Na U ‘Latela Tsela ea ho Amohela Baeti’?
ENE e le letsatsi le mofuthu. Sehlopha sa Lipaki tsa Jehova, ba banyenyane le ba baholo, se ne se sebetsa ka thata, se hloekisa, se penta, le ho etsa mesebetsi e sa tšoaneng mosebetsing oa ho nchafatsa Holo ea ’Muso. Har’a mp’a motšehare, ba ne ba se ba batla ba khathetse ‘me ba bang ba ne ba lutse fatše hore ba phomole hanyenyane.
Nakong eona eo hantle, hoa kena likhaitseli tsa bona tsa Lipaki tse tharo, li nkile lisandwiche, libiskiti, likuku, kofi, tèe, le lino tse ling. E bile ho makala ka thabo ho hokaakang ho meea eo e khathetseng! Pontšo ea ho amohela baeti ho itlisang le lerato ka lehlakoreng la likhaitseli tse tharo ha ea ka ea khatholla basebetsi bana ‘meleng feela empa hape ea tlatsetsa haholo moeeng o mofuthu le o lerato har’a boena bohle ba baena le likhaitseli ba neng ba le teng moo mantsiboeeng ao.
Letšoao la Bokreste ba ’Nete
Koana, ho amohela baeti le lerato, ha lia lekanyetsoa liketsahalong tse joalo tse khethehileng. Ka balateli ba hae ba ’nete, Mothei oa Bokreste ba ‘nete, Jesu Kreste, o ile a totobatsa hore: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ’moho le eena: “Latelang tsela ea ho amohela baeti.” (Johanne 13:35; Ba-Roma 12:13, NW) Ka mantsoe a mang, tsela ea ho amohela baeti e susumelitsoe ke lerato le se nang boithati ho ba bang ke tsela ea bophelo bakeng sa Bakreste ba ’nete.
Leha ho le joalo, litšoaneleho tse joalo ha li itlele feela tjee ha motho e e-ba Mokreste. Ho e-na le hoo, motho o tlameha ho sebetsa ka thata ho li hlaolela. Ho joalo haholo-holo lefatšeng la kajeno, moo lerato la batho ba bangata le tapileng, feela joalokaha Bibele e hlile ea bolela. (Mattheu 24:12) Empa ke phapang e kaakang moo litšoaneleho tse joalo li leng teng! Lelapeng le momahaneng, litho li thabela ho ba teng hoa se seng ’me li thabela ho qeta nako hammoho. Ka ho tšoanang, ha litho tsa phutheho ea Bokreste li kopana kamehla libokeng, tšebeletsong ea tšimo le liketsahalong tse ling, ka sebele lia tsebana. Li fetoha metsoalle ea ’nete mohlomong e haufi-ufi ho feta le litho tsa lelapa. (Liproverbia 18:24) Tlamo ena ea botsoalle e pakeng tsa lipaki tse ling tsa Jehova e sebeletsa e le tšireletso e matla khahlanong le litšusumetso tse sa haheng tsa lefatše.
Karolo ea Basali ba Bakreste
Le hoja Bakreste bohle ba eletsoa ho ‘latela tsela ea ho amohela baeti,’ basali ba Bakreste ba nka karolo ea bohlokoa tabeng ena. Ha e le hantle, na kamehla ha se bo-’mè, haholo-holo basali, ba etsang mosebetsi oa sebele mabapi le ho bontša ho amohela baeti? Ha monna a memela ba bang ba itseng ka phuthehong lapeng bakeng sa botsoalle ba Bokreste, na kamehla hase mosali ea hloekisang ntlo, ea lokisang lijo le lino, le ho etsa mosebetsi oa ho hloekisa kamorao ho moo? Le hoja monna le bana ba ka ’na ba khona, ’me ba lokela ho ithaopela hore ba ka thusa, ka ho ke keng hoa qojoa ke mosali ea jarang boima ba ho bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokomelehile hantle ka nepo.
Ka ho babatsehang, basali ba bangata ba Bakreste ba ithaopela ho ikitlaetsa e le hore ba ka bontša ho amohela baeti hoa ’nete ho baena le likhaitseli ba bona ba moea. Ka mohlala, nka Dip Yee, mosebeletsi oa pulamaliboho oa nako e tletseng Hong Kong eo monna oa hae e leng moholo phuthehong ea moo. Le hoja ho bolela mosebetsi o mongata bakeng sa hae ha ba memela baena le likhaitseli lapeng la bona, ka linako tse ling e le sehlopha sohle sa thuto ea buka, ka thabo o bontša ho amohela baeti. O re: “Re iketsetsa lijonyana feela. Ho hotle ho bona baena ba thabela kopano e joalo haholo, hammoho le ho hahoa ke eona.” Ka sebele, ka ho amohela hoa bona baeti, basali ba Bakreste ba nka karolo ea bohlokoa ho haheng moea o mofuthu ka phuthehong.
Ha ho talingoa sohle se amehang ha ho bontšoa ho amohela baeti, ka sebele ho hloka mafolofolo le boitelo ka lehlakoreng la basali ba Bakreste. Empa ba ka lula ba kholisehile hore mesebetsi ea bona ea lerato e ananeloa haholo ke banna ba bona le ba bang ba amoheloang ba lebohang. Koana, ka linako tse ling ba bang ba ka ’na ba se ke ba bontša kananelo e nepahetseng bakeng sa seo ba se etselitsoeng, empa hoo ka sebele ha se sona sesosa sa ho nyahama kapa ho khopeha, kapa ho khaotsa ho ba ea amohelang baeti. Hopola, ha e le ho thabisang ho amohela mantsoe a liteboho a tsoang ho ba bang le ho hlokomela hore boiteko ba rōna boa ananeloa, re rata ho bontša ho amohela baeti haholo-holo hobane ke ntho e nepahetseng le e lerato ho etsa joalo. Ka holim’a tsohle, ho thabisa Jehova Molimo hore e be re etsa joalo.
Ho ba le Pono e Leka-lekaneng
Mehleng ena ea litheko tse phahamang, ba bang ba ka ’na ba tsila-tsila ho bontša ho amohela baeti hobane ba ikutloa hore ba ke ke ba khona ho etsa joalo. Mona ke hona moo e leng hoa bohlokoa hore re be le pono e leka-lekaneng ea taba. Ha ho ba le ho hong ho khethehileng ka tsela ea lijo le lino ho ka ’na hoa phaella thabong ea ketsahalo ena, hase hona hoa bohlokoahali hakaalo. Lentsoe la Molimo le totobatsa hona ka bohlale: “Ho ja meroho moo lerato le leng teng, ho monate ho e-na le ho ja khomo e nonneng, moo ho nang le hloeano.” (Liproverbia 15:17) Seo re nang le sona kapa seo re se fepang hase eona ntho ea bohlokoa. Hoo e leng hoa bohlokoa le ho ananeloang ke kopano ea ho hahana le moea oa lerato oo re o bontšang.
Nahana ka taba ea Fung Hing, khaitseli ea lilemong tsa hae tsa bo40 ea nang le monna ea hanyetsang. O phela kamoreng e le ’ngoe e nyenyane haholo ho e meng ea mehaho e meholohali ea sechaba Hong Kong. Ho hang ha a na hona. Ha e le hantle, o ile a tlameha ho sebetsa mosebetsi oa nakoana e le hore a ka thusa cheleteng e kenang ka lapeng. Empa leha ho le joalo, o fana ka seo a nang le sona. Ha Lipaki tsa phutheho li tla haufi le ha hae ho tla etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo, hangata o ba memela ha hae bakeng sa tse pholileng. Lipontšo tse joalo tsa lerato ha li ananeloe ke Bakreste ba habo feela empa li boetse li sebeletsa ho bontša hore ha ho hlokahale hore motho e be morui hore a ka bontša ho amohela baeti hoa ’nete.
Leha ho le joalo, leha re ka leka ka matla ho ba ba itekanetseng boithabisong ba rōna, re ka ’na ra ho fumana ho ntse ho hlokahala ho tela lintho tse ling tse itseng e le hore re ka khona ho bontša ho amohela baeti. Na ho ho loketse? Ka sebele, haeba re susumelitsoe ke lerato la ’nete la Bokreste. Hobane lerato ke eng ha ho se na boitelo? Jehova le Jesu ba bontšitse lerato la bona ho batho ka ho etsa boitelo bo boholo—Jehova a fana ka mora oa hae, ’me Jesu eena a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho.—Johanne 3:16; 15:13.
Bakreste ba pele le bona ba ile ba latela tsela e lerato. Mabapi le baena ba Macedonia, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke hobane, mahareng a moleko oa mahlomola a maholo, thabo ea tsona ea ’na ea eketseha, ’me bofumanehi bo boholo ba tsona bo tšolotse monono oa ho fana ha bona. Hobane ba ithaopile ho ntša ka matla a bona—teng ke paki—le ka ho fetisa matla. Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re n’o amohela ketso eo ea mohau.” (2 Ba-Korinthe 8:2-4) ‘Bofumanehi ba bona bo boholo’ le ho “fetisa matla” a bona li ile tsa etsa ho fana hoa bona hore e be hoa ’nete le ho amang haholoanyane.
Leha ho le joalo, ho re na motho o futsanehile kapa o batla a ruile, hape ho sa tsotellehe lintho tsa kajeno tse bebofatsang mosebetsi, ho ntse ho hloka nako, matla le chelete ho bontša ho amohela baeti. Joale potso ke ena: Na re rata ho ikitlaetsa e le hore ba bang ba ka thabela mahlohonolo aa a kopano ea Bokreste? Hopola, maele a Bibele a re: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.” Re ka boetse ra tšeliseha ka ho nahana hore ha re bontša ho amohela baeti ka ho utloa taelo e boletsoeng ke Jehova le ka ho etsisa mohlala oa hae o moholo, ha e le hantle re “alimela Jehova.”—Liproverbia 11:25; 19:17.
Ho ka Mengoa Bo-mang?
Jesu o kile a re: “Enore ha u etsa ’mōka oa motšehare, leha e le oa ho lalla, u se ke ua bitsa metsoalle ea hao, leha e le banab’eno, leha e le baheno, leha e le barui bao u ahisaneng le bona.” Hobane’ng? “E se re mohlomong le bona ba u bitsa, ba ananya tsa hao.” (Luka 14:12) Ntlha eo Jesu a e entseng mona hase hakaalo hore ha rea lokela ho memela metsoalle ea rōna le beng ka rōna lijong. O kile a thabela lijo le metsoalle ea hae ka linako tse ling tse kang ha a le lapeng ha Maria le Maretha. Taba ke hore ho bontša hoa rōna ho amohela baeti ha hoa lokela ho susumeletsoa ke khopolo ea ho fumana ho hong hamorao.
Joalokaha Jesu a ile a tsoela pele ho bontša, bao re lokelang ho ba nahana pele ha re mema ke bao ba tla rua molemo o moholo kopanong eo. (Luka 14:13) Ba ka ’na ba akarelletsa ba hlokang khothatso, ba bacha ’neteng, kapa bao e leng likhonyeli kapa ba sekametseng ho ikhula, le ba holileng. Phello e hahang eo kopano e joalo e ka bang le eona e bonoa litlhalosong tsa Oi Yuk, khaitseli ea holileng ea chesehang haholo empa a fokolloa ke bophelo: “Hangata baena ba ’memela ’mokeng ea bona ’me ba mpontša mosa ka litsela tse ngata. Ho nthabisa haholo ho ba karolo ea lelapa le leholo!”
Ka ho hlakileng, morero oa liboka tse joalo o fetela ka ’ngane ho botsoalle feela. Ho e-na le hoo, ke ho hahana le ho matlafatsa litlamo tsa lerato har’a barapeli ba Jehova. Ka hona, khatiso e lokela ho ba holim’a ho boloka moea o hahang le o khothatsang ho e-na le lijong tse manoni le linong. Ka ho tšoanang, ho lokela ho ke ho nahanoe hape ka liketso le lipuo liketsahalong tse joalo. Le hoja litšebeletso tsohle li ke ke tsa likoloha Bibeleng kapa meqoqo eohle ea e-ba ea lipuisano tsa Mangolo, ekaba bohlale le lerato ho li boloka kamehla e le tse hahang le tse khothatsang. Lipapali tsa tlholisano, ho lula feela ho sejoa, kapa litlhaloso tse tsoileng tseleng ka sebele li lokela ho qojoa.—Ba-Efese 4:29-31.
Meputso e Enneng e Letetse ba Amohelang Baeti
Le hoja motho a sa lokela ho bontša ho amohela baeti ka khopolo ea ho fumana ho hong hamorao, hona ha ho bolele hore motho ea amohelang baeti ha a fumane moputso ho hang. Ho fapana le hoo, ho bontša ho amohela baeti hoa ’nete ho tlisa meputso e mengata, le hoja e sa batloe. Ho thusa motho hore a be le metsoalle e mecha hammoho le ho matlafatsa litlamo tsa khale. Ho boetse ho susumeletsa ba bang ho hlaolela moea oa ho fana le oa ho amohela baeti. (Luka 6:38; Liproverbia 11:25) Ka holim’a tsohle, Motho ea amohelang baeti ka ho fetisisa oa bokahohleng, ’Mōpi oa rōna ea lerato Jehova Molimo, o tla hlokomela hore ba amohelang baeti e le kannete ha ho mohla ba hlokang leha e le eng, hobane o ananela ba “latelang tsela ea ho amohela baeti” joalokaha a etsa.