Thapelo Thabeng ea Hiei—Na e ne e Bula Khoro Bakeng sa Khotso ea Lefatše?
NA THAPELO e tla tlisa khotso ea lefatše? Gijun Sugitani, mohlophisi oa seboka sa lithapelo se neng se tšoaretsoe Japane ka Phato 1987, o ile a re: “Khotso ha e na ho tla ka ho rapela feela. Ha ho bonolo hakaalo. Empa le teng ha ke lumele hore khotso e tla finyelloa ntle le thapelo.” Pono ea hae e ne e tšoana le eo Majapane a 500 a neng a e-na le eona le baemeli ba 24 ba tsoang mose ho maoatle ba neng ba tlile Sebokeng sa Bolumeli sa ba Boholong se neng se tšoaretsoe Kyoto, Japane.
Sehlotšoana sa bokhelohi sa Mabuddha sa Tendai se ile sa buella seboka sena sa lithapelo e le se latelang se neng se tšoaretsoe Assisi (Italy) ka 1986 ’me se ne se lokiselitsoe hore se thulane le boikhopotso ba bo1 200 ea ho buloa ha Tempele ea Enryakuji Thabeng ea Hiei. Batho ba nang le semelo sa Bobuddha, ba ipitsang Bakreste, balateli ba Confucius, Mahindu, Maislamo, Bajode, Masikhe, le Mashinto ba ile ba sielana sebaka ka ho etsa lithapelo thabeng eo. Na seboka seo se ne se hlile se bula khoro bakeng sa khotso ea lefatše?
Seboka sa “Tlhophiso ea Lipalesa”
Etai Yamada, moprista e moholo oa sehlotšoana sa bokhelohi sa Tendai e bile e le molula-setulo ea ithaopileng, o itse: “Seboka sa ba boholong ke tlhophiso ea lipalesa ea bolumeli. Ha ho palesa e lahleheloang ke sebopeho sa eona le monko oa eona.” O ne a bolela hore hafeela malumeli a kopane takatsong ea ’ona ea khotso ea lefatše, bolumeli bo bong le bo bong bo ka boloka litumelo tsa bona tse loantšanang le tsa a mang, joaloka lipalesa ka bonngoe tse leng tlhophisong e le ’ngoe.
Har’a “lipalesa” tse hlahelletseng tse neng li le teng sebokeng e ’ngoe e ne e le Kereke e K’hatholike, e neng e emetsoe ke Francis Cardinal Arinze oa Ofisi ea Bongoli ba Vatican bakeng sa Bao e seng Bakreste. Arinze o ile a bala molaetsa oa mopapa, o neng o bolela hore “khotso e ke ke ea finyelloa ntle le thapelo ’me le hoja lenane le fokolang la batho le ka ’na la qala lintoa, khotso e hloka tšebelisano-’moho le bonngoe tsa e mong le e mong.”—Mainichi Daily News, la 5 Phato, 1987, leqephe 12.
Haeba tšepo bakeng sa khotso ea lefatše “e hloka tšebelisano-’moho le bonngoe tsa e mong le e mong,” Molimo oo ba o rapelang o matla hakae? Baemeli bao ba ile ba rapella khotso, empa ba lumela hore boiteko ba motho bo tla e tlisa. Joaloka tlhophiso e khabisitseng ea lipalesa, seboka sa bona sa lithapelo e ne e tla ba ponahatso e ntle ea boiteko ba bona.
Ho hotle ho talima tlhophiso ea lipalesa, empa hang ha mokete o khethehileng o fetile, lipalesa tse se nang metso lia pona ’me botle ba tsona boa fela. Botle ba palesa ka ’ngoe le ho boheha ha tlhophiso li lahleha ka potlako. Hape lipalesa ha lia rereloa ho bea litholoana. Na seboka see sa ba boholong le sona se ile sa fella joaloka “tlhophiso ea lipalesa” se sa behe litholoana?
Baeta-pele ba bolumeli ka bobona ba neng ba le teng ba ne ba sa khotsofalla liphello. Asahi Evening News ea tlaleha, “Ba ka be ba ile ba rata ho toba taba haholoanyane ka mehato eo malumeli a lokelang ho e nka kamoso empa ba ile ba re ho ne ho se na nako e lekaneng bakeng sa lipuisano tse joalo.” Leha ho le joalo, phello e joalo e ne e lebelletsoe. Takaaki Kobayashi, e mong oa bahlophisi ba seboka sa ba boholong, o itse: “Sepheo sa rōna, ke ho utloa litlhahiso tsa bolumeli bo bong le bo bong mabapi le tsela e molemohali ea ho finyella khotso. Molao o re tataisang ke oa hore e mong le e mong ea teng o tlameha ho mamela maikutlo a ba bang ntle le ho hlahisa lintlha kapa ho arabela kapa ho phea khang.” Boiteko ba bona sebokeng sa lithapelo bo ne bo lekanyelitsoe ho mameleng ba bang, e seng ho nka bohato. Ka baka leo, seboka seo “se ile sa hlōleha ho etsa kemiso e hlakileng bakeng sa ho finyella lipheo tsa seboka sa ba boholong.”
Na Se ne Se Etselitsoe Bakreste ba ’Nete?
Batho ba loanelang ho latela Jesu Kreste ba ka ’na ba ipotsa: ‘Na Mokreste o lokela ho kopanela sebokeng se joalo sa lithapelo?’ ’Nete ea hore se ne se tšoaretsoe Thabeng ea Hiei, thaba e halalelang ea sehlotšoana sa bokhelohi sa Mabuddha, e etsa hore motho a nahane ka ho teba. Na u ka nahana ka Jesu Kreste a hloella thabeng e halalelang ea Mabuddha ho ea rapella khotso?
Moapostola Pauluse o ile a lemosa balateli ba Jesu Kreste: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.”—2 Ba-Korinthe 6:14-17.
Na ho etsa lithapelo sebokeng se kopanetsoeng ke batho ba litumelo tse ngata thabeng e halalelang ea Mabuddha ho ne ho ke ke ha tšoana leha Mokreste a ‘sikara joko e le ’ngoe le ba sa lumelang’? Joale, na hoo ho bolela hore Bakreste ba ’nete ba lokela ho iphapanyetsa ho rapella khotso? Le hanyenyane!
Thapelo ea Khotso
Boprofeteng ba hae bo mabapi le ‘mehla ea bofelo,’ moprofeta Esaia o ile a bua ka ba bangata ba neng ba tla re: “Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,” e seng Thabeng ea Hiei ea Mabuddha. ‘Thaba ea Jehova’ e tšoantšetsa borapeli ba ’nete ba Molimo oa Bibele. ‘Ho nyolohela’ thabeng eo ho fella ka eng? Esaia o itse, Jehova ‘a tle a re rute mekhoa ea hae, re tsamaee litseleng tsa hae.’ Moprofeta o ile a eketsa ka hore, “Jehova o tla ahlōlela lichaba.” Ka baka leo, ho ne ho tla ba le khotso ea lefatše, hobane Esaia o boletse esale pele hore barapeli ba ’nete “ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:2-4.
Boemo bona bo se bo ntse bo atile har’a Lipaki tsa Jehova, ’me haufinyane bo tla akarelletsa lefatše lohle. Empa joang? Jehova Molimo, e seng batho, o tla tlisa khotso e sa feleng ka ’Muso oa hae. O tla fiela batho bohle ba senyang khotso lefatšeng ’me a tlise lefatše la paradeisi. (Tšenolo 11:15, 18) Ho fapana le lipolelo tse entsoeng sebokeng sa bolumeli sa ba boholong tse neng li tšoana le “tlhophiso ea lipalesa” e khahlehang e mpa e se na litholoana, le kamohla mantsoe a Jehova a ke ke a khutlela ho eena ntle le litholoana.—Esaia 55:11.
Ka hona, ke hobane’ng ha re lokela ho rapella khotso haeba Molimo o tla e tlisa ntle le boiteko ba batho? Ka ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle, re bolela takatso ea rōna bakeng sa khotso hape re bontša tumelo ea rōna tseleng ea Molimo ea ho e tlisa lefatšeng. (Mattheu 6:9, 10) Hore na re tla bona khotso e entsoeng ke Molimo kapa che ho itšetlehile ka ho ba ha rōna “ba itšepetseng Jehova.” Kahoo tloo “thabeng ea Jehova” ’me u kopanele thapelong ea khotso ea ’nete eo a e tšepisitseng!—Pesaleme ea 37:9, 11.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Tlhophiso ea lipalesa ea boheha, empa ha ea rereloa ho bea litholoana
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Thaba ea Hiei, thaba e halalelang ea sehlotšoana sa bokhelohi sa Mabuddha sa Tendai, moo seboka sa lithapelo se neng se tšoaretsoe teng