Sefela se Secha Pel’a “Nōka ea Linonyana”
MAINDIA a ne a e bitsa nōka ea linonyana. Ho tla fihlela kajeno, pela mabopo a nōka ena motho o ntse a ka ’na a utloa pina e monate ea linonyana, ho lla hoa leeba, litsoanya tsa Chincol, e kang seroebele le ho kakatletsa hoa Benteveo e tšehla ka mpeng. Leha ho le joalo, ka nako ea teng, naha e ka bochabela ho nōka ea boetse ea tla tsejoa ka lebitso la Nōka ea Linonyana, kapa joalokaha ho boleloa ka puo ea Seindia sa Tupí-URUGUAY.
Leha ho le joalo, “sefela se secha” hona joale sea binoa Nōkeng ea Linonyana. Khale Esaia a profetile sena, a re: “Binelang Jehova sefela se secha, le tumise lithoko tsa hae lipheletsong tsa lefatše, lōna ba tsamaeang holim’a leoatle, le lōna libopuoa tsohle tse ho lona, lōna lihleke-hleke le ba ahileng ho tsona.” (Esaia 42:10) Leha ho le joalo, ‘sefela see se secha’ ka ho hlongoa hoa ’Muso oa Molimo se fihlile Uruguay joang?
Ho Fihla hoa Sefela se Secha
Molaetsa o matla oa ’Muso o qalile ho utluoa hanyenyane Uruguay ka 1923. Selemong seo e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a feta le naheng eo ’me a tsamaisa libukana tse lekholo. Ka Loetse 1924 Juan Muñiz a fihla. E ne e kile ea e-ba moprista oa K’hatholike ea tsoang Spain ea neng a lokolotsoe mehopolong e fosahetseng ea bolumeli ba hae ’me a tsoa ho bona. Leha ho le joalo, hoba a fallele United States, ka 1916 lerato la hae la Bibele la tsosolosoa ke molaetsa oa ’Muso oo a o utloileng ho batho bao hona joale ba tsebahalang e le Lipaki tsa Jehova. Muñiz a khutlela Spain ho ea arolelana seo a ithutileng sona le ba bang. Empa o ile a tobana le khanyetso e matla hoo, ka tlhahiso ea mookameli oa Watchtower Society, a ileng a fallela Amerika Boroa. Juan Muñiz o ile beoa boikarabellong ba mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Argentina, Paraguay, le Uruguay.
Moena Muñiz e ne e le sebui se hloahloa haholo. Ho boleloa hore o ne a ka hohela bamameli ka lihora, a sebelisa Bibele feela, ntle ho se ngotsoeng kapa kemiso ea puo. Hoba a lemohe hore batho ba Uruguay ba arabela ka thahasello e tsotehang, Juan Muñiz a kōpa Mokhatlo ho romela thuso e eketsehileng.
A arabela, Carlos Ott a tloha Jeremane ka 1925, ’me a fihla Uruguay ka nako e ’ngoe hamorao. Mono a ikitlaetsa ka matla ka lilemo tse robeli tse latelang. A le seli ka tlhokahalo ea ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, Moena Ott a sebelisa sea-le-moea haholo, khaso e ’ngoe e bile ea mo lumella ho phatlalatsa lipuo ntle le tefello. Ho tloha qalehong ena e nyenyane, mosebetsi oa atolohela literekeng tsohle tse 19 tsa Uruguay.
Lipeo tse ling tsa ’nete li ile tsa oela ho balichaba ba falletseng moo. Ka mohlala, ka leboea ho Uruguay ho ne ho e-na le malapa a ’maloa a Marashia a tlohileng naheng ea ha habo oona nakong ea mofere-fere oa Ntoa ea I ea Lefatše. E mong oa bona, Nikifor Tkachenco, a amohela bukana Bafu ba kae? ’me a hlokomela molumo o hlakileng oa ’nete. Ntle ho ho tsila-tsila a loanela ho arolelana tumelo ea hae eo a e fumaneng bocha le Marashea a mang. Ba ’maloana ba hla ba amohela ’nete, e e-ba metheo ea liphutheho tse Salto le Paysandú, metse e meng e ’meli e meholo.
Ka 1939 bo-pula-maliboho ba Majeremane ba tšeletseng ba ile ba abeloa ho ea Uruguay. Leha ho le joalo, ho ile hoa ba nka lilemo tse tšeletseng pele ba fihla kabelong ea bona; bahlorisi ba Manazi ba ile ba ba etsa mahlatsipa a bao esaleng ba ba batla Europo eohle. Empa, eare ha ba qetella ba fihlile Uruguay, ba qala mosebetsi hang-hang. Pele ba leka ho fumana le ho pakela malapa a Majeremane. ’me eare ha ba ntse ba ithuta puo ea moo, ba nka “karete ea bopaki” ea Sepanishe eo ka bokhutšoaane e hlalosang thomo ea bona.
Sehlotsoana sena ka matla sa koahela naha eohle ka libaesekele, ba fapanyetsana libuka ka lijo le ho robala litenteng tse nyenyane pel’a tsela ha ho se ea ba amohelang. Libaesekele tsa bona li ne li jarisitsoe liphahlo tse lekaneng bakeng sa karolo eno ea selemo, setofo se senyenyane sa parafine, lisebelisoa tsa kichene le karalefomo e nang le lipuo tsa Bibele. Ba tobana le mohatsela, mocheso, moea, le meroallo. Empa ka tsela ena lipeo tsa ’nete li ile tsa hasana le naha eohle. Ka pele ba bang ba eketsa mantsoe a bona sehlopheng sa ba binang “sefela se secha.”
Baromuoa ba Susumetsa Khōlo
Ka Tlhakubele 1945, N. H. Knorr le F. W. Franz, baokameli ba Mokhatlo oa Watch Tower, ba chakela Uruguay ka lekhetlo la pele. Ntle ho ho fana ka keletso e hahang, ba fa Uruguay seithuti sa eona sa pele sa Gileade, Russell S. Cornelius. Le hoja qalong a ne a bua mantsoe a seng makae feela a Sepanishe, kamor’a khoeli feela le halofo, o ne a khona ho fana ka puo ea phatlalatsa. O ’nile a tsoela pele ’me e ne e le thuso e khōlō ho tsamaiseng mosebetsi oa ’Muso. Kapele, baromuoa ba bang ba banyenyane ba fihla, ho fihlela ba le 27—hoo ba neng ba batla ba lekana le baboleli!—ba ne ba khobokane lekaleng la lelapa la boromuoa le hiriloeng. Ka tlhaho, boteng ba baromuoa ba banana ba tsoang linaheng lisele hoa hla hoa susumetsa motse. Pampiri e ’ngoe ea litaba e bile ea soma ka hore “mangeloi a khanyang” a futuhetse Montevideo!
Mabel Jones e ne e le e mong oa bona. Ha a le kopanong e ’ngoe Salto ka 1950, o ile a arolelana tšepo ea ’Muso le Carola Beltramelli le Catalina Pomponi, metsoalle e ’meli ea baahelani. Ka bobeli ba e-ba teng kopanong eo ’me, khoeli hamorao, ba tsamaea lik’hilomithara tse 500 (limaele tse 300) ho ea ba teng ho e ’ngoe Montevideo. Ba tsoela pele moeeng ka potlako. Bara ba Carola le bona ba arabela ’neteng. E mong oa bara bana, Delfos, a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ’me a qeta thupelo ea hae Gileade ka 1965. Hona joale o sebeletsa e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Mora oa ho fela, Luis, ke moholo oa phutheho. Khaitseli Pomponi o ile a kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ka 1953 ’me o ile a thusa batho ba fetang 80 ho nehela bophelo ba bona ho Jehova.
Ka kakaretso, liithuti tsa Gileade tse 82 li ile tsa sebeletsa Uruguay. Ha ba bang ba ho fumana ho hlokahala ho khutlela hae ka lebaka lena kapa lane, ba siile tlaleho ea tšebeletso e beang. Le hona joale o tla utloa ba khale har’a baena ba Uruguay ba re, “Bana ba ka ba ne ba le lilemong tse ka tlase ho tseo litloholo tsa ka li leng ho tsona hona joale ha Mary Batko a tlo nthuta Bibele” kapa, “Ke ne ke sa ntse ke le sekolong sa mathomo ha Jack le Jane Powers ba nkisa boboleling ka Lisontaha.”
Khōlo le Katoloso
“Sefela se secha” se ile sa oela litsebeng tse ngata tse arabelang. Ka 1949 Gerardo Escribano, motho e monyenyane ea sa lumeleng ho Molimo, o ile a memeloa sebokeng sa Bibele. A amohela memo empa a re haeba ho e-na le litšoantso kapa a kōpuoa ho etsa thapelo ea bolumeli, a ke ke a hlola a khutla. O ile a khahloa haholo ke seo a se utloileng, qetellong a kolobetsoa, ’me hona joale o sebeletsa e le molebeli oa setereke le setho sa komiti ea lekala.
Baesekopo e reng The New World Society in Action e ile ea isoa ho e ka bang metseng eohle le metsaneng ka 1956. Moena Liber Berrueta o ile a bontsa baesekopo ena ka makhetlo a makholo Liholong tsa ’Muso, malapeng, lirapeng tsa lifate tsa sechaba, le liholong feela. O boetse a ba le karolo e khōlō ho hlongoeng hoa tšebetso e ngolisitsoeng ka molao ea Mokhatlo Uruguay, a sebeletsa e le mookameli oa eona oa pele ho fihlela a e-shoa.
Qetellong ea 1961, ha ho ne ho e-na le Lipaki tse 1 570 naheng eo, ho khakoloa ha Lehae le lecha la Bethele ha nka khato ea bohlokoa. Hoba le qetoe, setsebi sa lipolane le mohaho, Justino Apolo, o ile a susumelletsoa ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Molimo ka kolobetso. Hamorao e ile ea e-ba moholo ’me ka ho fana o thusitse ho haha Liholo tsa ’Muso tse ka bang 40 Uruguay.
Ka ho tsoanang, kamor’a morero oa khaho, Avelino Filipponi, setsebi sa mohaho, o ile a nka tšebeletso ea nako e tletseng hammoho le mosali oa hae. Hona joale ke molebeli oa potoloho. Le eena, o thusitse haholo khahong ea Liholo tsa ’Muso tse ngata. Haufinyane haholo, o ile a kopanela ho tsamaiseng khaho ea keketso ea mohaho oa Bethele ea Uruguay.
Keketseho e Ncha ea Lekala
Keketso ke mohaho o mekato e ’meli o nang le motheo o moholo. E na le boholo ba limithara tse 790 ka mahlakore oohle (8 500 sq ft) sebakeng se fatše, ha e le hantle e khōlō ho feta mohaho oa pele. Mohaho ona o mocha o na le khatiso, lefapha la tse tsoang le la limakasine, polokelo ea libuka, karaje, le Holo ea ’Muso e ntle. Baena ba ile ba fana ka boholo ba thepa ea mohaho, ’me mosebetsi ‘ohle o ile oa etsoa ke baithaopi ba ka bang 500. Lipaki tseo e leng litsebi tsa ho haha ka setene, mosebetsing oa tsepe, mapolankeng, le mesebetsing e meng e mengata li ile tsa nehelana ka nako ea tsona le tsebo ea ho qapa, ho haha, ho khabisa, le ho kenya thepa moahong ’ohle.
Ka la 4 Tlhakola, 1985, Grant Miller, setho sa Komiti ea Lekala, o ile a nehela mohaho ona, a fana ka pale e khutšoaane ea Uruguay le kholo ea mosebetsi oa ’Muso naheng eo ea Nōka ea Linonyana. Puo ena e ile ea lateloa ke liphihlelo tse babatsehang le boitsebiso ka moaho o mocha. Qetellong, bamameli ba 250 ba ananela puo ea nehelano, “Batho ba Thabileng ba Nang le Morero,” e ileng ea neheloa ke Delfos Beltramelli. Ka sebele e ne e le letsatsi le hopolehang!
Ho Talima Pele
Empa bokamoso bo tšoaretse mosebetsi o Uruguay eng? Nahana ka khōlo e potlakileng eo re e thabetseng. Ka 1964 re ne re e-na le Lipaki tse 2 000. Ka 1974 palo eo e ile ea imena habeli. Ka 1985 re ile ra fihlela tlhoro ea ba 5 329. Hore matla a tsoelo pele a khōlo a ntse a le teng ho ile hoa totobala ka ho hlakileng ha ba 15 243—a le mong ho batho ba 190 naheng eo—ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1985.
Ho khahlang le ka ho fetisisa ke boemo ba Bokreste boo baena ba rōna Uruguay ba bo bontšang. Ka mohlala, ka lilemo bana ba ne ba lokela ho ea Brazil bakeng sa likopano tsa bona tsa selemo le selemo hobane ’muso oa Uruguay o ne o ba hanela ka tumello ea ho tšoarela likopano mono. Ka 1982 ’Muso oa fetisa molao oa hore baahi bohle le bajaki ba tsoang ka hare ho naha ba tlameha ho lefa lekhetho. Hona hoa jarisa baena ba bangata moroalo oa lichelete. Leha ho le joalo, baena ba nang le hona ba thusa malapa a futsanehileng. Sehlopha se seng se bile sa sebetsa ho lokisa lintho tsa malapa nakong ea ha ba lokolohile e le hore ba ka tlatsetsa litšenyehelong tsa ba bang. Kahoo Mauruguay a ka bang 3 500 a ile a khona ho ea kopanong Brazil!
Nakong eona eo, ka phetoho e makatsang ea liketsahalo, baena ba fumana tumello ea ho tšoara kopano Montevideo beke pele ho nehelano ea mohaho o mocha oa lekala. Litokisetso tsohle li ile tsa tlameha ho etsoa ka matsatsi a 20 feela, ho akarelletsa le ho aba lipuo lenaneong, ho hlophisa mafapha, le ho lokisa le ho hloekisa lebala la peiso ea lipere le makoloi le neng le se le sa sebelisoe ’me le oele. Empa e bile thabo e kaakang ha ba 6 245 ba kopana moo!
Kahoo re ka tšepa hore Jehova o tla ’ne a tsoele pele ho hlohonolofatsa boiteko ba baena ba rōna ha ba sebetsa ba kopane ho bineng molaetsa o khanyang oa ’Muso oa Molimo pela Nōka ea Linonyana—Uruguay!
[’Mapa/Litšoantšo se leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
URUGUAY
Salto
Paysandú
Montevideo
[’Mapa]
Amerika e Boroa
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Holo ea ’Muso ea keketso ea lehae le lecha la lekala ho la Uruguay