Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 1/15 leq. 23
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mohopolo o Mobe”
  • “Lekhalo Thutong ea ho Iphetola ha Lintho”
  • Ho Tšoaroa Hampe ha Batho ba Tsofetseng
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lipotso Tsa Thuto ea Bukana Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Mpho ea Bophelo Kapa Sesosa sa Lefu?
    Tsoha!—1990
  • Litšelo Tsa Mali—Li Sireletsehile Hakae?
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 1/15 leq. 23

Ho Nyarela ka Litabeng

“Mohopolo o Mobe”

Ka baka la ho ameha ha batho ba bangata ka ho silafala ha mali lingaka tse ngata li qobelloa ho hlahlobisisa bohlale ba tšelo ea mali. Henry B. Soloway, M.D., mohlophisi oa makasine Pathologist, o bontša hore ho tloha qalong feela tšelo ea mali e bile le mathata a mangata. “Ho tloha qalong tšelo ea mali a silafetseng nakong eo a bokelloang kapa a bolokoang . . . e hlahisitse mafu a mangata ka baka la ho tšoaetsoa kapa chefu. Ho tsamaisoa ha boloetse ba hepatitis B ka mali le lintho tse entsoeng ka mali ho hlahisitse maloetse a mangata nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše,” o hlalositse joalo. Esita leha ho se ho e-na le mehato ea mahlale e talingoang e “sireletsehile” ea ho fana ka mali, maloetse a kang AIDS a tsoela pele.

Joale ho amehiloe ka hore na bakuli ba kankere ba tla phela halelele hakae kamor’a hore ba buuoe ’me ba tšeloe mali. Soloway o itse: “Kotsi ea hore ba se phele nako e telele e teng ha . . . bakuli ba kankere ea matšoafo, letsoele le mala ba tšeloa mali kamor’a ho buuoa.” Mokhoa o mong e ka ba ofe? Soloway o lumetse ’nete ena: “Lipaki tsa Jehova li khomaretse taba . . . ea hore tšelo ea mali ke mohopolo o mobe. Mohlomong ka letsatsi le leng ba tla pakoa ba fositse. Empa khabareng ho na le bopaki bo bongata bo tšehetsang khang ea bona, ho sa tsotellehe lipolelo tsa boipelaetso tsa libanka tsa mali.”

Bonneteng, ke ka baka la ho mamela molao oa Molimo Lipaki tsa Jehova li lokolohileng liphellong tse mpe tsa litšelo tsa mali. Levitike 17:14 e re: “Le ke ke la ja mali afe le afe, hobane moea oa linama tsohle ke mali a tsona.” ’Me Bakreste ba laetsoe ‘ho tela . . . mali.’ (Liketso 15:28, 29) Ka ho hlakileng, Molimo o talima ho kenya mali ka tsela leha e le efe e le “mohopolo o mobe.”

“Lekhalo Thutong ea ho Iphetola ha Lintho”

“Mapheo a likokoanyana ha a iphetola ho tsoa nthong leha e le efe e itseng. A ne a tšoana le lithutsoana tse hlonngoeng mekokotlong ea tsona ha a qala.” Ho boletse joalo pampiri ea litaba ea Sweden Svenska Dagbladet, e ne e tlaleha ka phuputso ea morao-rao e mabapi le kamoo likokoanyana li fumaneng mapheo a tsona. “Khopolo e ’ngoe ke ea hore ho ka etsahala hore li ne li sebelisa lithutsoana tseo tse neng li tla qetella e le mapheo bakeng sa ho tšoara likokoanyana, ho fihlela ha ka letsatsi le leng li fumana hore li ka fofa ka tsona ho li tsamaisa moeeng le ho li theolela fatše ho tsoa lifateng,” ho boletse tlaleho.

Liithuti tsa bophelo li bolela hore lintho tseo “tse neng li tla qetella e le mapheo” ha li sa le nyenyane bakeng sa ho li fofisa, li ne li ka sebeletsa e le tse amohelang mocheso le ho nea ’mele matla. Ke’ng se entseng hore li hōle ka ho lekaneng ho tsoa boemong boo bo bonyenyane? “Mona ho na le lekhalo thutong ea ho iphetola ha lintho leo ho leng thata ho le hlalosa,” ho lumetse tlaleho.

Leha ho le joalo, ka ho hlakileng Bibele e bontša kamoo likokoanyana li fumaneng mapheo a tsona. “Molimo oa etsa . . . tse rurang tsohle ka mefuta ea tsona,” ho bolela joalo Genese 1:21. Le hoja liphuputso tsa lilemo tsa bohlale li hlahisa lithuto feela tse inahanetsoeng le ‘lekhalo . . . le thata ho hlalosoa,’ tlaleho ea Bibele e lumellana le linnete tse tsejoang. Boqapi le tšebetso e hlollang ea mapheo a likokoanyana bo isa thoriso ho ’Mōpi ea bohlale e seng thutong ea ho iphetola ha lintho e sefofu.

Ho Tšoaroa Hampe ha Batho ba Tsofetseng

Batho ba bangata ba tsofetseng ba fetoha bahlaseluoa ba tšoaro e mpe le ho hlokomolohuoa. Ho se ho tloaelehile kajeno ho utloa lipeho tsa ho tšoaroa hampe, ho tlatlapuoa, ho shapuoa, le ho bolaoa ha batho ba tsofetseng—esitana le linaheng tseo ka tloaelo batho ba hōlileng ba neng ba hlomphuoa haholo. Naheng e ’ngoe e ka Bochabela, “mosebeletsi oa lithuso tsa bahloki o tlaleha ka mosali-moholo ea ileng a tlangoa ka lilemo tse leshome le metso e mene ’me a lumeletsoe ho hlapa hanngoe feela kamor’a libeke tse peli,” ho beha Asiaweek. E phaella ka hore mosali-moholo ea lemo li 60 naheng e ’ngoe ea Asia “o sa tsoa shoa matlung a batho ba tsofetseng. Mora oa hae le ngoetsi ha ba ka ba fihla le nakong eo a neng a se a le liphateng tsa lefu.” Boemo boa tšoana le linaheng tse ka Bophirimela. “Motho a le mong ea tsofetseng ho ba 25 ba Amerika o-oa hlokomolohuoa kapa o tšoaroa hampe, ebang ke hae kapa libakeng tsa batho ba tsofetseng,” ho tlaleha U.S.News & World Report. “Ho hlokomoloha ke tšoaro e mpe haholo . . . Empa bobeli tšoaro e mpe ’meleng le lithong tsa botona kapa botšehali ke lintho tse hōlang.”

Baahi ba naha ea boholo-holo ea Iseraele le litho tsa phutheho ea pele ea Bokreste ba ne ba laetsoe ho bontša hlompho le ho nahanela batho ba baholo. (Exoda 20:12; Levitike 19:32; Ba-Efese 6:1, 2; 1 Timothea 5:1, 2) Moapostola Pauluse o profetile hore mehleng ea qetello ho tla “linako tse bohloko” tseo batho ba neng ba tla suthela hōle le tataiso ea Molimo. (2 Timothea 3:1) Tšobotsi e ’ngoe eo Pauluse a ileng a e qolla ebile hore batho e ne e tla ba ba “haelloang ka ho feletseng . . . ke lerato la botho la hlaho.” (2 Timothea 3:2, 3, The New Testament in Modern English, ka J. B. Phillips) Ke mang ea ka belaelang bonnete ba mantsoe a hae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela