Bohlale ba Molimo—Na U Ka Bo Bona?
BONA ka leihlo la moea lekhotla la morena e mong oa boholo-holo. Mono morena enoa, a apere liaparo tsa borena, o lula teroneng e mabenyane ha a etella pele. Ha a tuma feela ka lebaka la leruo la hae empa hape le ka lebaka la bohlale ba hae. Bahlanka ba hae ba lekhotla ba batla ba hlophehile ka ho phethahetseng. Pono ena e babatsehang ea hlolla. Bonang: Morena Salomone!—1 Marena 10:1-9, 18-20.
Joale, mamela motho ea hlokomeloang e le Moruti e Moholohali, Jesu Kreste: “Ka baka la liaparo le belaela ke’ng? Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona.”—Mattheu 6:28, 29.
Jesu o ne a bolela eng ka hoo? Ka sebele o ne a fana ka keletso ka ho se be ba ratang lintho tse bonahalang. Empa na mantsoe a hae ka Salomone e ka hla ea e-ba ’nete? Hopola, Jesu o ne a sebelisa litšoantšo tsa lintho tse etsahalang bophelong. Kahoo liqapi le litei tsa Salomone, le hoja e ne e le litsebi, li ne li ke ke tsa fihlela boqapi, ho tsoaka mebala le botle ba pōpeho ea “likhahla tsa naha” tse tikolohong ea tsona ea tlhaho.
Bohlale ba Jehova boa Bonahatsoa
Esita le ho hlahloba lipalesa feela ka mokhoa o sa tebang ho ka ’na ha u etsa hore u lumellane le polelo ea Jesu. Ha re tsebe hantle hore na Jesu o ne a hopotse khahla ea mofuta ofe, empa lipalesa li ngata likarolong tse ngata tsa lefatše. Sheba palesa ka hloko, palesa efe kapa efe: khahla, rosa, kapa mofuta o mong oa lipalesa. U bona mebala-bala e metle ea lipalesa tse nkhang hamonate le boqapi bo rarahaneng hakaakang, metsoako ea makhasi a manyenyane le a maholo le likarolo tse ling tse etsang palesa. Na u ka bona bopaki bo khutsitseng empa bo le matla ba hore Moqapi e Moholo oa bohlale le khopolo tse ke keng tsa lekanngoa o entse mosebetsi oa hae o tsoileng matsoho? Mahlo a rōna ha a khotsofalle botle ba tsona feela empa le linko tsa rōna li nkha monko oa tsona o monate o moeeng oo re o hemang.
Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore “tse sa bonoeng tsa [Jehova Molimo], e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona.” (Ba-Roma 1:20) Leha ho le joalo, Molimo o bōpile ho fetang lipalesa ho khabisa lefatše; o entse lihlahla le lifate tse se nang palo, tseo kaofela ha tsona li bōpang karolo ea bohlokoa empa e le e ntle, e tala ka ’mala. Haeba u ka etela Moru oa Sechaba oa Humboldt California, U.S.A., u ne u tla fumana sefate se sefubelu se seholohali seo ho lumeloang hore ke sona se selelelehali lefatšeng. Haeba u ka ema pel’a sona ’me ua talima bolelele ba sona bo fetang limithara tse 110, na u ne u ke ke ua rorisa Ea tsebileng ho etsa sefate se joalo u khutsitse?
Bohlale ba Tlhaho ba Liphoofolo
Lefatšeng le leoatleng ho na le liphoofolo, tse nyenyane le tse khōlō, tse re khahlang ka bohlale ba Molimo. Ka ho totobetseng e ’ngoe le e ’ngoe e sebeletsa morero o mong oa ’Mōpi. Morena ea bohlale Salomone o ile a eletsa: “Hela sekhoba! e-ea ho bohloa, u qamake mekhoa ea bona, u tle u hlalefe.” (Liproverbia 6:6) Ba kileng ba hlokomela bohloa ba hlolloa ke matla a bona a ho hlophisa. Bohloa ha bo itšehle thajana; bo phela hammoho. Bo bong boa lema ’me bo kotula lipeō. Libakeng tse chesang u bona mofuta o itseng oa bohloa bo tšoarehile ho kha likotoana tsa makhasi bo li isa seolong sa bona. Bo tseba ho etsa see joang? Agure, e mong oa bangoli ba buka ea Liproverbia, o arabela ka hore bohloa bo “bohlale ba tlhaho.” Ke mang ea bo entseng joalo? Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše.—Liproverbia 30:24, 25, NW.
E, liphoofolo li na le bohlale ba tlhaho. Bo bonahala haholo ha linonyana li falla. E ka ’na eaba u utloile ka ho falla ha mafokotsane a Capistrano. Ka nako e itseng selemo se seng le se seng, a fofa likete tsa lik’hilomithara ho tloha libakeng tsa oona tseo a balehelang maria ho tsona Amerika Boroa ho ea seqhobong San Juan Capistrano, California, U.S.A. Ka tlhaho ’me a sa etse phoso a khutlela sebakeng se tšoanang ka nako e tšoanang ka la 19 Tlhakubele.
Ha e le ka maoatle, mopesaleme o re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao. Leoatleng le leholo leo, le phatlaletseng, ho tletse lihlapi tse sa baloeng.” (Pesaleme ea 104:24, 25) Ho tloha litlhatsoaneng tse nyenyane ho ea maruaruoeng a maholo, bohlale ba bomolimo bo bonoa pōpehong ea tsona le ho sebetseng ha tsona.
Pōpo ea Molimo e ka sehloohong lefatšeng e ne e le motho ka boeena. Mona e ne e le sebopuoa se sa kang sa itšoara ka bohlale bo bōpeletsoeng le sona kapa ba tlhaho. O ne a e-na le matla a ho tšoana le Molimo ka litsela tse ngata. Ke ’nete hakaakang hore o ‘entsoe ka mokhoa o makatsang’ ka tsela e hlollang! Esita le haeba ha re litsebi tsa bohlale ba bongaka, re ka bala lintho tseo li li fumaneng le ho fihla sephethong se tšoanang le sa mongoli ea bululetsoeng. Mesebetsi ea ’Mōpi e bonahalang ’meleng oa motho ea babatseha.—Pesaleme ea 139:13, 14.
Bohlale ba Jehova ba Leholimo
Pesaleme ea 19:1 e bolela hore maholimo a bolela khanya ea Molimo. Ke ’nete hakaakang! Mopesaleme Davida o ne a se na li-bonela-hōle kapa likofuto tsa motlakase, empa o ne a e-na le kananelo e nang le tlhompho bakeng sa seo a neng a ka se bona. Kajeno, motho feela o tseba haholoanyane ho feta Davida ka letsatsi le mafatše a le potolohang le ka sehlopha sa rōna se seholo sa linaleli, Molala. O boetse oa tseba hore ho na le lihlopha tse ling tse khōlō tsa linaleli sepaka-pakeng se se nang bokhutlo. U ikutloa joang ha u nahana ka bohlale ba Moqapi e moholo le eo ho seng ea lekanang le eena? Na ka lentsoe le nang le tlhompho u ka re: ‘Jehova, ke uena “ea etsang lintho tse kholo, tse sa fihleloeng, lintho tse makatsang, tse sa baloeng”’? U lokela ho bua joalo.—Jobo 9:10, NW.
Nakong e fetileng e sa baloeng eo ho sa buuoang ka eona Jehova o ’nile a tsoela pele ka liketso tsa hae tsa pōpo, a qala ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong feela, joale ea e-ba libōpuoa tsohle tsa hae tsa moea. Tsona li ile tsa lateloa ke bokahohle ba sebele. Tsohle li ne li khanya li bile li laolehile. Bara ba Molimo ba mangeloi ba hlile ba hoa kananelo ba opa liatla ha ho theoa lefatše! (Jobo 38:4-7) Ho ile ha bōptjoa monna le mosali ’me ba beoa tšimong e phethahetseng, empa joale ha etsahala ntho e tšosang. Lentsoe le tsoang moo ho sa bonahaleng, le bua ka noha, la etselletsa ’Mōpi e Moholo. La qosa ka hore Jehova o ne a sebelisa borena ba hae hampe; la bitsa Molimo raleshano. Kahoo, mong’a lentsoe leo a fumana mabitso a nyonyehang a mo khethollang, joaloka Diabolose, Noha, le Satane. Joale Ea Bohlale Bohle o ne A tla etsa joang? O ne a ka etsa eng? Ho ne ho tla hlokahala tšobotsi e ncha ea bohlale e neng e tla feta hōle boqapi bo neng bo se bo ntse bo feta khanya ea Salomone.—Genese 3:1-5.
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Ho tloha litlhatsoaneng ho ea marua-ruoeng a maholo, bohlale ba bomolimo bo bonoa pōpehong ea tsona le tseleng eo li sebetsang ka eona