‘Ho Lopolla Nako’ Italy
MOAPOSTOLA Pauluse ka makhetlo a mabeli o ile a phehella Bakreste ’moho le eena ha a le Rome, Italy, hore: “Lopollang linako.” (Ba-Efese 5:15, 16; Ba-Kolosse 4:5) Babali ba hae lekholong la pele la lilemo ba ile ba arabela hantle. Ba ne ba sheba menyetla ea ho jala “litaba tse molemo” le ho thusa ba bang hore e be barapeli ba Molimo oa ’nete.—Mattheu 24:14.
Bahlanka ba kajeno ba Jehova Italy, moo Pauluse a ngoletseng mangolo ao, ba ntse ba arabela hantle keletsong ea hae. Joaloka Bakreste ba pele, ba sheba litsela tsa ho eketsa karolo ea bona mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ba fumana ‘nako [monyetla]’ joang?
Melemo ea Boitsebahatso
Giuseppe, mosebeletsi ea hōlileng oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova Rome, o hopola nako eo a neng a sebetsa mosebetsi oa boipheliso. O ne a entse bonnete ba hore bo-mphato oa hae kaofela ba tseba hore e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Boitsebahatso bona bo ile ba isa ‘monyetleng’ oa ho arolelana linnete tsa Bibele. Ka letsatsi le leng o ile a abeloa ho koetlisa monna e mong ea bitsoang Gianni. Hang feela basebetsi ba bang ba bolella Gianni hore tichere ea hae ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Hang ha mosebetsi eo a e-na le Giuseppe feela, a bolella Giuseppe: “Hona joale re bua ka mosebetsi oa rōna, empa nakong ea lijo tsa motšehare ke batla ho ithuta ho hong ka Jehova.”
Linakong tsa lijo tsa motšehare ba ba le lipuisano tse ’maloa. Giuseppe o ile a ruta Gianni hore Molimo o na le lebitso, Jehova. A boetse a hlalosa morero oa Molimo ka lefatše. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala eng ha nako ea koetliso e fela? Giuseppe o re: “Ke ile ka mo fa nomoro ea ka ea mohala le libuka tse ling tse itseng tsa Bibele. O ile a amohela libuka empa a re: ‘Haeba ke fumana ho hong libukeng tsena ho sa lumellaneng le ’nete ea Bibele, ke tla khutlela mona ’me ke pake ka pel’a bo-mphato oa hao kaofela hore u fositse.’”
Likhoeli tsa feta. Ha ho lentsoe le tsoang ho Gianni. Giuseppe o tsoela pele, “Empa joale, ka letsatsi le leng o ile a ntetsetsa ’me a re o batla ho mpona. Ra kopana, ’me o ne a e-na le lethathamo la lipotso. Re ile ra bua ka lihora tse leshome! O ile a amohela mpho ea ka ea ho ithuta Bibele kamehla.” Phello e bile efe? Giuseppe o re: “Liphetoho tse ntle tseo a ileng a li etsa li ile tsa khahla mosali oa hae le ’mè oa hae hoo le bona, ba ileng ba qala ho bontša thahasello thutong ea Bibele. Kajeno Gianni, mosali oa hae, le ’mè oa hae kaofela ke bahlanka ba tšepahalang ba Jehova.”
O ile a Qobelloa ho Chesa Bibele ea Hae
Boitšoaro bo botle ba Bokreste le bona bo isa ‘menyetleng’ ea ho arolelana linnete tsa Bibele le ba bang. Joalokaha moapostola Pauluse a bolela, boitšoaro bo botle bo ka etsa “hore thuto ea Molimo, Mopholosi oa rōna, e khahlehe linthong tsohle.”—Tite 2:10, TLP.
Pietro, eo hona joale e leng Paki e batlang e le lilemo li 30, o ile a hohelloa ‘thutong’ e joalo ke boitšoaro ba Bokreste ba eo a neng a le sehlopheng se le seng le eena sekolong. Pietro o sa hopola, “Ke ne ke le sehlopheng sa bohlano, empa ke sa ntse ke hopola boitšoaro ba moshemane eo. E ne e le eena feela ea neng a hana ho sala ka phaposing nakong ea thuto ea bolumeli.”
Ka letsatsi le leng Pietro a botsa moshemane eo hore na ke hobane’ng ha a e-tsoa kamehla. Moshemane eo o ile a hlalosa hore o behelletsoe ka thōko hobane e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Thahasello ea Pietro ea tsosoa. A kōpa moshemane eo hore a mo tlele le Bibele. Hoba a bale likarolo tse ling tsa Bibele, Pietro o re, “Ke ile ka utloisisa hore e tšetse ’nete. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke batla ho e latela ho tloha ka nako eo. Ke ne ke e-ea ka Bibele sekolong ’me ka bolella e mong le e mong hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke le lilemo li leshome feela.”
Likhathatso tsa qala. Pietro o tsoela pele: “Moprista ea neng a tsamaisa lihlopha tsa bolumeli sekolong a bolella batsoali ba ka hore ke ne ke sebelisa Bibele sekolong, ’me a ba eletsa hore ba e tabole. Ha ke fihla hae, ’mè a leka ho phamola Bibele ea ka, empa ka e tiisa ka thata kamoo nka khonang. Joale ’mè a qala ho nchapa ’me a e tabola matsohong a ka. Kamorao ho moo a nqobella hore ke chese Bibele ea ka.” Pietro a lahleheloa ke Bibele ea hae empa e seng tumelo ea hae. O ile a nahana: ‘Hang feela ha ke hōla, ke tla reka Bibele e ncha e be ke ea ho ba bang ho ea arolelana molaetsa oa eona le bona.’
Ha feta lilemo tse peli. Joale Pietro a tseba hore ho khannoa thuto ea Bibele lapeng labo e mong oa metsoalle ea hae. A ea thutong eo ka lekunutu. Pietro o re: “Ka letsatsi le leng ka bolella batsoali ba ka hore, ‘ke entse qeto ea ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Lekhetlong lena ha ho letho le tlang ho fetola maikutlo a ka!’” Ha ba bona boikemisetso ba mora oa bona ea lilemo li 12, lekhetlong lena batsoali ba tela. Pietro a qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso hang-hang. Lilemo tse ’nè hamorao o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kajeno, lilemo tse 18 kamor’a hore a ithute ’nete ka lekhetlo la pele ho tsoa Bibeleng ka lebaka la boitšoaro bo tšepahalang ba eo a neng a kena sekolo le eena, Pietro o “lopolla linako” ka ho sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng Italy.
O Cheseha a le Lilemo li 70
Mafalda, mosali oa Mokreste oa Livorno, ke e mong oa bo-pula-maliboho kapa basebeletsi ba nako e tletseng ba chesehang ba fetang 22 000, Italy. O qalile ho sebetsa e le pula-maliboho a le lilemo li 56. Oa hlalosa: “Mosebetsi oa bopula-maliboho o hloka hore bonyane lihora tse 1 000 ka selemo li neheloe mosebetsing oa ho bolela. Empa kaha ona ke molaetsa oa bohlokoa ke qeta lihora tse 2 000 selemo le selemo ke le mosebetsi oa pula-maliboho.” Kajeno Mafalda o lilemo li 70. O rerile ho etsa eng? O re: “Har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, ho ne ho e-na le basali ba malapa ba sebetsang ka thata ba neng ba kopanela tšebeletsong ena. Joaloka bona, ke batla ho tsoela pele ke tsebahatsa ’Muso oa Molimo. Hoo ke pakane bophelong ba ka.”
Ruri, ho tsoa litlhorong tsa lithaba tsa Alps tse roetseng tlokola ea lehloa ka leboea ho sehleke-hleke sa Mediterranean sa Sicily ka boroa, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno Italy li bontša cheseho ea bao ba tšoanang le bona ba lekholong la pele la lilemo. Letsatsi le leng le le leng la selemo, ka karolelano, ba qeta lihora tse fetang 100 000 mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Liphello? Selemong se fetileng feela, ho ile ha kolobetsoa batho ba ka bang 12 000 ’me ba khetheloa ho ba basebeletsi ba Jehova. Hona joale, hammoho le lipaki tse ling tsa Jehova tse 131 000, ba “lopolla linako” Italy.