Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/15 maq. 21-25
  • Ho Hlokomela “Linku” Tse Qhalakaneng Caprivi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokomela “Linku” Tse Qhalakaneng Caprivi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Mochophoro oa Caprivi
  • Ho Khutlela Katima Mulilo
  • Ho Etela Kasane Hape
  • Ho Hlokomela “Linku” tse Qhalakaneng
  • Basebetsi-’moho baa Fetoha
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/15 maq. 21-25

Ho Hlokomela “Linku” Tse Qhalakaneng Caprivi

LAND-ROVER e bosoeu ba lebese e ne e tletse lintho tse sebelisoang le lingoliloeng tsa Bibele. E ne e lebile ka leboea ho tloha Windhoek, motse-moholo oa Afrika Boroa-Bophirimela (Namibia). Neng? Ka Motšeanong 1981. Ha ba khanna naheng e bataletseng, e omeletseng, bapalami ba bane ba ne ba e-na le nako ea ho thuisa ka leeto le hlasimollang le nammeng ka pela bona.

Moqhobi e ne e le Chris du Plessis. Eena le mphato oa hae. E ne e le Lipaki tsa Jehova le bo-pula-maliboho ba kamehla, ke hore, baboleli ba kamehla ba molaetsa oa ’Muso. Ba ne ba sa tsoa qeta libeke tse ngata tse thabisang Katatura, motse o moholo oa ba batšo haufi le Windhoek. Ka bobeli ba ne ba ho fumane e le ho thabisang ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka ntlo le ntlo har’a batho ba batšo ka boikutlo ba bona ba botsoalle le ba ho arabela hantle molaetseng.

Bahlankana ba babeli ba ne ba kōpiloe hore ba lokise koloi bakeng sa molebeli oa potoloho Schalk Coetzee le mosali oa hae ho ea lihlopheng tse ka thōko tsa Lipaki tse ka leboea, moo litsela li leng mpe bakeng sa makoloi a tloaelehileng. Ka Land-Rover ba ne ba ka emisa kae kapa kae—ba ha Coetzee ba ne ba robala “mokatong o ka tlaase” ka koloing ’me bacha ba babeli ba le “mokatong o kaholimo” tenteng e kaholim’a koloi!

Hoba ba khanne lik’hilomithara tse 370 ba fihla “khutlo-tharong ea lefu”—se bitsoa joalo hobane batho ba bangata ba lahlehetsoe ke bophelo ba bona moo ka lebaka la lintoa tse matla tsa bokhukhuni tse bakoang ke bahlaseli ba tsoang Angola. Ho ea pejana ka leboea ba bona likoloi tse ngata tse thuehileng empa ba se ke ba khathatseha.

Ba qala ka ho etela Ondangwa, sebaka sa sesole se haufi le Angola. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba hlokomela phutheho e nyenyane e moo. Christo Els le mosali oa hae Elizabeth ba ne ba ithutile puo ea moo, Ndonga—phephetso ea sebele. Empa batho ba mamela hantle ’me ba hlompha Bibele ka botebo. Ka linako tse ling Christo o ne a lokela hore a ’ne a leme ka liesele kapa mosali oa hae a hlaole e le hore beng ba matlo ba ka lokoloha ho mamela molaetsa oa ’Muso!

Kaha sebaka seo e ne e le sa ntoa, batsamai ’mileng ea kerabole ba ne ba ipea kotsing ea maraba a fatše. Ka hona Christo le Elizabeth hangata ba ne ba tsamaea litseleng tsa lehlabathe har’a naha, ’me batho bao ba kopanang le bona ba ne ba makala haholo hore e be ha baa hlomela.

E ne e le thabo ea sebele ho bona ho etela batho ba Ovahimba ba phelang bophelo ba khale libakeng tse ka thōko. Batho bao ba ne ba apere matlalo, ba tlotse letsoku ’meleng. Bo-pula-maliboho ba sebelisa bukana eo ba neng ba thusitse ho e fetolela. E bile thabo e kaakang ho bona batho bana ba sa tsebeng ho bala ba bontša kananelo bakeng sa molaetsa oa ’Muso!

Ho ile hoa tšoaroa kopano ea letsatsi le le leng ketelong ena ea beke ea Moena Coetzee le bo-mphato ba hae. Kaha sebaka se na le baahi ba qalikaneng, ba bileng teng ba bile ba nyenyane. Empa bohle sebakeng sena se ka thōko ba thabela lenaneo le botsoalle bo monate.

Mochophoro oa Caprivi

Kamor’a ho emisa nakoana Rundu ho fumana litumello, sehlopha sena sa kena Mochophorong oa Caprivi. Joalokaha ’mapa o bontša, sena ke sebaka se mochophoro se qalang leboea le ka bochabela Namibia ho theosetsa bohareng ba Afrika e ka boroa. Se bolelele ba lik’hilomithara tse 480 le bophara ba likh’ilomithara tse 80 moo se ahlameng haholo ’me se arolelana meeli le Angola, Zambia le Botswana. Le hoja le sona e le sebaka se laoloang ke sesole, se batla se khutsitse haholoanyane ho feta sebaka se ka bophirima.

Baahi ba Caprivi ba ka ba 40 000, boholo e le batho ba batšo, le hoja Baroa ba le teng karolong e ka bophirima. Baahi ba bangata ba bua Senyesemane ’me ba ka bala le ho ngola. Ha sehlopha se leba ka bochabela, se ne se atisa ho ema le ho bua le batho, ’me se boetse se thabela ho boha naha—lifate le liphoofolo tse hlaha, ho akarelletsa litlou le matsa. Ha se atamela Katima Mulilo, oona “motse” feela, lihlopha tsa matlo a ruletsoeng hantle ka joang lia ngatafala. Bopula-maliboho ba ile ba hapeha ke sebaka sena hoo ha Schalk Coetzee a botsa hore na ba ka utloisisa ho sebeletsa sebakeng sena se thōko, ba ileng ba thabela ho amohela tokelo eo.

Kamor’a ho lula nakoana Katima Mulilo, bana ba bane ba tloha ho etela sehlotšoana se ka thōko sa Kasane, Botswana ka leboea. Ba haola har’a sebaka sa Polokelo ea Liphoofolo sa Chobe, ka linako tse ling ba feta har’a mehlape e meholo ea linare le litlou. Ha ba emisitse bosiu, ba utloa litau li rora haufi.

Kasane, ba bolela ka ntlo le ntlo, ka mokhoa oa Seafrika, ho fetolela bo-pula-maliboho ba moo. Batho ba atameloa ka boiketlo le ka mokhoa o hlomphehang. Moeti o ema ka ntle ho ntlo e be o hoeletsa hore a utluoe. Ho na le ea arabelang ’me o mo memela hore a kene ka hare a be a lule. Hangata lelapa lohle lea bitsoa ho tla mamela. Joale ho latela litumeliso tse telele le lipotso ka hore na motho o phela joang le hore na o tsoa kae. Kamor’a kenyelletso eo ke hona feela Paki e ka qalang ho bua ka sehlooho sa Bibele.

Lipaki tsa moo li ne li thabile haholo le ho leboha hore e be li etetsoe ke sehlopha sena se tsoang hōle hakaalo. Liboka tsa lokela ho tšoareloa ka mokhorong. Kahoo Schalk Coetzee a ba khothalletsa hore ba hahe Holo ea bona ea ’Muso.

Ha ba khutlela Katima Mulilo, baeti kaofela ba thabela ho etela Lipaki tsa moo beke. Bosiu ba emisa haufi le Nōka ea Zambezi ’me ba ananela khutso, e neng e tšoenngoa feela ke molumo oa meropa e hōle—“molumo o susumetsang” oa Afrika. Ba fumana sehlopha sa moo se chesehang empa se hloka tsamaiso e matla ea hore na liboka li tšoaroa joang, ho pakoa joang ka ntlo le ntlo le hore na manyalo a bona a ka ngolisoa ka nepo joang ka molao, le tse joalo.

Ka sebele baeti bana ba thabela mosebetsi oa ho bolela! E mong a re: “Ha batho ba utloela hore re na le libuka tsa Bibele ka Silozi, puo ea bona, ba batla ba re pupetsa, ba sa batle libuka feela empa ba batla le motho ea ka ba rutang. Ho ne ho makatsa!”

Sehlopha sa siea metsoalle ea sona e mecha Katima Mulilo ka monyebe ’me sa qala leeto le khutlelang morao. Ba qeta beke le phutheho ea moo ea Rundu Namibia e ka leboea, boholo ba baena moo e ne e le babalehi ba tsoang Angola ba neng ba bua Sepotoketsi. Bothata bo bong ba puo! Kamor’a leeto la lik’hilomithara tse ka bang 4 000, ba fihla Windhoek ba khathetse empa ba thabile ba bile ba leboha Jehova haholo ka litokelo tse ngata tseo ba li thabetseng.

Ho Khutlela Katima Mulilo

Bo-pula-maliboho ba babeli ba khutlela Katima Mulilo, ka lekhetlo lena ho ea lula le ho thusa “linku” tsa Jehova. Ho lula, ho ne ho hlokahala hore ba be le moo ba lulang teng le mosebetsi oa nakoana. Ha ba batla mosebetsi ka lekhetlo la pele feela, ba o fumana. Ba boetse ba fumana tumello ea ho sebelisa ntlo-koloi, koloi ea Mokhatlo oa Watch Tower. ’Me ba leboha Jehova ka ho ba hlokomela joalo ka seo ba se hlokang.

Kapele, bo-pula-maliboho ba tšoareha ho thusa Lipaki tsa moo ka litsela tse fapa-fapaneng. Hona hoa akarelletsa ho haha Holo ea ’Muso. Ba hela joang bo bolelele bakeng sa ho rulela, ba bokella mobu oa liolo o sebelisetsoang ho haha, o thata haholo ’me ba ithuta ho rulela ka joang—ka Seafrika. Ka mabota a litsoeng ka bosoeu, holo ea shebahala e le makhethe e boheha. Kaha ba ne ba ke ke ba khona ho reka litulo, ba ne ba lula libencheng kapa likoqong. E ne e le joalo, empa e ne e le Holo ea bona ea ’Muso!

Ho ne ho se liboka tse kileng tsa tsamaisoa hantle. Ka hona bo-pula-maliboho ba lokisetsa liboka tse hlano tsa beke le beke tse tšoaroang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Hona hoa bolela mosebetsi o mongata, empa ho bona le Lipaki tsa moo, e ne e le ho hahang moeeng. Bo-pulamaliboho ba boetse ba lokela ho ithuta Silozi, puo ea moo.

Kamor’a nakoana, phutheho ea thehoa. Kamor’a nako, ba bane ho baena ba moo ba ne ba khona ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa le ho tšoara liboka tsohle, ’me e mong a khetheloa ho ba mohlanka ea sebeletsang. Khabareng, bo-pula-maliboho ba thabela mosebetsi oa boboleli ka ntlo le ntlo haholo. Ka hona batho ba bangata ba ne ba batla ho ithuta Bibele hoo ba neng ba sitoa ho hlokomela litlhoko tsohle. Na u ke ke ua rata ho sebeletsa sebakeng se kang seo? Na u ka ho etsa?

Ho Etela Kasane Hape

Molebeli oa potoloho o ne a kōpile bo-pulamaliboho hore nako le nako ba etele sehlopha sa Kasane Botswana. Ka lekhetlo le leng, ba kena khathatsong e khōlō. Masole a Botswana a ba emisa haufi le moeli.

Moeta-pele a re, “Le lihloela!”

“Che, re basebeletsi, Lipaki tsa Jehova, re ruta batho Bibele.”

“Ha ke kholoe hore le Bakreste. Le masole a Afrika Boroa.”

E ne e le boemo bo bohloko. Empa ha masole a bona lingoliloeng tsa Bibele ’me ho se lithunya, ba tlohela baena hore ba tsamaee.

Boemo bo boima ba sesole sebakeng sena le bona bo ne bo thatafatsa ho kopana le Zambia. Nōka ea Zambezi ke eona feela e arolang Katima Mulilo le Zambia, moo Lipaki tsa Jehova li leng ngata ’me li e-na le libuka tse ngata tsa Silozi. Empa ka masole a lebetseng, batho ba moo ba ne ba ke ke ba tsela nōka ka mokolos, kapa liketsoana tsa bona. Hanngoe kapa habeli ho ne ho thuntšanoa ka mose ho nōka.

Ho Hlokomela “Linku” tse Qhalakaneng

Leha ho le joalo, hona hohle ha ho’a thibela bo-pula-maliboho bana hore ba hlokomele “linku” tse Mochophorong oa Caprivi, ho akarelletsa tse qhalakaneng. Ka mohlala, ba ne ba utloetse hore Andrew, monna-moholo e mong motseng o lik’hilomithara tse 70 ho tloha Katima, o ne a thahasella Bibele haholo. Ha ba mo fumana, o ne a hlile a bala buka ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng ’me a tlaloa ke thabo ka ketelo eo! Ka lilemo tse telele o ne a ithutile a le mong, ’me o ne a khothalitsoe haholo ke thuso eo bo-pulamaliboho ba mo fileng eona.

Frank Mwemba le eena o sebakeng se thōko haholo. O phela motseng o mong o lik’hilomithara tse lekholo ho tloha Katima. Hahabo ho ka fihloa feela ka koloi e hulang ka mabili a mane, ’me leha ho le joalo e le ka linako tse ling feela tsa selemo, kaha boholo ba Caprivi ke mokhoabo ’me ka linako tse itseng e apareloa ke metsi. Frank o ne a amohetse ’nete Zambia, a kolobetsoa teng ’me a khutlela motseng oa habo Caprivi. Ka lilemo tse telele o ne a tsoetse pele a le mong. Na o ne a ntse a bolela sebakeng seo se ka thōko? Na o ne a lahlile mekhoa ea moo ea boloi le sethepu? Na o ne a ngolisitse lenyalo la hae ka molao? E! Frank o hlokomela mosali oa hae—a le mong feela—le bana ka ho tšoasa lihlapi le ka temo, ’me o qeta matsatsi a etela metseng e qalikaneng ka mokolo oa hae kapa ka maoto e le hore a ka jala litaba tse molemo. O ithuta kamehla le lelapa la hae, o qoba lingaka tsa boloi, ’me ka motlōtlō a bontša baeti lengolo la hae la lenyalo!

Ka lekhetlo le leng, Chris a nka leeto ka seketsoana ho theosa le Nōka ea Zambezi ho ea sebakeng se bataletseng, se mokhoabo sa Nantungu. O ne a utloile hore ho na le ba thahasellang moo. ‘Ke tla fumana eng moo?’ Chris a ipotsa, ha ka thotoana e mahetleng ho eena, a tlōla seketsoana ho ea lebōpong. A thaba ha a fumana sehlotšoana se lekang ho phela ho latela Bibele joalokaha se ne se rutiloe ke Lipaki tsa Zambia. Sa thaba haholo ho bona libuka tsa Silozi tseo Chris a neng a tlile le tsona, ho akarelletsa litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa. Ka matsatsi a mararo a latelang, Chris o ne a tšoarehile ka lipuisano tsa Bibele le ho etela metse e ahisaneng le moo ho teana le batho ba thahasellang. Pele a tsamaea, a etsa litokisetso bakeng sa liboka tsa kamehla le boboleli ba ’Muso ba kamehla.

Basebetsi-’moho baa Fetoha

Ka lebaka la mathata a bophelo, mphato oa Chris a lokela ho tloha Caprivi mathoasong a 1982. Hamorao, Chris a fumana mphato oa bobeli, Melt Marais, moena ea sebelelitseng ka cheseho Caprivi hoo e ka bang selemo. Ka Motšeanong 1983 a nyala Magda, khaitseli e mocha oa pula-maliboho, ’me a fetoha mosebetsi-’moho oa boraro Caprivi 1983. Puo ea bona ea lenyalo e ne e fanoe Holong ea ’Muso e nyenyane eo Chris a neng a kentse letsoho ha e hahuoa.

Hoa nka Magda nakoana pele a tloaela bophelo ba Caprivi. Ntlo-koloi e ne e isitsoe sebakeng se kantle ho motse moo ho neng ho se motlakase kapa metsi a pompo. Moo ba ne ba atisa ho “hlaseloa” ke litlou bosiu. Ho khantša toche ka fenstere ea ntlo-koloi le ho bona tlou e khōlō limithara tse peli hojana qalong ho ne ho tšosa Magda haholo. Empa a phakisa a tloaelana le bophelo bo bocha ’me a bo rata. Mohlala oa hae oa khothatsa phutheho e nyenyane ea Katima.

Ho neng ho khothatsa baena ba Caprivi haholo hape e ne e le ho ba teng likopanong tsa potoloho Francistown, Botswana (lik’hilomithara tse 650 ho tloha moo). Ba ne ba thabile haholo ke ho ba teng kopanong ea setereke haufi le Johannesburg (hoo e ka bang lik’hilomithara tse 1 400). Ba hlolloa ke ho bona letšoele le leholo la Lipaki le tlhophiso e tsoellang ka mofuthu hakaalo le ho utloa mosa o moholo oa baena le bo-khaitseli ba basoeu—tsohle e le bopaki ba moea oa Jehova o sebetsang.

Empa e bile tšebeletso e tšepehang le e lerato ea bo-pula-maliboho ba banyenyane e neng e haha ka ho fetisisa bakeng sa “linku” tsa Caprivi tse neng li hloka thuso ka potlako hakana. Le teng, ho fana ka thuso eo hoa thabisa haholo ho bo-pula-maliboho ba neng ba utloisisa ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō haholo.

Leha ho le joalo, ka Loetse 1983, Chris le Magda ba lokela ho tloha Caprivi. Hobane’ng? Chris o’a hlalosa: “Re ile ra memeloa ho sebeletsa lekaleng la Afrika Boroa la Mokhatlo oa Watch Tower. Re ile ra sareloa ho re salang hantle ho bahoeletsi ba 13 ba Caprivi le ba bangata ba thahasellang phuthehong e nyenyane le lihlopha tse tharo tseo re li siileng. Lithapelo tsa rōna ke hore Jehova a fane ka basebetsi ba eketsehileng ho hlaolela tšimo ena, e butsoelitseng kotulo.”—Mattheu 9:37, 38.

Ho na le libaka tse ling tse ngata moo thuso e hlokahalang. Na u na le hona ’me u utloisisa ho sebeletsa ka tsela ee, ho itela ho hlokomela linku tsa Jehova? Haeba ho joalo, u boloketsoe meputso e enneng. Joalokaha Jesu a itse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.

[’Mapa/Litšoantšo se leqepheng la 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

NAMIBIA

ANGOLA

OVAMBOLAND

Ondangwa

Rundu

Tsumeb

Otavi

Grootfontein

“Khutlo-tharo ea lefu”

Windhoek

MOCHOPHORO OA CAPRIVI

Nōka ea Zambezi

Katima Mulilo

Kasane

BOTSWANA

LEOATLE LA ATLANTIKI

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho emisitsoe Nōkeng ea Zambezi Katima Mulilo. Schalk Coetzee o ngola tlaleho ea hae ea beke le beke e le molebeli oa potoloho. Hlokomela ntlo e “mokatong o kaholimo” ea Land-Rover

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho bolela ka ’Muso Kasane, Botswana leboea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela