” ho boletse Bulletin of the Atomic Scientists. Empa chelete e ngata-ngata le masole Ii tlatsetsa tlaleng ea sekoboto, haholo-holo nakong ea ntoa. Bulletin e fana ka mehlala e meng: “Ethiopia, Chad, Mozambique, Angola, Sudan, le Uganda li na le bakhukhuni ba bangata, lintoa, kapa likhohlano tsa meeling tse sentseng moruo oa naha, tse sentseng lijo, le ho kenya batho masisa-pelong.” Tlaleho e tsoela pele hore: “Kontinenteng e nang le mathata a tebileng hakaalo, ho akarelletsa le ho hlōleha ha phepo, ho sebelisoa ha chelete e ngata sesoleng ho kotsi ka sebele.”
Ho kotsi ka sebele! Ka ho loketseng, buka ea Tšenolo e hlalositse maemo ana ka mokhoa oa litšoantšo. E hlalosa mopalami oa pere ea tšoereng lerumo le leholo ’me a kalletse pere e khunong, ’me a “fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng” ka ntoa. ’Me kamor’a mokalli eo, e ne e le pere e ntšo eo mokalli oa eona a tsebisang tlala ea sekoboto. (Tšenolo 6:3-6) Ntoa hammoho le tlala ea sekoboto Afrika ke mohlala o le mong oa ho phethahala oa boprofeta bona mehleng ea rōna.—Bona hape Mattheu 24:6-8.
“Bophelo bo Tepeletsang”
“TIhaloso e tloaelehileng ea likhorane tse phomotseng hamonate mabopong a St. Tropez, metheong ea Aspen, li khanna koloi ea Cadillac kapa Rolls-Royce kapa li tsuba sekarete se setenyahali, ke bohata.” Tlaleho eo e ngotsoe ho The Guardian Weekly phuputsong e sa tsoa etsoa ke Ngaka Thomas Stanley ea Georgia States Univesithi. “Sekhorane sa Amerika se phela bophelo bo tepeletsang.” Hobane’ng? Hobane se sebetsa Iihora tse telele ho feta batho ba bang—lihora tse 75 ka beke. “Likhorane tsa naha ke borakhoebo ba phelang bophelo bo tepeletsang le bo thata.” Li ipolokela chelete bakeng sa botsofali. Empa ka baka la mosebetsi oa tsona o phathahaneng, tse ngata li shoa le pele Ii tsofala. Banna ba joalo ba na le nako e nyenyane haholo ea ho thabela bophelo.
Ho fapana le bona, monna ea bohlale oa mehleng ea boholoholo o itse: “Ke lemohile hape hoba, e re ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala ’ohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.” (Moeklesia 3:12, 13) Ho e-na le hore mosebetsi oa motho e be o tepeletsang, e tlameha e be o khotsofatsang, o mo lumellang ho thabela lintho tse ntle le tse bonolo tse fanoeng ke Molimo. Ka bohlale, Bakreste ba ’nete ba qoba ho phehella lefeela la maruo. Ba tseba hore khotsofalo ea ’nete e tlisoa ke ‘ho ipokellela matlotlo leholimong, e seng lefatšeng.’—Mattheu 6:19, 20.